KGAOLO YA 47
Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?
O se o ithutile dintho tse ngata ka Jehova ha o ntse o ithuta Bibele. Mohlomong ho na le diphetoho tseo o di entseng ho latela seo o ithutileng sona. Empa e ka nna yaba ho na le ntho e o sitisang hore o inehele ho Jehova le hore o kolobetswe. Kgaolong ena re tlo bua ka dintho tseo hangata di sitisang batho ho kolobetswa le hore na o ka di hlola jwang.
1. O tlameha o tsebe Bibele hakae pele o kolobetswa?
E le hore o kolobetswe, o lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ya nnete.’ (1 Timothea 2:4) Sena ha se bolele hore pele o kolobetswa o lokela hore o tsebe karabo ya potso e nngwe le e nngwe eo batho ba ka o botsang yona ka Bibele. Le Bakreste ba seng ba na le nako e telele ba kolobeditswe ba tswela pele ho ithuta. (Bakolose 1:9, 10) Empa o lokela hore o utlwisise dithuto tsa motheo tsa Bibele. Baholo ba phutheho ba tla o thusa ho bona hore na o na le tsebo e lekaneng.
2. Ke dintho dife tseo o lokelang ho di etsa pele o kolobetswa?
Pele o kolobetswa, o lokela ho ‘baka mme o sokolohe.’ (Bala Liketso 3:19.) Taba ena e bolela hore o lokela ho ikwahlaela dibe tsohle tseo o di entseng nakong e fetileng mme o kope Jehova hore a o tshwarele. Hape o ikemisetse ho phela ka tsela e thabisang Modimo le ho qoba dintho tseo a reng di fosahetse. O boetse o lokela ho ya dibokeng le ho ruta batho Bibele o na le phutheho.
3. Ke hobaneng ha o sa lokela ho tshaba ho kolobetswa?
Batho ba bang ba tshaba hore ba ke ke ba kgona ho etsa dintho tseo ba di tshepisitseng Jehova. Ke nnete hore ka dinako tse ding o tla etsa diphoso jwalo ka ha banna le basadi ba tshepahalang bao ho builweng ka bona ka Bibeleng le bona ba ile ba di etsa. Empa Jehova ha a a lebella hore barapedi ba hae ba se ke ba etsa diphoso. (Bala Pesaleme ya 103:13, 14.) O a thaba ha o etsa sohle seo o ka se kgonang. O tla o thusa. Ha e le hantle Jehova o a re kgodisa hore ha ho na letho le tla re “arohanya le lerato la [hae].”—Bala Baroma 8:38, 39.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute hore na ke jwang ho ithuta haholwanyane ka Jehova le ho amohela thuso ya hae ho ka o thusang hore o hlole ntho le ha e le efe e ka o sitisang hore o kolobetswe.
4. Ithute ka Jehova haholwanyane
O hloka ho tseba Jehova hantle hakae pele o kolobetswa? O hloka ho mo tseba hantle hoo o ikutlwang o mo rata ebile o batla ho mo thabisa. Bapala VIDEO e le hore o bone hore na batho ba ithutang Bibele lefatsheng ka bophara ba kgonne ho etsa seo jwang. Ka mora moo buisanang ka potso e latelang.
Batho ba hlahang videong ee ba thusitswe keng e le hore ba itokisetse ho kolobetswa?
Bala Baroma 12:2 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Na ho na le dithuto tsa Bibele tseo o di belaellang kapa na o na le ho ipotsa hore na ehlile Dipaki Tsa Jehova di ruta nnete?
Haeba ho jwalo, o lokela ho etsang?
5. O ka etsang hore o hlole dintho tse ka o sitisang hore o kolobetswe?
Kaofela ha rona re kopana le mathata ha re etsa qeto ya ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa. E le hore o bone mohlala wa sena, bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.
Videong ee, Narangerel o ile a lokela ho hlola ditshitiso dife e le hore a sebeletse Jehova?
Ho rata Jehova ho ile ha mo thusa jwang hore a hlole ditshitiso tseo?
Bala Liproverbia 29:25 le 2 Timothea 1:7 ebe le buisana ka potso ena:
Keng e re fang sebete sa hore re hlole ditshitiso?
6. Tshepa hore Jehova o tla o thusa
Jehova o tla o thusa hore o etse dintho tse mo thabisang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.
Ntate ya videong ee o ne a sitiswa keng ho kolobetswa?
Keng eo a ileng a ithuta yona e mo thusitseng hore a tshepe Jehova le ho feta?
Bala Esaia 41:10, 13 ebe le buisana ka potso ena:
Keng e o kgodisang hore o ka kgona ho phetha tshepiso eo o e entseng ha o inehela?
7. Bontsha hore o ananela lerato leo Jehova a o ratang ka lona
Ha o ntse o nahana ka moo Jehova a o ratang ka teng, o tla mo ananela le ho feta o be o batle ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Bala Pesaleme ya 40:5 ebe le buisana ka potso ena:
Ke ditlhohonolofatso dife tseo Jehova a o fileng tsona tseo o di ananelang haholo?
Moprofeta Jeremia o ne a rata Jehova le lentswe la hae a bile a ananela monyetla oo a neng a na le wona wa ho bua ka lebitso la Jehova. O ile a re: “Lentswe la hao ho nna e ba thabo e kgaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ya ka, etswe ke nnile ka bitswa ka lebitso la hao, Jehova Modimo.” (Jeremia 15:16) Araba dipotso tsena:
Ke hobaneng ha motho a ka ba motlotlo ho ba Paki ya Jehova?
Na o batla ho kolobetswa e le hore o be Paki ya Jehova?
Na ho na le ntho e o thibelang hore o kolobetswe?
O nahana hore o lokela ho etsang e le hore o qetelle o kolobeditswe?
BATHO BA BANG BA RE: “Ke tshaba hore ka mora ho kolobetswa nke ke ka kgona ho etsa dintho tsohle tseo ke tshepisitseng hore ke tla di etsa.”
Na le wena o ikutlwa jwalo?
KAKARETSO
Jehova a ka o thusa hore o hlole ntho le ha e le efe e o sitisang hore o kolobetswe.
Re Ithutileng?
O lokela ho tseba Bibele hakae e le hore o tle o kolobetswe?
Ke diphetoho dife tseo o ka nnang wa lokela ho di etsa pele o kolobetswa?
Ke hobaneng ha o sa lokela ho tshaba ho kolobetswa?
BATLA
Ithute hore na keng e lokelang ho o susumelletsa hore o kolobetswe.
“Na o se o Itokiseditse ho Kolobetswa?” (Tora ya ho Lebela, March 2020)
Ithute hore na ke jwang o ka hlolang mathata a itseng a ka o sitisang hore o kolobetswe.
“Ke Eng se Nthibelang ho Kolobetswa?” (Tora ya ho Lebela, March 2019)
Ithute hore na keng e thusitseng ntate e mong hore a hlole mathata a boima e le hore a ka kolobetswa.
Ntate ya bitswang Ataa o ile nka nako e telele pele a kolobetswa. Hlokomela hore na keng e ileng ya mo thusa hore a qetelle a kolobeditswe.