LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Kgaolo ya 26. Batswadi ba dutse pela ngwana wa bona betheng ya sepetlele mme ba tshwenyehile ka yena hobane o hlahetswe ke ntho e kotsi.

      KGAOLO YA 26

      Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?

      Hangata ha re hlahelwa ke dintho tse bohloko re a ipotsa hore na ke hobaneng ha di re hlahela. Re a thaba hore ebe Bibele e araba potso ena.

      1. Satane o entseng e le hore ho be le dintho tse mpe lefatsheng?

      Satane Diabolose o ile a fetohela Modimo. Satane o ne a batla ho busa batho, ka hoo o ile a etsa hore batho ba pele e leng Adama le Eva le bona ba fetohele Modimo. O ile etsa sena ka hore a thetse Eva. (Genese 3:1-5) Satane o ile a etsa hore Eva a nahane hore ho na le ntho e molemo eo Jehova a sa batleng ho mo fa yona le hore batho ba ne ba tla thaba haeba ba sa mamele Modimo. Satane ke yena motho wa pele ya ileng a bua leshano ha a ne a re Eva o ne a ke ke a shwa. Ke ka hoo Bibele e reng Satane “o leshano mme ke ntate wa leshano.”​—Johanne 8:44.

      2. Adama le Eva ba ile ba kgetha ho etsang?

      Jehova o ne a file Adama le Eva ntho e nngwe le e nngwe. O ile a re ba ka ja ditholwana tsa difate tsohle tse neng di le serapeng sa Edene ntle le ditholwana tsa sefate se le seng. (Genese 2:15-17) Empa ba ile ba kgetha ho ja ditholwana tsa sefate sona seo. Eva o ile “a qala ho kga tholwana mme a e ja.” Ha morao Adama le yena “a qala ho e ja.” (Genese 3:6) Ka bobedi ha ba a ka ba mamela Modimo. Ka ha Adama le Eva ba ne ba se na sebe, ho ne ho se thata hore ba etse se nepahetseng. Empa ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo, ba etsa sebe mme ba bontsha hore ha ba batle ho buswa ke Modimo. Qeto eo ba ileng ba e etsa e ile ya ba bakela mathata a mangata.​—Genese 3:16-19.

      3. Qeto ya Adama le Eva e re baketse mathata afe?

      Ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe, e ile ya ba baetsadibe mme bana bohle ba bona ba hlaha e le baetsadibe. Ha Bibele e bua ka Adama e re: “Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle.”​—Baroma 5:12.

      Ho na le dintho tse fapaneng tse etsang hore re hlahelwe ke mathata. Ka dinako tse ding re hlahelwa ke mathata ka lebaka la diqeto tse fosahetseng tseo re di etsang. Maemong a mang re hlahelwa ke mathata ka lebaka la diqeto tse fosahetseng tseo batho ba bang ba di etsang. Ka dinako tse ding re hlahelwa ke mathata ho­bane re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.​—Bala Moeklesia 9:11.

      ITHUTE DINTLHA TSE DING

      Hlokomela hore na ke hobaneng ha re re ha se Modimo ya bakang mathata le dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng le hore na o ikutlwa jwang ha re hlahelwa ke mathata.

      4. Ke mang ya re bakelang mathata?

      Batho ba bangata ba nahana hore ke Modimo ya busang lefatshe lohle. Empa na seo ke nnete? Bapala VIDEO.

      VIDEO: Ke Mang ya Busang Lefatshe? (1:24)

      Bala Jakobo 1:13 le 1 Johanne 5:19 ebe le bui­sana ka potso ena:

      • Na Modimo ke yena ya re bakelang mathata le dintho tse bohloko?

      5. Ke mathata afe a bakilweng ke puso ya Satane?

      Bapala VIDEO.

      VIDEO: Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?​—Karolwana (3:07)

      Bala Genese 3:1-6 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

      • Satane o buile leshano lefe? (Sheba temana ya 4 le 5.)

      • Ke jwang Satane a ileng a etsa hore batho ba nahane hore ho na le ntho e molemo eo Jehova a sa batleng ho ba fa yona?

      • Ho latela seo Satane a se buileng, na batho ba hloka hore Jehova a ba buse e le hore ba thabe?

      Bala Moeklesia 8:9 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ka ha ha se Jehova ya busang lefatshe, ho etsahalang lefatsheng hona jwale?

      Ditshwantsho: Ditshwantsho tse bontshang boemo ba lefatshe ho tloha ha le etswa ho fihlela Paradeiseng e tlang. A. Lefatsheng paradeiseng ho na le dimela tse ntle. B. Mebuso ya batho ho tloha dilemong tse makgolo tse fetileng e tlatsa bodumedi ba bohata lefatsheng, e baka karohano, dintwa le dintho tse senyang lefatshe. Mebuso e meng e matla e bontshitsweng ke Egepeta, China, Greece, Roma, Great Britain le United States. C. Batho ba dulang lefatsheng le seng le lokisitswe hore ebe Paradeise.
      1. Adama le Eva ba ne ba phethahetse mme ba dula Paradeiseng. Empa ba ile ba mamela Satane eseng Jehova

      2. Ka mora hore ba fetohele Modimo, ho ile ha ba le sebe, mathata le lefu lefatsheng

      3. Jehova o tla fedisa sebe, mathata le lefu. Batho ba tla boela ba phethahale mme ba phele Paradeiseng

      6. Jehova o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata

      Modimo o ikutlwa jwang ha re hlahelwa ke mathata? Hlokomela hore na Morena Davida le moapostola Petrose ba ile ba reng ka sena. Bala Pesaleme ya 31:7 le 1 Petrose 5:7 ebe le buisana ka potso ena:

      • Taba ya hore Jehova o a bona ha re hlahelwa ke mathata ebile o re utlwela bohloko, e etsa hore o ikutlwe jwang?

      7. Modimo o tla fedisa mathata ohle a hlahelang batho

      Bala Esaia 65:17 le Tšenolo 21:3, 4 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobaneng ha e le ntho e kgothatsang ho tseba hore Jehova o tlo fedisa dintho tse bohloko tse hlahelang batho?

      Na o ne o tseba?

      Ha Satane a ne a bua leshano la pele, o ile a senya Jehova lebitso. O ile a etsa hore batho ba nahane hore Jehova ha a buse hantle ebile ha a na lerato. Haufinyane ha Jehova a fedisa mathata a hlahelang batho, o tla halaletsa lebitso la hae. Ka mantswe a mang, o tla bontsha hore ke yena ya lokelang ho busa batho. Ho halaletswa ha lebitso la Jehova ke yona ntho ya bo hlokwa ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng.​—Matheu 6:9, 10.

      BATHO BA BANG BA RE: “Modimo o re leka ka mathata a re hlahelang.”

      • Wena o nahana jwang?

      KAKARETSO

      Satane Diabolose, Adama le Eva ke bona ba entseng hore ebe re na le mathata a mangata hakana. Jehova o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata mme haufinyane o tlo a fedisa.

      Re Ithutileng?

      • Satane o ile a reng ha a thetsa Eva?

      • Ho se mamele ha Adama le Eva ho re baketse mathata afe?

      • Re tseba jwang hore Jehova o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata?

      Seo o ka se Etsang

      BATLA

      Ithute hore na Bibele e re sebe ke eng.

      “Sebe ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

      Bala hore na Satane Diabolose o ile a reng ka Modimo serapeng sa Edene.

      “Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mahlomola?” (Molula-Qhooa, January 1, 2014)

      Fumana dikarabo tsa dipotso tsena.

      Ke Hobaneng ha Bajuda ba ile ba Bolawa ka Sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe? Ke Hobaneng ha Modimo a sa ka a Thibela Seo?” (Sehlooho se websaeteng)

      Shebella video ya ntate ya ileng a hola a bona dintho tse bohloko.

      Ha ke sa le Mong (5:09)

  • Lefu la Jesu le ka re Pholosa Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Ka ha banyalani ba pele e leng Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Modimo,a re baetsadibe, re hlahelwa ke mathata ebile re a shwa. Le ha ho le jwalo re na le tshepo. Jehova o fane ka Mora wa hae e leng Jesu Kreste ho re pholosa sebeng le lefung. Bibele e ruta hore Jesu o ile a fana ka thekollo ha a ne a shwa. Thekollo kapa topollo ke tjhelete kapa ntho e patalwang e le hore ho lokollwe motho e mong. Jesu o ile a re lopolla ka hore a fane ka bophelo ba hae. (Bala Matheu 20:28.) Ha Jesu a ne a tela monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng, o ile a re bulela monyetla wa hore re fumane dintho tsohle tseo Adama le Eva ba neng ba di lahlile. Hape Jesu o ile a bontsha hore yena le Jehova ba re rata haholo. Kgaolo ena e tla o thusa ho ananela lefu la Jesu.

      1. Lefu la Jesu le re thusa jwang kajeno?

      Ka ha re baetsadibe, re etsa dintho tse ngata tse sa thabiseng Jehova. Empa haeba re swabela dibe tsa rona, re kopa hore Jehova a re tshwarele ka lebitso la Jesu Kreste mme re leka ka hohle hore re se ke ra pheta diphoso tseo, re tla ba metswalle ya Modimo. (1 Johanne 2:1) Bibele e re: “Kreste o ile a shwa hang le ka ho ke keng ha phetwa malebana le dibe, motho ya lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Modimo.”​—1 Petrose 3:18.

      2. Lefu la Jesu le tla re thusa jwang nakong e tlang?

      Jehova o ile a romela Jesu e le hore a tlo fana ka bophelo ba hae bo se nang sebe “e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho [Jesu] a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Re leboha Jesu ka seo a re etseditseng sona hobane haufinyane Jehova o tla fedisa dintho tsohle tse mpe tse bakilweng ke ho se mamele ha Adama. Sena se bolela hore haeba re bontsha tumelo sehlabelong sa Jesu, re tla ba le monyetla wa ho thabela ho phela ka ho sa feleng paradeiseng mona lefatsheng.​—Esaia 65:21-23.

      ITHUTE DINTLHA TSE DING

      Ithute dintlha tse ding ka hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a fana ka bophelo ba hae le hore na seo se o tswela molemo jwang.

      3. Lefu la Jesu le re pholosa sebeng le lefung

      Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

      VIDEO: Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?​—Karolo ya 1 (2:01)

      • Adama o ile a lahlehelwa keng ka lebaka la ho se mamele Modimo?

      Bala Baroma 5:12 ebe le buisana ka potso ena:

      • Sebe seo Adama a se entseng se o baketse mathata afe?

      Bala Johanne 3:16 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobaneng ha Jehova a ile a romela Mora wa hae lefatsheng?

      A. Ditshwantsho: 1. Adama ka mora hore a se ke a mamela Modimo. 2. Batho ba nkileng lekase. Ditshwantsho: A. Adama ka mora hore a se ke a mamela Modimo. B. Jesu Kreste. B. Ditshwantsho: 1. Jesu Kreste. 2. Batho ba dilemo tse fapaneng, merabe, ditso le ba tswang dibakeng tse fapaneng.
      1. Adama e ne le motho ya phethahetseng empa ha a ka mamela Modimo, ka hoo a etsa hore batho ba hlahe ba na le sebe mme ba shwe

      2. Jesu e ne le motho ya phethahetseng mme o ile a mamela Modimo, ka lebaka leo a bulela batho monyetla wa hore ba phethahale le ho phela ka ho sa feleng

      4. Lefu la Jesu le ka thusa batho bohle

      Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

      VIDEO: Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?​—Karolo ya 2 (2:00)

      • Ke jwang lefu la motho a le mong le ka pholosang batho bohle?

      Bala 1 Timothea 2:5, 6 ebe le buisana ka potso ena:

      • Adama o ne a se na sebe empa ka ha o ile a etsa sebe, batho bohle ke baetsadibe ebile ba a shwa. Jesu le yena o ne a se na sebe. Ke jwang a ileng a kgona ho lopolla batho bohle?

      5. Thekollo ke mpho eo Jehova a o fileng yona

      Metswalle ya Jehova e nka thekollo e le mpho eo Jehova a e fileng motho e mong le e mong. Ka mohlala, bala Bagalata 2:20 ebe le buisana ka potso ena:

      • Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o nka thekollo e le mpho eo a e filweng?

      Ka mora hore Adama a etse sebe, yena le bana ba hae ba ne ba lokela ho shwa. Empa Jehova o ile a romela Mora wa hae hore a tlo shwa e le hore o ka ba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.

      Ha o ntse o bala ditemana tse latelang, nahana hore na e tlameha ebe Jehova o ile a ikutlwa jwang ha a bona Mora wa hae a utlwiswa bohloko. Bala Johanne 19:1-7, 16-18 ebe le buisana ka po­tso ena:

      • O ikutlwa jwang ka seo Jehova le Jesu ba o etseditseng sona?

      MOTHO A KA NNA A RE: “Ke jwang motho a le mong a ka shwelang batho bohle?”

      • O ka mo araba jwang?

      KAKARETSO

      Lefu la Jesu le etsa hore Jehova a re tshwarele dibe hape le etsa hore re be le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.

      Re Ithutileng?

      • Ke hobaneng ha Jesu a ile a shwa?

      • Ke jwang bophelo ba Jesu bo se nang sebe e ileng ya ba thekollo?

      • Lefu la Jesu le ka o thusa jwang?

      Seo o ka se Etsang

      BATLA

      Ithute hore na ke hobaneng ha hothwe bophelo ba Jesu ke thekollo.

      “Ke Jwang Sehlabelo sa Jesu e Leng ‘Thekollo Bakeng sa ba Bangata’?” (Sehlooho se websaeteng)

      Ithute hore na re lokela ho etsang e le hore re pholoswe sebeng le lefung.

      “Jesu o Pholosa Batho Jwang?” (Sehlooho se websaeteng)

      Na Jehova a ka o tshwarela le ha o entse sebe se seholo?

      “Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa” (Molula-Qhooa, May 1, 2013)

      Hlokomela ka moo ho ithuta ka sehlabelo sa Kreste ho ileng ha thusa ntate e mong ho fetola botho ba hae.

      “Ha ke sa le Lekgoba la Ntwa” (Sehlooho se websaeteng)

      a Sebe ha se feela ketso ya ho etsa ntho e mpe. Empa hape ke boemo ba boetsadibe boo re bo futsitseng.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share