LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 4 maq. 14-15
  • Teko

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Teko
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Teko keng?
  • Ke hobaneng ha e le bohlale hore o hanele teko e sa tla le mane?
  • O ka itshireletsa jwang kgahlanong le teko?
  • Nka Hlola Diteko Jwang?
    Batjha ba a Botsa
  • Dulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hlolwa ke Diteko
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Seo re ka se Etsang ho Hlola Ditakatso Tse Fosahetseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ntho e ka Lebisang Motho Sebeng le Lefung
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Fadimehang!—2017
g17 No. 4 maq. 14-15
Monna o iphumana a le tekong ya ho batla koloi, sikarete, dijo, mosadi, le tjhelete

SEO BIBELE E SE BUANG

Teko

Manyalo a senyehang, ho kula le bohloko ba ho ba le letswalo le molato, e ka ba tse ding tsa ditlamorao tsa ho inehella tekong. Empa re ka balehela leraba lee jwang?

Teko keng?

O ba tekong haeba o utlwa o batla ntho e itseng, haholoholo haeba e le ntho e fosahetseng. Ka mohlala, a re re mohlomong o shopong mme o bona ntho e o kgahlang. Ka kelellong ya hao ho tla monahano wa hore, o ka utswa ntho ena mme wa se ke wa tshwarwa. Le ha ho le jwalo, letswalo la hao le a o kgalemela! Kahoo, o a le mamela ebe o tlohela monahano oo. Ka tsela eo, o hlotse teko.

SEO BIBELE E SE BUANG

Haeba o kopana le teko, seo ha se bolele hore o motho ya mobe. Hobane Bibele e bontsha hore kaofela re kopana le diteko. (1 Bakorinthe 10:13) Ntho ya bohlokwa feela ke tsela eo o sebetsanang le diteko ka yona. Ba bang ba dula ba nahana ka dintho tse fosahetseng mme ba qetelle ba inehetse tekong. Ha ba bang bona, ba tlosa menahano e fosahetseng hanghang.

“E mong le e mong o lekwa ke ho hulwa le ho ekwa ke takatso ya hae.”​—Jakobo 1:14.

Ke hobaneng ha e le bohlale hore o hanele teko e sa tla le mane?

Bibele e bontsha mehato e ka lebisang motho ho se fosahetseng. Lengolo la Jakobo 1:15 le re: “Takatso [e fosahetseng], ha e emere, e tswala sebe.” Haeba re dula re nahana ka dintho tse fosahetseng, re ka fihla boemong boo re ke keng ra kgona ho di qoba, jwalo ka ha mosadi wa moimana a ke ke a qoba ho pepa. Le ha ho le jwalo, re ka qoba ho ba makgoba a ditakatso tse fosahetseng. Re ka kgona ho di laola.

KAMOO BIBELE E KA RE THUSANG KATENG

Jwalo ka ha dikelello tsa rona di ka tlala menahano e fosahetseng, di ka boela tsa kgona ho e ntsha. Ka tsela efe? Ka hore re nahane ka ntho e nngwe, mohlomong re qoqe le mokgotsi, kapa re nahane ka ntho e ka re tswelang molemo. (Bafilipi 4:8) Ho ka boela ha eba molemo hore motho a nahane ka ditlamorao tse ka tliswang ke haeba a ka inehella tekong, tse kang ho kula maikutlong, mmeleng haesita le ho senya kamano ya hae le Jehova. (Deuteronoma 32:29) Ntho e nngwe hape e ka o thusang ke ho rapela. Jesu o ile a re: “Le rapele le sa kgaotse, e le hore le se ke la kena molekong.”​—Matheu 26:41.

“Le se ke la thetswa: Modimo a ke ke a songwa. Etswe le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—Bagalata 6:7.

O ka itshireletsa jwang kgahlanong le teko?

SEO E LENG NNETE

Sheba teko ka tsela eo e leng ka yona, e le leraba kapa sefi, se ka isang motho ya tatelang dintho kotsing. (Jakobo 1:14) Seo ke nnete, haholoholo haeba motho a wela tekong ya ho etsa thobalano, e leng se ka bang le ditlamorao tse bohloko.​—Liproverbia 7:22, 23.

KAMOO BIBELE E KA RE THUSANG KATENG

“Jwale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore o kgoptjwe, o le honye mme o le lahlele hole le wena.” (Matheu 5:29) Empa Jesu o ne a sa re motho a hle a ntshe leihlo la hae ka tsela ya sebele. Ho ena le hoo, o ne a bolela hore haeba re batla bophelo bo sa feleng, re tlameha ho qoba ho nahana ka dintho tse fosahetseng. (Bakolose 3:5) Sena se ka bolela hore ha re a lokela ho tsilatsila ho etsa qeto ya ho hanela teko. Monna e mong ya tshepahalang o ile a rapela a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”​—Pesaleme ya 119:37.

Ke nnete hore ho thata hore re dule re na le boitshwaro. Hobane, “nama e a fokola.” (Matheu 26:41) Kahoo, re tlo dula re etsa diphoso. Le ha ho le jwalo, haeba re swabela diphoso tsa rona mme re leka ka matla ho qoba ho di etsa hape, Jehova Modimo jwalo ka Mmopi wa rona, o tla re hauhela le ho re tshwara ka mosa. (Pesaleme ya 103:8) Sena ke se thobang maikutlo hakaakang!

“Haeba o ne o tadima diphoso, Jah, Jehova, ke mang ya neng a ka ema?”​—Pesaleme ya 130:3.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share