LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 1 leq. 14
  • Ho Tseba Modimo ho re Atametsa ho Yena

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Tseba Modimo ho re Atametsa ho Yena
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Mmopi wa Rona o na le Lebitso
  • Jehova ke Modimo ya Lerato
  • Jehova ke Modimo ya Tshwarelang
  • Jehova o Batla Hore re mo Rapele
  • Jehova o a Tshwarela
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Modimo ke Mang?
    Bibele e re Rutang?
  • Dula o Ikemiseditse ho Tshwarela ba Bang
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Rona?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 1 leq. 14

Ho Tseba Modimo ho re Atametsa ho Yena

Mmopi wa rona ha a matla feela empa o boetse o na le makgabane a ratehang. Hape o batla hore re ithute ka yena le hore re be metswalle ya hae. (Johanne 17:3; Jakobo 4:8) Ke ka lebaka leo a re bolelletseng dintho tse ngata ka yena.

Mmopi wa Rona o na le Lebitso

“E le hore batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.”​—PESALEME YA 83:18.

Bibele e ruta hore Jehova ke yena feela Modimo wa nnete. Ke yena Mmopi wa mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse phelang. Ke yena feela eo re lokelang ho mo rapela.​—Tšenolo 4:11.

Jehova ke Modimo ya Lerato

Lebitso la Mmopi, Jehova, le ngotswe ka Sehindi, Sepunjabi, Segujarati, Setelugu, Setamile le Senyesemane.

“Modimo ke lerato.”​—1 JOHANNE 4:8.

Jehova o sebedisa Bibele le dintho tseo a di bopileng ho re ruta hore na ke motho ya jwang. Lerato ke yona ntho e ka sehloohong eo a nang le yona. Ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e susumetswa ke lerato. Ha re ithuta ka Jehova haholwanyane, re mo rata le ho feta.

Jehova ke Modimo ya Tshwarelang

“O Modimo wa diketso tsa tshwarelo.”​—NEHEMIA 9:17.

Jehova o a tseba hore ha re a phethahala. Ka hoo o ikemiseditse ho re tshwarela. Ha re kopa tshwarelo ho yena ebile re kgaotsa ho etsa dintho tse mpe, o tla re tshwarela ebile a ke ke a re fa kotlo bakeng sa dibe tsa rona tsa nakong e fetileng. ​—Pesaleme ya 103:​12, 13.

Jehova o Batla Hore re mo Rapele

“Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena . . . O tla utlwa mohoo wa bona o kopang thuso.”​—PESALEME YA 145:​18, 19.

Jehova ha a hloke hore re latele meetlo e itseng kapa re sebedise ditshwantsho ha re mo rapela. O mamela dithapelo tsa rona jwalo ka ha batswadi ba lerato ba mamela bana ba bona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share