LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 1 maq. 12-13
  • Dithuto Tse Fanang ka Tshepo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dithuto Tse Fanang ka Tshepo
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Modimo o Tla Fedisa Batho ba Kgopo
  • Modimo o Tla Fedisa Satane
  • Modimo o Tla Fedisa ho Kula le Lefu
  • Mmopi wa Rona o Tla Etsa Lefatshe Paradeise
  • Modimo o Tla Tsosa Bafu
  • Ke Hobaneng ha Modimo a ile a Bopa Batho?
    Bibele e re Rutang?
  • Ke Hobaneng ha re Utlwa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shwa?
    Fadimehang!—2021
  • Lefatshe le Letjha la Paradeise le Haufi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 1 maq. 12-13
Batho ba phela ka kgotso le diphoofolo ebile ho na le dijo tse ngata paradeiseng e ntle.

Dithuto Tse Fanang ka Tshepo

Modimo o tshepisa hore o tlo etsa diphetoho tse thabisang haufinyane. O tlo fedisa mathata a be a etse hore batho ba thabele ho phela lefatsheng. (Pesaleme ya 37:​11) Ke hobaneng ha re lokela ho dumela tshepiso ee? Hobane “Modimo ha se motho hore a bue mashano.” (Numere 23:​19) Bona tse ding tsa dintho tse ntle tseo Mmopi wa rona a tlo di etsa.

Modimo o Tla Fedisa Batho ba Kgopo

“Ha ba kgopo ba hlomela jwalo ka dimela bohle ba tlwaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba fediswe ka ho sa feleng.”​—PESALEME YA 92:7.

Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, dintho tse mpe di ntse di eketseha le ho feta. Ntho ena ha e a lokela ho re makatsa hobane ho ile ha bolelwa esale pele ka Bibeleng ho 2 Timothea 3:​1-5 hore “matsatsing a ho qetela” batho ba ne ba tla etsa dintho tse mpe haholo. Re bolelang ha re re “matsatsing a ho qetela”? Re bolela matsatsi a ho qetela a lefatshe lena le tletseng batho ba sa batleng ho mamela Modimo. Haufinyane Modimo o tlo fedisa batho ba sa batleng ho fetola mekgwa ya bona e mebe. Ho tla sala feela batho ba lokileng ba mamelang Modimo. “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.

Modimo o Tla Fedisa Satane

“Modimo ya fanang ka kgotso o tla silakanya Satane.”​—BAROMA 16:20.

Ha Satane, bademona le batho bohle ba etsang dintho tse mpe ba se ba le siyo, ho tla ba le kgotso lefatsheng lohle. Mmopi wa rona o a re tshepisa o re: “Ho ke ke ha eba le ya etsang hore [le] thothomele.”​—Mikea 4:4.

Modimo o Tla Fedisa ho Kula le Lefu

“Tente ya Modimo e ho moloko wa batho . . . O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—TŠENOLO 21:​3, 4.

Mathata le ho kula di tlo fela hobane Modimo o tlo lokisa dintho tsohle tse sentsweng ke Satane, Adama, Eva le ke ho se phethahale ha rona. Ka hoo, “lefu ha le sa tla hlola le eba teng.” Batho ba ratang Mmopi le ba mo mamelang ba tla phela ka ho sa feleng. Empa ba tla phela hokae?

Mmopi wa Rona o Tla Etsa Lefatshe Paradeise

“Lefeella le sebaka se se nang metsi di tla thaba, le thota ya lehwatata e tla thaba mme e thunye jwalo ka safrone.”​—ESAIA 35:1.

Ha Modimo a fedisa batho ba kgopo, lefatshe e tla ba paradeise. Ho tla ba le dirapa le dibaka tse ntle tse ngata mme ho tla ba le dijo tse ngata. (Pesaleme ya 72:​16) Mawatle, matsha le dinoka di tla be di hlwekile ebile di na le bophelo. Batho ba ke ke ba hlola ba hopola ka moo lefatshe le neng le le ditshila ka teng. Ba tla ikahela matlo mme ba dule ho ona. Hape ho ke ke ha hlola ho ba le motho ya se nang moo a dulang teng, ya lapileng kapa ya futsanehileng.​—Esaia 65:​21, 22.

Modimo o Tla Tsosa Bafu

“Ho tla ba le tsoho.”​—LIKETSO 24:15.

Na o ka thabela ho bona batho bao o ba ratang ba seng ba hlokahetse? Modimo ya matla ohle o tla ba tsosa mme ba phele lefatsheng la Paradeise. O tla ba tseba mme le bona ba tla o tseba. O ka inahanela feela hore na le tla thaba hakaakang ha le bonana! Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore see se tla etsahala? Re ka kgodiseha hobane Bibele e re fa mehlala ya batho ba baholo le bana ba ileng ba tsoswa yaba ba kopana le ba malapa a habo bona. Ho feta moo, hangata Jesu o ne a tsosa bafu batho ba bangata ba shebelletse.​—Luka 8:​49-56; Johanne 11:​11-14, 38-44.

Hona Jwale ke Thabile e le ka Nnete

“Ke hopola ha ke ne ke qala ho utlwa ka lefatshe la paradeise le se nang mathata, ho kula le lefu. Ke ne ke nahana hore taba ena ha se nnete. Empa ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka fumana mabaka a etsang hore ke e tshepe le hore ke tshepe ditshepiso tsa yona. Ke kgodisehile hore Bibele e tswa ho Modimo. Nakong e fetileng, ke ne ke dula ke tshwenyehile ebile ke hlorile. Empa hona jwale ke thabile e le ka nnete. Metswalle le ba lelapa le bona ba a bona hore hona jwale ke thabile haholo.”​—Ravi.

Ravi.

Ithute haholwanyane:

E le hore o ithute haholwanyane ka morero wa Mmopi wa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise, kena ho jw.org/st-za mme o ye ho DITHUTO TSA BIBELE > DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA > BOPHELO LE LEFU.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share