Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
1-7 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 32-34
“Letshwao le Neng le Bontsha Hore Iseraele e Tla Tsosoloswa”
(Jeremia 32:6-9) Jeremia a re: “Lentswe la Jehova le hlahile ho nna, le re, 7 ‘Bona! Hanamele mora wa Shalume morabo ntatao o tla ho wena, o re: “Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, ka hobane o na le tokelo ya thekollo hore o e reke.” ’ ” 8 Ka mora nako Hanamele mora wa morabo Ntate a tla ho nna, ho ya ka lentswe la Jehova, Lebaleng la Balebedi, mme a re: “Ka kopo, reka tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, etswe tokelo ya lefa ke ya hao, le matla a thekollo ke a hao. Ithekele yona.” Yaba kea tseba hore e ne e le lentswe la Jehova. 9 Kahoo ka reka tshimo e Anathothe ho Hanamele mora wa morabo Ntate. Ka qala ho mo bekgela tjhelete, dishekele tse supileng le dikotwana tsa silevera tse leshome.
(Jeremia 32:15) Etswe sena ke seo Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla rekwa matlo le masimo le dirapa tsa morara naheng ena.’ ”
it-1-E 105 ¶2
Anathothe
Jeremia o ne a tswa Anathothe empa a fetoha moprofeta ya sa hlomphuweng’ hara batho ba habo, ha ba mo tshosetsa ka ho mo bolaya ka lebaka la ho bolela molaetsa wa nnete wa Jehova. (Jer 1:1; 11:21-23; 29:27) Ka lebaka leo, Jehova o ile a bolela esale pele ka tlokotsi e neng e tla tlela motse ona, mme sena se ile sa etsahala hantle ka nako ya teng ha Babylona e hlola motse oo. (Jer 11:21-23) Pele Jerusalema e wa, Jeremia o ile a sebedisa tokelo ya hae ya ho reka tshimo ya motswala wa hae e Anathothe e le letshwao le bontshang hore ba tla ntshwa botlamuweng. (Jer 32:7-9) Hara sehlopha sa pele se kgutlileng kgolehong le Zorobabele e ne e le banna ba 128 ba Anathothe; mme Anathothe e balellwa hara metse eo setjhaba sa teng se ileng sa kgutlela habo sona, ho latela kamoo Jeremia a ileng a profeta kateng.—Esd 2:23; Ne 7:27; 11:32.
(Jeremia 32:10-12) Jwale ka ngola lengolo le tiisitsweng mme ka kgomaretsa tiiso yaba ke nka dipaki ha ke qala ho bekga tjhelete dikaleng. 11 Ka mora moo ka nka lengolo le tiisitsweng la theko, le tiisitsweng ho ya ka taelo le molao wa tsamaiso, le le siilweng le phetlilwe; 12 ka ntano fa Baruke mora wa Neria mora wa Mahaseia lengolo le tiisitsweng la theko ka pela mahlo a Hanamele mora wa morabo Ntate le ka pela mahlo a dipaki, tse ngolang lengolo le tiisitsweng la theko, ka pela mahlo a Bajuda bohle ba neng ba dutse Lebaleng la Balebedi.
w07 3/15 11 ¶3
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia
32:10-15—Morero wa ho ba le mangolo a mabedi a tiisitsweng a tumellano e tshwanang e ne e le ofe? Morero wa lengolo le tiisitsweng le neng le sa kwalwa e ne e le hore le tle le hlahlojwe ha ho batlwa bopaki. Athe morero wa le kwetsweng e ne e le hore le emele le butsweng ho tiisa hore le nepahetse haeba ho hlokahala. Ka hore Jeremia a latele mehato e utlwahalang ya molao esita leha a sebetsana le mong ka yena eo e neng ebile e le modumedi mmoho le yena, o re behetse mohlala.
(Jeremia 33:7, 8) Ke tla kgutlisa baholehuwa ba Juda le baholehuwa ba Iseraele, ke tla ba haha jwalo ka qalong. 8 Ke tla ba hlwekisa diphosong tsohle tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona, ke tla tshwarela diphoso tsohle tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona le tseo ba nketseditseng tlolo ka tsona.
jr 152 ¶22-23
“Na eo e ne e se Taba ya ho Ntseba?”
22 Ha motho e mong a o utlwisa bohloko ka ho o hlaba ka mantswe kapa ka ho etsa diketso tse sa nahaneleng, na o tla etsisa Jehova? Tabeng ya Bajuda ba mehleng ya boholoholo, Modimo o ile a re o ne a tla “hlwekisa” batho bao a neng a ba tshwaretse. (Bala Jeremia 33:8.) A ka hlwekisa batho ba bakileng ka hore a lebale diphoso tsa bona, mme a etsa hore ba qadise botjha tshebeletsong ya hae. Ha Modimo a re tshwarela seo ha se bolele hore o hlakola ho se phethahale hoo re ho futsitseng kapa hore ha re sa na sebe. Le ha ho le jwalo, ho na le seo re ka ithutang sona ho seo Modimo a se buileng ka ho hlwekisa batho. Re ka leka hore re lebale phoso eo motho e mong a re etseditseng yona, mme hoo ho tshwana le ha re hlwekisa tsela eo re nkang motho eo ka yona ka pelong. Ka tsela efe?
23 Nka hore o fumane lefa la sejana sa bohlokwa. Haeba se ne se ka ba ditshila, na ntho ya pele eo o neng o tla e etsa e ne e tla ba ho se lahla? Mohlomong o ne o ke ke wa etsa jwalo. Ho ka etsahala hore ebe o ne o tla etsa boiteko ba ho se hlwekisa hantle, o tlose ditshila dife kapa dife tseo se ka bang le tsona, mohlomong o be o tlose le letheba le setseng. O batla ho bona botle ba sona, o bone tsela eo se phatsimang ka yona ha se le letsatsing. Ka tsela e tshwanang, o ka sebetsa ka thata hore o tlose mesaletsa efe kapa efe ya kgalefo eo ebang o na le yona ka mora kapa moradi weno ya ileng a o kgopisa. Kgaotsa ho dula o nahana ka mantswe ao ebang o ile a o hlaba ka ona kapa diketso tse ileng tsa o utlwisa bohloko. Ha o atleha ho di lebala, di tla tloha kelellong ya hao. Ha o se o lebetse ka diketso tseo o tla boela o thabele setswalle se haufi le yena seo ho neng ho bonahala eka se senyehetse ruri.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 33:15) Matsatsing ao le ka nako eo ke tla medisetsa Davida lehlomela le lokileng, ka sebele le tla phethisa toka le ho loka naheng.
jr 173 ¶10
O ka Rua Molemo Selekaneng se Setjha
10 Jeremia o ile a hlalosa hore ya neng a tla tla, e leng Mesia, ke “lehlomela” la Davida. Hoo ho loketse. Esita le nakong eo Jeremia e sa ntseng e le moprofeta, sefate sa lesika la borena la Davida se ile sa rengwa. Le ha ho le jwalo, kutu ya sona e ne e sa shwa. Ka nako e loketseng, Jesu o ile a tswalwa lesikeng la Morena Davida. O ne a ka bitswa “Jehova ke ho Loka ha Rona,” e leng ho neng ho hatisa kamoo Modimo a amehileng ka botebo kateng ka ho loka. (Bala Jeremia 23:5,6.) Jehova o ile a dumella Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi hore a utlwe bohloko lefatsheng a be a shwe. Tumellanong le toka, Jehova o ne a ka sebedisa bohlokwa ba sehlabelo sa thekollo sa “lehlomela” la Davida e le motheo wa ho tshwarela dibe. (Jer. 33:15) Sena se ile sa betlela batho ba bang tsela ya hore ho bolelwe hore “ba lokile bakeng sa bophelo” ba be ba tlotswe ka moya o halalelang, mme e be karolo ya selekane se setjha. Ntho e nngwe e bontshang hore Modimo o amehile ka ho loka ke hore batho ba bang ba seng selekaneng seo ka ho toba, ba ka rua molemo ho sona mme ba rua molemo ho sona, jwalo ka ha re tla bona.—Bar. 5:18.
(Jeremia 33:23, 24) Lentswe la Jehova la boela la hlaha ho Jeremia, la re: 24 “Na ha wa bona seo ba setjhaba see ba se buileng, ha ba re, malapa a mabedi ao Jehova a a kgethileng, na o tla a lahla’? Ba ntse ba hlompholla setjhaba sa ka, e le hore se se ke sa tswela pele e le setjhaba ka pela bona.
w07 3/15 11 ¶4
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia
33:23, 24—“Malapa a mabedi” ao ho buuwang ka ona moo ke afe? Le leng ke lelapa la borena la lesika la Morena Davida, mme le leng ke lelapa la baprista bao e neng e le ditloholo tsa Arone. Ha ho ne ho timetswa Jerusalema le tempele ya Jehova, ho ile ha bonahala eka Jehova o ne a lahlile malapa ana a mabedi mme o ne a ke ke a hlola a e ba le mmuso lefatsheng kapa hore a tsosolose borapedi ba hae.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 32:1-12) Lentswe le ileng la hlaha ho Jeremia le tswa ho Jehova ka selemo sa leshome sa Tsedekia morena wa Juda, ke hore, selemong sa leshome le metso e robedi sa Nebukadnezare. 2 Ka nako eo mabotho a sesole a morena wa Babylona a ne a thibeletse Jerusalema; ha e le moprofeta Jeremia, o ne a thibelletswe ka Lebaleng la Balebedi le ka tlung ya morena wa Juda; 3 ka hobane Tsedekia morena wa Juda o ne a mo thibelletse, a re: “Ke hobaneng ha o profeta o re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke nehelana ka motse ona letsohong la morena wa Babylona, mme ka sebele o tla o hapa; 4 Tsedekia, morena wa Juda, a ke ke a phonyoha letsohong la Bakalde, etswe ruri ho tla nehelanwa ka yena letsohong la morena wa Babylona, mme molomo wa hae o tla bua le molomo wa eo, le mahlo a hae a tla bona mahlo a eo” ’; 5 ‘o tla isa Tsedekia Babylona, mme o tla hlola teng ho fihlela ke lebisa tlhokomelo ya ka ho yena,’ ho bolela Jehova; ‘le hoja le ntse le lwantsha Bakalde, le ke ke la atleha’?” 6 Jeremia a re: “Lentswe la Jehova le hlahile ho nna, le re, 7 ‘Bona! Hanamele mora wa Shalume morabo ntatao o tla ho wena, o re: “Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, ka hobane o na le tokelo ya thekollo hore o e reke.” ’ ” 8 Ka mora nako Hanamele mora wa morabo Ntate a tla ho nna, ho ya ka lentswe la Jehova, Lebaleng la Balebedi, mme a re: “Ka kopo, reka tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, etswe tokelo ya lefa ke ya hao, le matla a thekollo ke a hao. Ithekele yona.” Yaba kea tseba hore e ne e le lentswe la Jehova. 9 Kahoo ka reka tshimo e Anathothe ho Hanamele mora wa morabo Ntate. Ka qala ho mo bekgela tjhelete, dishekele tse supileng le dikotwana tsa silevera tse leshome. 10 Jwale ka ngola lengolo le tiisitsweng mme ka kgomaretsa tiiso yaba ke nka dipaki ha ke qala ho bekga tjhelete dikaleng. 11 Ka mora moo ka nka lengolo le tiisitsweng la theko, le tiisitsweng ho ya ka taelo le molao wa tsamaiso, le le siilweng le phetlilwe; 12 ka ntano fa Baruke mora wa Neria mora wa Mahaseia lengolo le tiisitsweng la theko ka pela mahlo a Hanamele mora wa morabo Ntate le ka pela mahlo a dipaki, tse ngolang lengolo le tiisitsweng la theko, ka pela mahlo a Bajuda bohle ba neng ba dutse Lebaleng la Balebedi.
8-14 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 35-38
“Ebede-meleke o re Behetse Mohlala o Motle wa ho Bontsha Sebete le Mosa”
(Jeremia 38:4-6) Dikgosana tsa qala ho re ho morena: “Ka kopo, monna enwa a ke a bolawe, etswe ke kamoo a fokodisang matsoho a banna ba ntwa ba setseng motseng ona le matsoho a setjhaba sohle, ka ho bua le bona ho ya ka mantswe ana. Etswe motho enwa ha a batlele setjhaba sena kgotso empa o se batlela tlokotsi.” 5 Kahoo Morena Tsedekia a re: “Bonang! O matsohong a lona. Etswe ho hang ha ho letho leo morena a ka le hlolang ka lona.” 6 Ba nka Jeremia mme ba mo akgela lemeneng la Malkija mora wa morena, le neng le le Lebaleng la Balebedi. Kahoo ba theola Jeremia ka diropo. Jwale ka lemeneng leo ho ne ho se na metsi, haese seretse; mme Jeremia a qala ho tetebela seretseng.
it-2-E 1228 ¶3
Tsedekia
Ho bontsha hore Tsedekia e ne e le morena ya se nang boikemelo, dikgosana di ile tsa ya ho yena tsa kopa hore Jeremia a bolawe hobane di ne di re Jeremia o fokodisa matsoho a banna ba ntwa, Tsedekia o ile a araba ka hore: “Bonang! O matsohong a lona. Etswe ho hang ha ho letho leo morena a ka le hlolang ka lona.” Le ha ho le jwalo, ha Ebede-meleke a kopa ho lopolla Jeremia, Morena Tsedekia o ile a dumela a ba a laela Ebede-meleke ho nka banna ba 30 hore ba mo thuse. Ka mora moo Tsedekia o ile a kopana le Jeremia lekunutung. O ile a mo kgodisa hore a ke ka a mo bolaya a ba a mo tshepisa hore a ke ke a nehelana ka yena ho batho ba ntseng ba mo tsoma. Empa Tsedekia o ne a tshaba Bajuda ba neng ba tletse boiphethetso ba neng ba wetse matsohong a Bakalde, yaba ha a mamele keletso ya Jeremia ya hore a inehele ho dikgosana tsa Babylona. Ho bontsha hore kannete e ne e le motho ya se nang boikemelo, morena o ile a kopa Jeremia hore a se ke a bolella dikgosana hore ba bile le puisano ya lekunutu.—Jer 38:1-28.
(Jeremia 38:7-10) Ebede-meleke Moethiopia, monna eo e neng e le leqhalaha le ya neng a le ka tlung ya morena, a utlwa hore ba ne ba kentse Jeremia ka lemeneng; mme morena o ne a dutse Hekeng ya Benjamine. 8 Kahoo Ebede-meleke a tswa ka tlung ya morena mme a bua le morena, a re: 9 “Kgosi ya ka morena, banna bana ba entse bobe ho sohle seo ba se entseng ho moprofeta Jeremia, eo ba mo lahletseng ka lemeneng, hoo a tla shwela teng ka lebaka la tlala. Etswe ha ho sa na bohobe motseng.” 10 Jwale morena a laela Ebede-meleke Moethiopia, a re: “Nka banna ba mashome a mararo sebakeng sena hore ba be taolong ya hao, mme o ntshe moprofeta Jeremia ka lemeneng pele a shwa.”
w12 5/1 31 ¶2-3
O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang
Ebede-meleke e ne e le mang? Ho bonahala eka o ne a sebetsa lekgotleng la Morena Tsedekia wa Juda. Ebede-meleke o phetse mehleng ya Jeremia, eo Modimo a ileng a mo roma hore a ilo lemosa setjhaba sa Juda se sa tshepahaleng ka ho timetswa ha yona. Le hoja a ne a phela le dikgosana tse sa tshabeng Modimo, Ebede-meleke yena o ne a tshaba Modimo a bile a hlompha Jeremia haholo. Botho bo botle ba Ebede-meleke bo ile ba behwa tekong ha dikgosana tse kgopo di etselletsa Jeremia ka hore o hlohlelletsa bofetohedi mme di mo lahlela ka lemeneng le seretse e le hore a shwe. (Jeremia 38:4-6) Na ho na le seo Ebede-meleke a neng a ka se etsa?
Ebede-meleke o ile a bontsha sebete a se na pelaelo, ho hang a sa tshoha hore dikgosana di tla mo hlasela. O ile a bua le Tsedekia moo batho ba utlwang, a ipelaetsa ka hore Jeremia ha a tshwarwa ka toka. Mohlomong a bile a supa baetsi ba ketso eo e sehloho, o ile a re ho morena: “Banna bana ba entse bobe ho . . . Jeremia.” (Jeremia 38:9) Ebede-meleke o ile a atleha mme ka taelo ya Tsedekia, o ile a tsamaya le banna ba 30 hore ba ilo lokolla Jeremia.
(Jeremia 38:11-13) Tumellanong le hoo Ebede-meleke a nka banna ba taolong ya hae yaba o kena ka tlung ya morena ka tlasa polokelo ya matlotlo mme moo a nka dikatana tse tsofetseng le masela a tsofetseng a a theolela ho Jeremia ka lemeneng ka diropo. 12 Jwale Ebede-meleke Moethiopia a re ho Jeremia: “Ka kopo, kenya dikatana tse tsofetseng le dikotwana tsa lesela ka mahafing ka tlasa diropo.” Jwale Jeremia a etsa jwalo. 13 Qetellong ba ntsha Jeremia ka diropo mme ba mo nyolla ka lemeneng. Jeremia a tswela pele ho dula Lebaleng la Balebedi.
w12 5/1 31 ¶4
O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang
Jwale Ebede-meleke o ile a bontsha tshobotsi e nngwe hape e ntle: mosa. O ile “a nka dikatana tse tsofetseng le masela a tsofetseng a a theolela ho Jeremia . . . ka diropo.” Ke hobaneng ha a ne a nka dikatana le masela? E le hore mahafi a Jeremia a se ke a sehlwa ha a ntse a hulwa ka lemeneng le tebileng le le seretse.—Jeremia 38:11-13.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 35:19) ka hona sena ke seo Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, a se boletseng: “Ha ho motho wa Jonadabe mora wa Rekabe ya tla tloswa hore a se ke a ema ka pela ka ka mehla.” ’ ”
it-2-E 759
Barekabe
Jehova o ile a thabiswa ke ho mamela le tlhompho eo ba ileng ba e bontsha. Tsela eo ba neng ba mamela ka yona e ne e fapane hole le ho hloka tlhompho hoo Bajudea ba neng ba na le hona ho Mmopi wa bona. (Jer 35:12-16) Modimo o ile a fa Barekabe tshepiso e reng: “Ha ho motho wa Jonadabe mora wa Rekabe ya tla tloswa hore a se ke a ema ka pela ka ka mehla.”—Jer 35:19.
(Jeremia 37:21) Tumellanong le hoo Morena Tsedekia a laela, yaba ba kenya Jeremia ditlamong Lebaleng la Balebeli; o ne a fuwa polokwe ya bohobe letsatsi le leng le le leng e tswang seterateng sa baapehi, ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng. Jeremia a tswela pele ho dula Lebaleng la Balebedi.
w98 1/15 18 ¶16-17
O Nne O Tsamaye le Modimo
16 Ka lerato, Jehova o re bolella ka phomolo e tla fumanwa tlasa Puso ya Mesia. (Pesaleme ya 72:1-4, 16; Esaia 25:7, 8) O boetse o re thusa ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo hona jwale ka ho re eletsa mabapi le kamoo re ka hlophisang dintho tsa bohlokwa. (Matheu 4:4; 6:25-34) Tlaleho ya kamoo a ileng a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng, e re fa kgodiseho ya hore Jehova o tla re thusa. (Jeremia 37:21; Jakobo 5:11) O re matlafatsa ka tsebo ya hore ho sa tsotellehe mahlomola leha e le afe a re tlelang, lerato la hae bakeng sa bahlanka ba hae ba tshepahalang le dula le tsitsitse. (Baroma 8:35-39) Ho ba tshepang Jehova, o re: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.”—Baheberu 13:5.
17 Ba matlafaditswe ke tsebo ena, Bakreste ba nnete ba tswela pele ho tsamaya le Modimo ho e na le ho kgelohela mekgweng ya lefatshe. Filosofi ya lefatshe e tlwaelehileng hara mafutsana dinaheng tse ngata ke hore ho nka dintho tsa motho ya nang le tse ngata e le hore o fepe lelapa la hao hase ho utswa. Empa ba tsamayang ka tumelo ha ba dumele taba eo. Ba nka ho amohelwa ke Modimo e le habohlokwa ho feta dintho tsohle tse ding mme ba lebeletse hore a putse boitshwaro ba bona bo bontshang botshepehi. (Liproverbia 30:8, 9; 1 Bakorinthe 10:13; Baheberu 13:18) Mohlolohadi e mong wa India o ile a hlokomela hore ho ikemisetsa ho sebetsa hammoho le tsebo ya mosebetsi di ile tsa mo thusa ho sebetsana le maemo ka katleho. Ho e na le ho hlonama ka lebaka la boemo boo a leng ho bona bophelong, o ile a lemoha hore ha a etelletsa Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, Jehova o ne a tla hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho fumana dintho tse hlokahalang bakeng sa hae le mora wa hae. (Matheu 6:33, 34) Ba dikete lefatsheng kajeno, ba bontsha hore ho sa tsotellehe mahlomola ao ba ka nnang ba thulana le ona, Jehova ke setshabelo sa bona le qhobosheane ya bona. (Pesaleme ya 91:2) Na ho jwalo le ho wena?
w95 8/1 5 ¶5-6
Dinako Tse Molemo di Larile ka Pele
Hamorao, ha morena wa Babylona a ne a thibeletse Jerusalema e kwenehileng, batho ba ile ba lokela hore ba ‘je bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola.’ (Ezekiele 4:16) Boemo bo ile ba mpefala hoo basadi ba bang ba ileng ba ja bana ba bona. (Lillo tsa Jeremia 2:20) Le ha ho le jwalo, esita le hoja moprofeta Jeremia a ne a le teronkong ka lebaka la ho bolela ha hae, Jehova o ile a tiisa hore “[Jeremia] o ne a fuwa polokwe ya bohobe letsatsi le leng le le leng e tswang seterateng sa baapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng.”—Jeremia 37:21.
Na Jehova o ile a lebala Jeremia ha phepelo ya bohobe e fela? Ha ho a ka ha e ba jwalo, hobane ha motse o hapuwa ke Bababylona, Jeremia o ile a fuwa ‘kabelo ya dijo le mpho, mme a tlohelwa hore a tsamaye.’—Jeremia 40:5, 6, sheba le Pesaleme ya 37:25.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 36:27–37:2) Lentswe la Jehova la boela la hlaha ho Jeremia ka mora hore morena a tjhese moqolo le mantswe ao Baruke a neng a a ngotse a tswa molomong wa Jeremia, la re: 28 “O boele o inkele moqolo, o mong hape, mme o ngole ho ona mantswe ohle a pele a neng a le moqolong wa pele, oo Jojakime morena wa Juda a o tjhesitseng. 29 O lokela ho re kgahlanong le Jojakime morena wa Juda, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “O tjhesitse moqolo ona, wa re, ‘Ke hobaneng ha o ngotse ho ona, o re: “Ruri morena wa Babylona o tla tla mme ka sebele a fedise naha ena mme a fedise motho le phoofolo ho yona”?’ 30 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng kgahlanong le Jojakime morena wa Juda, ‘A ke ke a ba le ya dutseng teroneng ya Davida, mme setopo sa hae e tla ba ntho eo motshehare e ntshetswang motjhesong mme bosiu e ntshetswang serameng. 31 Ke tla batla boikarabello ho yena le ho bana ba hae le ho bahlanka ba hae bakeng sa diphoso tsa bona, mme ke tla tlisetsa bona le baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi yohle eo ke buileng ka yona kgahlanong le bona, yaba ha ba mamele.’ ” ’ ” 32 Jeremia a nka moqolo o mong a ntano o fa Baruke mora wa Neria, mongodi, ya ileng a ngola ho ona ho tswa molomong wa Jeremia mantswe ohle a buka eo Jojakime morena wa Juda a neng a e tjhesitse mollong; mme ho ona ha eketswa mantswe a mangata a kang ao.
37 Morena Tsedekia mora wa Josiase a qala ho busa sebakeng sa Konia mora wa Jojakime, eo Nebukadnezare morena wa Babylona a ileng a mo etsa morena naheng ya Juda. 2 Yena le bahlanka ba hae le setjhaba sa naha eo ha ba a ka ba mamela mantswe a Jehova ao a a buileng ka moprofeta Jeremia.
15-21 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 39-43
“Jehova o Tla Putsa e Mong le e Mong ho ya ka Mesebetsi ya Hae”
(Jeremia 39:4-7) Jwale yare hang ha Tsedekia morena wa Juda le banna bohle ba ntwa ba di bona, ba qala ho baleha mme ba tswa motseng bosiu ka tsela ya serapa sa morena, ka heke e pakeng tsa lerako le habedi; ba nna ba tswa ka tsela ya Araba. 5 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho ba lelekisa, mme ba fihlela Tsedekia dithoteng tsa lehwatata tsa Jeriko. Jwale ba mo nka mme ba mo tlisa ho Nebukadnezare morena wa Babylona Ribla naheng ya Hamathe e le hore a phatlalatse diqeto tsa boahlodi ho yena. 6 Morena wa Babylona a bolaya bara ba Tsedekia Ribla ka pela mahlo a hae, mme morena wa Babylona a bolaya bahlomphehi bohle ba Juda. 7 A foufatsa mahlo a Tsedekia, ka mora moo a mo tlama ka ditlamo tsa koporo, e le hore a mo tlise Babylona.
it-2-E 1228 ¶4
Tsedekia
Ho wa ha Jerusalema. Ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Kreste, “sa leshome le motso o mong sa Morena Tsedekia, ka letsatsi la borobong la kgwedi,” Jerusalema e ile ya kenelwa. Tsedekia le bannna ba ntwa ba ile ba baleha bosiu. Ba ile ba lelekisa Tsedekia ho fihlela ba mo fumana dithoteng tsa lehwatata tsa Jeriko, ba mo tlisa ho Nebukadnezare morena wa Babylona Ribla. Bara ba Tsedekia ba ile ba bolawa ka pela mahlo a hae. E tlameha ebe bara ba Tsedekia ba ne ba se baholo hobane o ne a le dilemo tse 32 feela ha sena se etsahala. Ka mora ho bona bara ba hae ba bolawa, Tsedekia o ile a foufatswa, a tlangwa ka ditlamo tsa koporo, a iswa Babylona moo ba ileng ba mo tshwara ho fihlela a shwa.—2Ma 25:2-7; Jer 39:2-7; 44:30; 52:6-11; sheba le Jer 24:8-10; Eze 12:11-16; 21:25-27.
(Jeremia 39:15-18) Lentswe la Jehova la hlaha ho Jeremia ha a ntse a kwaletswe Lebaleng la Balebedi, la re: 16 “E ya, mme o re ho Ebede-meleke Moethiopia, ‘Sena ke seo Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, a se boletseng: “Bona! ke phethahatsa mantswe a ka hodima motse ona bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo, mme ka sebele a tla etsahala ka pela hao letsatsing leo.” ’ 17 “ ‘letsatsing leo ke tla o lopolla,’ ho bolela Jehova, mme ho ke ke ha nehelanwa ka wena matsohong a batho bao o ba tshabang.’ 18 “ ‘Etswe ruri ke tla o pholosa, mme o ke ke wa dihuwa ka sabole; ka sebele o tla fumana moya oa hao e le thepa e hapuweng, ka hobane o ntshepile,’ ho bolela Jehova.”
w12 5/1 31 ¶5
Ke Moputsi wa Bohle ba mo Sebeletsang
Jehova o ile a bona seo Ebede-meleke a se entseng. Na Jehova o ile a ananela seo? A sebedisa Jeremia, Modimo o ile a bolella Ebede-meleke hore Juda e haufi le ho timetswa. Jwale Modimo o ile a bolella Ebede-meleke seo setsebi se seng se reng ke “dintho tse hlano tse mo tiisetsang hore o tla pholoha.” Jehova o ile a re: “Ke tla o lopolla . . . Ho ke ke ha nehelanwa ka wena matsohong a batho . . . Ruri ke tla o pholosa . . . O ke ke wa dihuwa ka sabole. Ka sebele o tla fumana moya wa hao e le thepa e hapuweng.” Ke hobaneng ha Jehova a ile a tshepisa Ebede-meleke hore o tla mo sireletsa? Jehova o ile a re ho yena: “Ka hobane o ntshepile.” (Jeremia 39:16-18) Jehova o ne a tseba hore ha Ebede-meleke a ne a etsa seo e ne e se feela ka lebaka la hore o ne a amehile ka Jeremia, empa hape ka lebaka la hore o ne a tshepa Modimo a bile a na le tumelo ho yena.
(Jeremia 40:1-6) Lentswe le ileng la hlaha ho Jeremia le tswa ho Jehova ka mora hore Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a mo late Rama, ha a mo nka a ntse a tlamilwe ka mahlaahlela hara baholehuwa bohle ba Jerusalema le Juda, ba neng ba iswa kgolehong Babylona. 2 Jwale mookamedi wa balebedi a nka Jeremia mme a re ho yena: “Jehova Modimo wa hao o boletse tlokotsi ena kgahlanong le sebaka sena, 3 e le hore Jehova a ka e phethahatsa mme a etsa feela jwalo ka ha a boletse, hobane le sitetswe Jehova mme ha le a mamela lentswe la hae. Ntho ena e le etsahalletse. 4 Jwale bona! kajeno ke o lokolotse mahlaahleleng a neng a le matsohong a hao. Haeba ho le molemo mahlong a hao hore o tle le nna Babylona, tloo, mme ke tla o beha leihlo. Empa haeba ho le hobe mahlong a hao ho tla le nna Babylona, o tlohele. Bona! Naha yohle e ka pela hao. Kae kapa kae moo ho leng hotle le moo ho nepahetseng mahlong a hao hore o ye, o ye teng.” 5 O ne a ntse a ke ke a kgutla, ha Nebuzaradane a re: “Kgutlela ho Gedalia mora wa Akikame mora wa Shafane, eo morena wa Babylona a mo behileng hore a okamele metse ya Juda, mme o dule le yena hara setjhaba; kapa leha e le kae moo ho leng hotle mahlong a hao hore o ye, o ye teng.”Jwale mookamedi wa balebedi a mo fa kabelo ya dijo le mpho yaba o mo tlohela hore a tsamaye. 6 Tumellanong le hoo Jeremia a fihla Mizpa ho Gedalia mora wa Akikame yaba o dula le yena hara setjhaba se neng se setse naheng eo.
it-2-E 482
Nebuzaradane
Nebuzaradane, o ile a lokolla Jeremia ka taelo e tswang ho Nebukadnezare, a bua le Jeremia ka mosa, a mo fa bolokolohi ba ho ikgethela seo a batlang ho se etsa, a mo bolella hore o tla mo hlokomela le ho mo fa dijo. Nebuzaradane e ne e le mmuelli wa morena wa Babylona ha morena a ne a kgetha Gedalia hore a okamele batho ba neng ba setse naheng. (2Mar 25:22; Jer 39:11-14; 40:1-7; 41:10) Ka mora dilemo tse hlano, ka selemo sa 602 pele ho mehla ya Kreste, Nebuzaradane o ile a isa Bajuda ba bang botlamuweng, bao ho bonahalang ba ne ba balehetse metseng e haufinyane.—Jer 52:30.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 42:1-3) Jwale balaodi bohle ba mabotho a sesole le Johanane mora wa Karea le Jezania mora wa Hoshaia le setjhaba sohle, ho tloha ho e monyenyane esita le ho isa ho e moholo, ba tla 2 mme ba re ho moprofeta Jeremia: “Ka kopo, e se eka kopo ya rona ya mohau e ka wela ka pela hao, mme o re rapelle ho Jehova Modimo wa hao, molemong wa masala ana kaofela, etswe re siilwe, re le mmalwa hara ba bangata, feela jwalo ka ha mahlo a hao a re bona. 3 E se eka Jehova Modimo wa hao a ka re bolella tsela eo re lokelang ho tsamaya ka yona le ntho eo re lokelang ho e etsa.”
(Jeremia 43:2) Azaria mora wa Hoshaia le Johanane mora wa Karea le banna bohle ba iketelletsang pele ba re ho Jeremia: “O bua leshano. Jehova Modimo wa rona ha a o romela, a re, ‘Le se ke la kena Egepeta hore le dule teng le le bajaki.’
(Jeremia 43:4) Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba mabotho a sesole le setjhaba sohle ha ba a ka ba mamela lentswe la Jehova, hore ba nne ba dule naheng ya Juda.
w03 5/1 10 ¶10
Na o a Ipotsa Hore “Jehova o Hokae?”
10 Ka mora hore Jerusalema e timetswe mme lebotho la Bababylona le tsamaye le baholehuwa ba Bajuda, Johanane o ile a lokisetsa hore sehlopha se senyenyane sa Bajuda ba setseng Juda se ye Egepeta. Ba ne ba se ba entse ditokisetso tsohle, empa pele ba tsamaya ba ile ba kopa hore Jeremia a ba rapelle a be a kope tataiso ya Jehova. Le ha ho le jwalo, ha ba sa fumane karabo eo ba neng ba e lebeletse, ba ile ba tswela pele kamoo ba neng ba rerile kateng. (Jeremia 41:16–43:7) Na ho na le seo o ithutang sona diketsahalong tsee, e le hore ha o batla sefahleho sa Jehova, a ka etsa hore o mo fumane?
(Jeremia 43:6, 7) esita le banna ba shahlileng le basadi le bana ba banyenyane le baradi ba morena le moya o mong le o mong oo Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a neng a o tlohetse hore o dule le Gedalia mora wa Akikame mora wa Shafane, le moprofeta Jeremia le Baruke mora wa Neria. 7 Qetellong ba fihla naheng ya Egepeta, etswe ba ne ba sa mamela lentswe la Jehova; mme butle butle ba ya fihla Takpanese.
it-1-E 463 ¶4
Tatellano
Jerusalema e ile ya thibellwa ka lekgetlo la ho qetela ka selemo sa borobong sa ho busa ha Tsedekia (609 pele ho mehla ya Kreste), mme motse o ile wa fediswa ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya hae (607 pele ho mehla ya Kreste), e leng se neng se dumellana le selemo sa leshome le metso e robong sa ho busa ha Nebukadnezare (ho tloha ha Nebukadnezare e ba morena ka selemo sa 625 pele ho mehla ya Kreste). (2Mar 25:1-8) Ka kgwedi ya bohlano ya selemo seo (kgwedi ya Ab, e tsamaisanang le July/August) motse o ile wa tjheswa, marako a dihelwa fatshe mme batho ba bangata ba ile ba iswa botlamuweng. Le ha ho le jwalo, “ba bang ba batho ba tlase” ba ile ba dumellwa ho sala, sena se ile sa etsahala ho fihlela Gedalia a fenethwa, eo Nebukadnezare a neng a mo kgethile hore a ba okamele, yaba ba balehela Egepeta, mme ba siya Juda e le dithako. (2Mar 25:9-12, 22-26) Sena se etsahetse ka kgwedi ya bosupa e leng Ethanime ( kapa Tishri, e tsamaisanang le September/October). Kahoo, dilemo tse 70 tseo motse o bileng dithako di qadile ka la 1 October 607 pele ho mehla ya Kreste, tsa fella ka selemo sa 537 pele ho mehla ya Kreste. Ka kgwedi ya bosupa selemong sona seo, Bajuda ba neng ba isitswe botlamuweng pele, ba ile ba kgutlisetswa Juda ka mora dilemo tse 70 ho tloha ha naha e timetswa ka ho feletseng.—2Likr 36:21-23; Esd 3:1.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 40:11–41:3) Bajuda bohle ba neng ba le Moabe le hara bara ba Ammone le Edomo le ba neng ba le dinaheng tse ding tsohle, le bona ba utlwa hore morena wa Babylona o ne a file Juda masala le hore o ne a behile Gedalia mora wa Akikame mora wa Shafane hore a a okamele. 12 Bajuda bohle ba qala ho kgutla dibakeng tsohle tseo ba neng ba qhalakanyeditswe ho tsona, ba nna ba tla naheng ya Juda ho Gedalia Mizpa. Ba qala ho bokella veine le ditholwana tsa lehlabula tse ngata haholo. 13 Ha e le Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba mabotho a sesole ba neng ba le naheng, ba tla ho Gedalia Mizpa. 14 Ba re ho yena: “Na ho hang ha o tsebe hore Baalise, morena wa bara ba Ammone, o rometse Ishmaele mora wa Nethania hore a otle moya wa hao a o bolaye?” Empa Gedalia mora wa Akikame ha a ka a ba dumela. 15 Johanane mora wa Karea a re ho Gedalia, sebakeng seo ho ipatwang ho sona Mizpa: “Ke batla ho ya, hona jwale, ke bolaye Ishmaele mora wa Nethania, ka ha ho hang ha ho ya tla tseba. Ke hobaneng ha a lokela ho otla moya wa hao hore a o bolaye, mme ke hobaneng ha bohle ba Juda ba bokeletsweng ho wena ba hasanngwa le masala a Juda a timela?” 16 Empa Gedalia mora wa Akikame a re ho Johanane mora wa Karea: “O se ke wa etsa ntho ena, etswe seo o se buang malebana le Ishmaele ke leshano.”
41 Kahoo eitse ka kgwedi ya bosupa Ishmaele mora wa Nethania mora wa Elishama wa lesika la borena ya hara banna ba ka sehloohong ba morena hammoho le banna ba bang ba leshome ba tla ho Gedalia mora wa Akikame Mizpa. Ba qala ho ja bohobe hammoho moo Mizpa, 2 Jwale Ishmaele mora wa Nethania le banna ba leshome ba neng ba e na le yena ba phahama mme ba bolaya Gedalia mora wa Akikame mora wa Shafane ka sabole. Kahoo a bolaya eo morena wa Babylona a neng a mo behile hore a okamele naha. 3 Ishmaele a bolaya Bajuda bohle ba neng ba e na le yena, ke hore, ba e na le Gedalia, Mizpa, le Bakalde ba ileng ba fumanwa teng, ke hore, banna ba ntwa.
22-28 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 44-48
O se ke wa Nna wa “Ipatlela Dintho Tse Kgolo”
(Jeremia 45:2, 3) “Sena ke seo Jehova Modimo wa Iseraele a se boletseng malebana le wena, Baruke, 3 ‘O itse: “Jwale ho madimabe nna, etswe Jehova o ekeditse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho fehelwa ha ka, mme ha kea fumana sebaka sa phomolo.” ’
jr 104-105 ¶4-6
Qoba ho “Ipatlela Dintho Tse Kgolo”
4 E ka nna yaba Baruke o ne a tshwenyehile ka ho batla botumo le bophahamo. Le hoja Baruke a ile a sebeletsa e le mongodi wa Jeremia, ho ka etsahala hore ebe e ne e se mongodi wa Jeremia feela. Jeremia 36:32, e re Baruke e ne e le “mongodi.” Bopaki ba baepolli ba dintho tsa kgale bo bontsha hore e ne e le ofisiri e kgolo ya morena. Ha e le hantle, ho sebediswa lebitso le tshwanang ho bitsa “mongodi Elishama,” eo e neng e le e mong wa dikgosana tsa Juda. Sena se bontsha hore e ka nna yaba Baruke le yena o ne a kena “kamoreng ya ho jela ya mongodi,” “ka tlung ya morena” e le e mong wa basebetsi mmoho le Elishama. (Jer. 36:11, 12, 14) Kahoo, e tlameha ebe Baruke e ne e le ofisiri e rutehileng e neng e sebetsa ntlong ya borena. Mora wabo, e leng Seraia, e ne e le mohlokomedi wa lebotho la ntwa la Morena Tsedekia mme o ile a tsamaya le morena leetong la hae la bohlokwa la ho ya Babylona. (Bala Jeremia 51:59.) Ka ha Seraia e ne e le mohlokomedi wa lebotho la ntwa, ho ka etsahala hore ebe o ne a ikarabella ka ho fa morena dintho tseo a neng a di hloka le ho mo lokisetsa marobalo ha a ne a nkile maeto, e leng mosebetsi oo e neng e le wa boemo bo phahameng.
5 O ka utlwisisa hore motho ya neng a tlwaetse ho sebeletsa boemong bo phahameng o ne a ka nna a tepelletswa ke ho ngola melaetsa ya kahlolo e latellanang kgahlanong le Juda. Ha e le hantle, ka ha Baruke o ne a tshehetsa moprofeta wa Modimo, seo se ne se ka nna sa beha boemo ba hae le mosebetsi wa hae kotsing. Ho feta moo, nahana hore na ditlamorao e ne e tla ba dife haeba Jehova a ne a ka fedisa seo a neng a se hahile jwalo ka ha Jeremia 45:4 e bolela. “Dintho tse kgolo” tseo Baruke a neng a nahanne ka tsona, ebang e ne e le ho fumana boemo bo phahameng kapa maruo, di ne di ka nna tsa fetoha lefeela. Haeba Baruke o ne a batla boemo bo phahameng tsamaisong ya ka nako eo ya Bajuda, e neng e tlo timetswa, Modimo o ne a e na le lebaka la hore a mo thibele hore a be le maikutlo a jwalo.
6 Ka lehlakoreng le leng, e ka nna yaba “dintho tse kgolo” tsa Baruke di ne di akarelletsa maruo. Ditjhaba tse neng di potolohile Juda di ne di tshepile matlotlo le maruo haholo. Moabe e ne e tshepile ‘mesebetsi ya yona le matlotlo’ a yona. Ammone le yona e ne e le jwalo. Jehova o ile a re Jeremia a hlalose hore Babylona e na le “matlotlo a mangata.” (Jer. 48:1, 7; 49:1, 4; 51:1, 13) Empa ha e le hantle, Modimo o ne a hloile ditjhaba tseo.
(Jeremia 45:4, 5a) “Sena ke seo o lokelang ho mo bolella sona, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! Ke qhaqha seo ke se hahileng, mme ke fothola seo ke se lemileng, esita le naha yohle. 5 Empa ha e le wena, o ntse o ipatlela dintho tse kgolo. O se ke wa nna wa di batla.” ’
jr 103 ¶2
Qoba ho “Ipatlela Dintho Tse Kgolo”
2 Baruke o ile a tletleba a re: “Jwale ho madimabe nna, etswe Jehova o ekeditse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho fehelwa ha ka.” Ho ka etsahala hore ebe o kile wa bua mantswe a bontshang hore o tepeletse, ebang o ne o buela hodimo kapa ka pelong. Ho sa tsotellehe hore na Baruke o ne a buela hodimo kapa ka pelong, Jehova o ne a mametse. Mohlahlobi wa dipelo tsa batho o ne a tseba hore na keng e neng e entse hore Baruke a kgathatsehe, mme Modimo o ile a sebedisa Jeremia ho kgalemela Baruke. (Bala Jeremia 45:1-5.) Le ha ho le jwalo, o ka nna wa ipotsa hore na ke hobaneng ha Baruke a ne a tepeletse hakaalo. Ebe o ne a tepeleditswe ke mosebetsi oo a neng a o filwe kapa mohlomong ke maemo ao a neng a sebetsa tlasa ona? Pelo ya hae e ne e le yona e nang le bothata. Taba ke hore Baruke o ne a “ipatlela dintho tse kgolo.” Dintho tseo e ne e le dife? Jehova o ne a mo file kgodiseho efe haeba a ne a ka latela tataiso ya hae? Hona re ka ithutang mohlaleng wa Baruke?
(Jeremia 45:5b) “ ‘Etswe bona! ke tlisa tlokotsi hodima nama yohle,’ ho bolela Jehova, ‘mme ke tla o neha moya wa hao e le thepa e hapuweng dibakeng tsohle tseo o ka yang ho tsona.’ ”
w16.07 8 ¶6
Le Batle Mmuso, Eseng Dintho
6 A re nahaneng ka Baruke eo e neng e le mongodi wa moprofeta Jeremia. Ha timetso ya Jerusalema e boletsweng esale pele e ntse e atamela, Baruke o ile a qala ho “ipatlela dintho tse kgolo” tse se nang thuso. Ha e le hantle, ntho feela eo a neng a lokela ho ameha ka yona e ne e le seo Jehova a mo tshepisitseng sona, ha a re: “Ke tla o neha moya wa hao e le thepa e hapuweng.” (Jer. 45:1-5) Ho hlakile hore Modimo o ne a sa tlo sireletsa thepa ya mang kapa mang ha motse oo o timetswa. (Jer. 20:5) Le rona ena hase nako ya ho ipokella ka maruo, ka ha re haufi le bofelo ba tsamaiso ena ya dintho. Ha rea lokela ho lebella hore re tla pholoha le thepa leha e le efe ya rona nakong ya matshwenyeho a maholo, ho sa tsotellehe hore na ke ya bohlokwa hakae.—Liprov. 11:4; Mat. 24:21, 22; Luka 12:15.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 48:13) Bamoabe ba tla lokela ho hlabiswa dihlong ke Kemoshe, feela jwalo ka ha ba ntlo ya Iseraele ba hlabisitswe dihlong ke Bethele tshepo ya bona.
it-1-E 430
Kemoshe
Moprofeta Jeremia ha a ne a bua ka mathata a neng a tla tlela Moabe, o ile a bontsha hore modimo ya ka sehloohong Kemoshe hammoho le baprista ba hae le dikgosana ba ne ba tla ya kgolehong. Bamoabe ba ne ba tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la ho hloka matla ha modimo wa bona, feela jwalo ka ha mmuso wa meloko e leshome ya Iseraele o ile wa hlajwa ke dihlong ka lebaka la Bethele mohlomong hobane ba ne ba rapela namane.—Jer 48:7, 13, 46.
(Jeremia 48:42) “ ‘Ka sebele Moabe e tla fediswa hore e se ke ya e ba setjhaba, etswe e ikgohomoseditse Jehova.
it-2-E-422 ¶2
Moabe
Boprofeta bo buwang ka Moabe bo ile ba phethahala hantle feela jwalo ka ha bo boletswe. Dilemo tse makgolo tse fetileng setjhaba sa Bamoabe se ile sa fediswa. (Jer 48:42) Metse e neng e nkuwa e le ya Moabe e kang Nebo, Heshbone, Aroere, Bethe-gamule, le Baale-meone e fedisitswe. Dibaka tse ding hona jwale ha di sa tsejwa.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 47:1-7) Lentswe la Jehova e bile lena ho moprofeta Jeremia malebana le Bafilista pele Faro a hlasela Gaza. 2 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! Metsi a nyoloha leboya mme a fetohile molapo o phoroselang o tsholohang. A tla pupetsa naha le se tletseng ho yona, motse le ba ahileng ho ona. Ka sebele banna ba tla hweletsa, mme e mong le e mong ya dulang naheng o tla bokolla. 3 Ha ho utlwahala modumo wa ho tila ha ditlhako tsa dipere tse tona, ha ho utlwahala ho kotomana ha dikoloi tsa hae tsa ntwa, modumo wa mabidi a hae, bontate ba ke ke ba retelehela ho bara, ka lebaka la ho tepella ha matsoho a bona, 4 ka lebaka la letsatsi le tlang la ho tlatlapa Bafilista kaofela, ho fedisa mophonyohi e mong le e mong ya neng a thusa Tyre le Sidone. Etswe Jehova o tlatlapa Bafilista, bao e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore. 5 Lefatla le tla tla Gaza. Ashkelone e kgutsisitswe. Lona masala a kgohlo ya bona, le tla itsheha halelele hakae? 6 “Eke, sabole ya Jehova! O ke ke wa kgutsa halelele hakae? Kgohlela selateng sa hao. Iphomolele mme o kgutse. 7 “E ka kgutsa jwang, ha Jehova a e file taelo? Ke ya Ashkelone le lebopo la lewatle. Ke hona moo a e kgethetseng hore e be teng.”
29 MAY–4 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 49-50
“Jehova o Hlohonolofatsa ba Ikokobeditseng Mme o Otla ba Ikgohomosang”
(Jeremia 50:4-7) “Matsatsing ao le nakong eo,” ho bolela Jehova, “bara ba Iseraele, bona hammoho le bara ba Juda, ba tla tla. Ba tla tsamaya, ba tsamaye ba ntse ba lla, mme ba tla batla Jehova Modimo wa bona. 5 Ba tla nne ba botse tsela e yang Sione, difahleho tsa bona di shebile ka nqa eo, ba re, ‘Tloong mme re ikopanyeng le Jehova selekaneng se hlolang ka nako e sa lekanyetswang se ke keng sa lebalwa.’ 6 Setjhaba sa ka se fetohile mohlape wa dibopuwa tse timelang. Badisa ba sona ba entse hore se lelere. Ba se tsamaisitse dithabeng. Ba tlohile thabeng ba ya leralleng. Ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo. 7 Bohle ba ba fumanang ba ba qetile, mme dira tsa bona di itse, ‘Re ke ke ra ba molato, ka lebaka la hore ba sitetswe Jehova sebaka sa bodulo sa ho loka le tshepo ya baholoholo ba bona, Jehova.’ ”
(Jeremia 50:29-32) “Bitsetsang Babylona ba fulang metsu, bohle ba hatakelang seqha. Hlomang diahelo kgahlanong le yona ka hohle. Ho se ke ha e ba le baphonyohi. E buseletseng ho ya ka mosebetsi wa yona. Ho ya ka sohle seo e se entseng, le e etse jwalo. Etswe e iketeleditse pele kgahlanong le Jehova, kgahlanong le Mohalaledi wa Iseraele. 30 Ka hona bahlankana ba yona ba tla wa mapatlelong a yona, mme le banna ba yona bohle ba ntwa ba tla kgutsiswa letsatsing leo,” ho bolela Jehova. 31 “Bona! Ke kgahlanong le wena, Ho Iketelletsa Pele,” ho bolela Mmusi Morena, Jehova wa mabotho, “etswe letsatsi la hao le tla tla, nako eo ke tla o ela hloko ka yona. 32 Ka sebele Ho Iketelletsa Pele ho tla kgoptjwa mme ho we, mme ha ho na ya tla ho phahamisa. Ke tla hotetsa mollo metseng ya hona, mme o tla tjhesa dibaka tse ho potolohileng.”
it-1-E 54
Mohanyetsi
Ha batho ba Modimo ba ne ba sa tshepahale, o ile a dumella bahanyetsi ba bona hore ba ba tlatlape ba be ba ba hlole. (Pes 89:42; La 1:5, 7, 10, 17; 2:17; 4:12) Le ha ho le jwalo, dira tsena tsa Modimo, di ile tsa etsa qeto e fosahetseng ha di nahana hore di ntse di hlola ka lebaka la medimo ya tsona, kahoo di ithorisa, di nahana hore Modimo a ke ke a di tlisa kahlolong ka lebaka leo di neng di tshwere batho ba Jehova. (De 32:27; Jer 50:7) Ka lebaka leo Jehova o ile a tlameha ho kokobetsa bahanyetsi bana ba neng ba ikgohomosa ebile ba ikakasa (Esa 1:24; 26:11; 59:18; Nah 1:2); mme sena o se entse ka lebaka la lebitso la hae le halalelang.—Esa 64:2; Eze 36:21-24.
(Jeremia 50:38, 39) Ho na le thipitlo metsing a yona, mme a tla psha. Etswe ke naha ya ditshwantsho tse betlilweng, mme ba ntse ba etsa ka bohlanya ka lebaka la dipono tsa bona tse tshosang. 39 Ka hona baahi ba dibaka tse se nang metsi ba tla dula le diphoofolo tse llang, mme dimpshe di tla dula ho yona; ha ho sa tla hlola ho dulwa ho yona, kapa e be le baahi ho isa molokong o mong ka mora o mong.”
jr 161 ¶15
“Jehova o Entse Seo a Neng a se Hopotse”
15 Jeremia o ile a boela a profeta ka ho fediswa ha Babylona, e neng e hlotse Egepeta. Dilemo tse lekgolo pele seo se etsahala, Jeremia o ile a bolela esale pele hore Babylona e ne e tla timetswa. Jwang? Moprofeta wa Modimo o ile a bolela esale pele hore metsi a yona a neng a e sireleditse a ne “a tla psha,” mme banna ba yona ba matla ba ne ba ke ke ba lwana. (Jer. 50:38; 51:30) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka botlalo ha Bamede le Bapersia ba ne ba kgelosa metsi a Noka ya Eufrate, ba kena motseng, mme ba tsometsa Bababylona. Mohlomong o ka boela wa nka hore phatlalatso ya hore motse oo e ne e tla ba lesupi mme o ne o ke ke wa e ba le baahi le yona ya ikgetha. (Jer. 50:39; 51:26) Le kajeno, taba ya hore ebe Babylona e neng e le matla e fetohile lesupi, e tiisa hore boprofeta ba Modimo bo nepahetse.
w98 4/1 20 ¶20
Buka e Tswang ho Modimo
20 Esaia ha a a ka a phela hore a bone ha Babylona e hloka baahi. Empa tumellanong le boprofeta, Babylona e ile ya qetella e fetohile “diqubu tsa majwe.” (Jeremia 51:37) Ho latela setsebi sa Moheberu Jerome (ya hlahileng lekgolong la bone la dilemo mehleng ya baapostola), mehleng ya hae Babylona e ne e se e le sebaka sa ho tsoma moo “diphoofolo tsa mefuta yohle” di neng di solla teng, mme e ntse e le lesupi ho tla fihlela kajeno. Ho tsosoloswa le ha e le hofe ha Babylona bakeng sa ho hohela bahahlaudi ho ka nna ha hohela baeti, empa “lekala le lehlomela” la Babylona le feletse ruri, jwalo ka ha Esaia a boletse esale pele.—Esaia 14:22.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Jeremia 49:1, 2) Bakeng sa bara ba Ammone sena ke seo Jehova a se boletseng: “Na Iseraele ha a na bara, kapa na ha a na mojalefa? Ke hobaneng ha Malkame a hapile Gade, le setjhaba sa hae se dula metseng ya Iseraele?” 2 “ ‘Ka hona, bonang! matsatsi a a tla,’ ho bolela Jehova, ‘mme ke tla etsa hore ho utlwahale mokgosi wa ntwa kgahlanong le Raba ya bara ba Ammone; ka sebele e tla fetoha tutudu ya lesupi, mme metse e itshetlehileng ka yona e tla tjheswa mollong.’ “ ‘Iseraele o tla hapa ba mo hapileng,’ ho boletse Jehova.
it-1-E 94 ¶6
Baammone
Ho bonahala eka ka mora hore batho ba mmuso o ka leboya wa Iseraele ba iswe kgolehong ke Tiglathe-pilesere wa boraro le ke e mong wa ba bahlahlami ba hae (2Ma 15:29; 17:6), Baammone ba ile ba qala ho dula motseng wa moloko wa Gade ka mahahapa hobane ba ne ba hlotswe ntweng ke Jafeta. (Bapisa le Pes 83:4-8.) Kahoo, mantswe a Jehova a boprofeta ao a a buileng a sebedisa Jeremia a ne a bontsha hore Baammone ba ile ba kgalemelwa ka thata ka lebaka la ho hapa lefa la Bagade mme ba hlokomediswa hore Ammone e tla fediswa le modimo wa yona e leng Malkame (Milkome). (Jer 49:1-5) Baammone ba ile ba etsa ho hobe le feta ka ho romela dihlopha tsa bafutuhi e le hore di sotle Juda tlasa puso ya Morena Jojakime ho ella qetellong ya dilemo tsa mmuso wa Juda.—2Mar 24:2, 3.
(Jeremia 49:17, 18) “Edomo e tla fetoha ntho e makallwang. E mong le e mong ya fetang ho yona o tla sheba ka ho makala mme a letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa yona. 18 Feela jwalo ka ho dihuwa ha Sodoma le Gomora le metse ya yona ya boahelani,” ho boletse Jehova, “ha ho na motho ya tla aha teng, mme ha ho na mora wa moloko wa batho ya tla dula teng e le mojaki.
jr 163 ¶18
“Jehova o Entse Seo a Neng a se Hopotse”
18 Boprofeta bo bong bo ile ba phethahala lekgolong la pele la dilemo mehleng ya baapostola. Modimo o ile a bolela esale pele ka Jeremia hore Edomo e ne e le se seng sa ditjhaba tse neng di tla hlaselwa ke Bababylona. (Jer. 25:15-17, 21; 27:1-7) Empa Modimo ha a ka a bolela seo feela. Edomo e ne e tla tshwana le Sodoma le Gomora. Seo se ne se bolela hore ha e sa tla hlola e ba le baahi ebile e ne e ke ke ya hlola e e ba teng. (Jer. 49:7-10, 17, 18) Ke sona se ileng sa fela sa etsahala. O nahana hore ke hokae moo ho ka fumanwang lebitso la Edomo le la Baedomo kajeno? Na le ka fumanwa dimmapeng tsa kajeno? Tjhe. Le fumanwa dibukeng tsa kgale le historing ya Bibele kapa dimmapeng tsa ka nako eo. Flavius Josephus o bolela hore Baedomo ba ile ba qobellwa hore ba amohele Bodumedi ba Bajuda lekgolong la bobedi la dilemo pele ho mehla ya Kreste. Ka mora moo, ha Jerusalema e timetswa ka selemo sa 70 mehleng ya baapostola, ha ba a ka ba hlola ba e ba teng e le setjhaba se ikemetseng.
ip-2 351 ¶6
Jehova o Iketsetsa Lebitso le Letle
6 Empa ke hobaneng ha Jehova a kgutlela ntweng Edomo? Baedomo, ba ntseng ba kwetlile lehloyo le neng le qalwe ke ntata bona moholo Esau, ke dira tsa kgale tsa batho ba neng ba le selekaneng le Modimo. (Genese 25:24-34; Numere 20:14-21) Ho teba ha lehloyo la Edomo ho Juda ho ile ha totobala ka ho kgetheha nakong ya ha Jerusalema e etswa lesupi mme Baedomo ba thoholetsa masole a Babylona. (Pesaleme ya 137:7) Jehova o nka lehloyo le jwalo e le ho mo kgwatha ka monwana ka leihlong. Hase feela a rerileng ho lokolla sabole ya hae ya phetetso ho lwantsha Edomo!—Esaia 34:5-15; Jeremia 49:7-22.
Mmalo wa Bibele
(Jeremia 50:1-10) Lentswe leo Jehova a ileng a le bua malebana le Babylona, malebana le naha ya Bakalde, ka moprofeta Jeremia: 2 “Le boleleng hara ditjhaba mme le le phatlalatse. Phahamisang pontsho; e phatlalatseng. Le se ke la pata letho. E reng, ‘Babylona e hapuwe. Bele o hlabisitswe dihlong. Merodake o tshohile. Ditshwantsho tsa yona di hlabisitswe dihlong. Ditshwantsho tsa yona tse rapelwang tse nyonyehang di tshohile.’ 3 Etswe setjhaba se e futuhetse se tswa leboya. Ke sona se etsang hore naha ya yona e be ntho e makallwang, hoo ho se nang ya dulang ho yona. Motho le phoofolo e ruuwang ba balehile. Ba tsamaile.” 4 “Matsatsing ao le nakong eo,” ho bolela Jehova, “bara ba Iseraele, bona hammoho le bara ba Juda, ba tla tla. Ba tla tsamaya, ba tsamaye ba ntse ba lla, mme ba tla batla Jehova Modimo wa bona. 5 Ba tla nne ba botse tsela e yang Sione, difahleho tsa bona di shebile ka nqa eo, ba re, ‘Tloong mme re ikopanyeng le Jehova selekaneng se hlolang ka nako e sa lekanyetswang se ke keng sa lebalwa.’ 6 Setjhaba sa ka se fetohile mohlape wa dibopuwa tse timelang. Badisa ba sona ba entse hore se lelere. Ba se tsamaisitse dithabeng. Ba tlohile thabeng ba ya leralleng. Ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo. 7 Bohle ba ba fumanang ba ba qetile, mme dira tsa bona di itse, ‘Re ke ke ra ba molato, ka lebaka la hore ba sitetswe Jehova sebaka sa bodulo sa ho loka le tshepo ya baholoholo ba bona, Jehova.’ ” 8 “Balehang Babylona, mme le tswe naheng ya Bakalde, le be jwalo ka diphoofolo tse etellang mohlape pele. 9 Etswe bonang! ke tsosa le ho tlisa phutheho ya ditjhaba tse kgolo tse tswang naheng ya leboya kgahlanong le Babylona, mme ka sebele di tla etsa theko kgahlanong le yona. E tla haptjwa moo. Marumo a motho a jwalo ka a monna ya matla ya bakang ho amohuwa bana, ya ke keng a kgutla ho se na ditholwana. 10 Kalde e tla fetoha thepa e hapuweng. Bohle ba hapang thepa ho yona ba tla ikgotsofatsa,” ho bolela Jehova.