Ka ho le letshehadi: Morabo rona o tshwarelwa ho bolela motseng wa Eindhoven, Netherlands, ka 1945; ka ho le letona: Na mosebetsi wa boboledi o dumeletswe ka molao moo o dulang teng?
KAROLO YA BONE
Mmuso o a Hlola—Ho Theha ka Molao Ditaba Tse Molemo
HA O ntse o bolela ka ntlo le ntlo, o utlwa modumo wa siren. Modumo ona o ntse o utlwahala le ho feta. Ha o qala ho bua le monga ntlo, motho eo o tsamayang le yena o sitiswa ke koloi ya mapolesa ha e ema pela lona. Lepolesa le tswa ka koloing mme le a botsa: “Na ke lona batho ba ntseng ba tsamaya ka ntlo le ntlo ba bua ka Bibele? Batho ba ntse ba tletleba ka lona!” Le araba ka tlhompho mme le bolela hore le Dipaki Tsa Jehova. Ho tla etsahalang?
Se tla etsahala, se itshetlehile ka se ileng sa etsahala nakong e fetileng. Dilemong tse fetileng, mmuso wa naha ya heno o ile wa nna wa tshwara Dipaki Tsa Jehova jwang? Na le na le bolokolohi ba ho rapela Jehova? Haeba ho jwalo, e ka nna yaba bolokolohi boo bo bile teng ka lebaka la hore ka dilemo tse mashome, bara le baradibabo rona ba ile ba sebetsa ka thata ho “theheng ka molao ditaba tse molemo.” (Bafil. 1:7) Ho sa tsotellehe hore o dula naheng efe, ho nahana ka tsela eo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa hlola dinyewe ka yona ho ka o matlafatsa tumelo. Karolong ena re tla hlahloba tse ding tsa ditlaleho tseo tse hlollang. Ho hlola ha rona dinyewe tseo ke bopaki bo hlollang ba hore Mmuso ke wa sebele, hobane re ne re ke ke ra finyella sena ka matla a rona!