THUTO 4
Jesu Kreste ke Mang?
1. Bophelo ba Jesu bo qadile jwang?
Jesu o ne a ena le makgabane afe a neng a etsa hore batho ba mo rate?—MATHEU 11:29; MAREKA 10:13-16.
Ho fapana le batho ba bang, Jesu o phetse lehodimong e le lengeloi pele a tla e le motho lefatsheng. (Johanne 8:23) Modimo o ile a mo bopa pele ho dintho tsohle mme ka mora moo, Jesu a mo thusa ho bopa dintho tse ding. Ke yena feela eo Jehova a mo bopileng ka ho toba mme ke kahoo a bitswang Mora ya “tswetsweng a nnotshi kapa a le mong” wa Modimo. (Johanne 1:14) Jesu e ne e le Mmuelli wa Modimo, ke kahoo a boetseng a bitswang “Lentswe.”—Bala Liproverbia 8:22, 23, 30; Bakolose 1:15, 16.
2. Ke hobaneng ha Jesu a ile a tla lefatsheng?
Modimo o ile a romela Mora wa hae lefatsheng ka ho mo tlosa lehodimong mme a fetisetsa bophelo ba hae popelong ya morwetsana wa Mojuda ya bitswang Maria. Kahoo, Jesu o ne a se na ntate lefatsheng. (Luka 1:30-35) Jesu o ile a tla lefatsheng (1) ho tla ruta nnete ka Modimo, (2) ho re behela mohlala wa kamoo re ka etsang thato ya Modimo kateng le tlasa maemo a thata le (3) ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le “thekollo.”—Bala Matheu 20:28.
3. Ke hobaneng ha re hloka thekollo?
Thekollo ke ntho e patalwang ho lokolla motho kotsing ya lefu. (Exoda 21:29, 30) Modimo o ne a sa rera hore batho ba tsofale ba be ba shwe. Re tseba seo jwang? Modimo o ile a bolella monna wa pele e leng Adama, hore haeba a ka etsa seo Bibele e reng ke “sebe” o tla shwa. Hoja Adama a se ke a etsa sebe, a ka be a sa shwa. (Genese 2:16, 17; 5:5) Ho ya ka Bibele, lefu le ile la “kena” ho batho bohle ba lefatsheng ka Adama. Kahoo, Adama o ile a fetisetsa sebe le kotlo ya sona e leng lefu ho bana bohle ba hae. Re hloka thekollo e le hore re lokollwe kotlong ya lefu leo re le futsitseng ho tswa ho Adama.—Bala Baroma 5:12; 6:23.
Ke mang ya neng a tla patala thekollo e le hore a re lokolle lefung? Ha re shwa, re patalla kotlo ya dibe tsa rona feela. Ha ho motho ya sa phethahalang ya ka kgonang ho patalla dibe tsa batho ba bang.—Bala Pesaleme ya 49:7-9.
4. Ke hobaneng ha Jesu a ile a shwa?
Ho fapana le rona, Jesu o ne a phethahetse. Kahoo ha a ka a shwela dibe tsa hae, hobane o ne a se na tsona. Ho e na le hoo, Jesu o shwetse dibe tsa batho ba bang. Modimo o ile a bontsha hore o rata batho haholo ka ho romela Mora wa hae hore a re shwele. Jesu le yena o ile a bontsha hore o a re rata ka ho mamela Ntate wa hae le ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa dibe tsa rona.—Bala Johanne 3:16; Baroma 5:18, 19.
Shebella video e reng Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?
5. Jesu o etsang hona jwale?
Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a fodisa ba kulang, a tsosa bafu a ba a lopolla batho mathateng. Ka ho etsa jwalo, o ile a bontsha dintho tseo a tlo di etsetsa batho ba mamelang nakong e tlang. (Matheu 15:30, 31; Johanne 5:28) Ka mora hore Jesu a shwe, Modimo o ile a mo tsosa e se e le lengeloi. (1 Petrose 3:18) Ka mora moo, Jesu o ile a ema ka letsohong le letona la Modimo ho fihlela Jehova a mo fa matla a ho busa lefatshe lohle e le Morena. (Baheberu 10:12, 13) Hona jwale Jesu o busa e le Morena lehodimong mme balatedi ba hae ba phatlalatsa ditaba tse molemo lefatsheng lohle.—Bala Daniele 7:13, 14; Matheu 24:14.
Haufinyane, Jesu o tla sebedisa matla a hae a Borena ho fedisa mahlomola ohle le bohle ba a bakang. Bohle ba bontshang tumelo ho Jesu le ho mo mamela ba tla fumana bophelo lefatsheng la paradeise.—Bala Pesaleme ya 37:9-11.