Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb18 September leq. 8
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Qala Moqoqo ka Tsela e ka Etsang Hore o Pake

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Qala Moqoqo ka Tsela e ka Etsang Hore o Pake
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Thabela ho Qadisa Moqoqo
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Eba Motho wa Batho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Qoqa ka Dintho Tse Tlwaelehileng
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?
    Batjha ba a Botsa
Bala Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 September leq. 8

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Qala Moqoqo ka Tsela e ka Etsang Hore o Pake

Jesu o ile a kgona ho pakela mosadi wa Mosamaria ha monyetla o hlaha hobane o ile a qala ka ho qoqa le mosadi eo. Re ka ntlafatsa tsebo ya rona ka ho qadisa moqoqo le batho bao re sa ba tsebeng jwang?

Jesu o bua le mosadi wa Mosamaria sedibeng
  • Eba botswalle mme o bue le batho. Le hoja Jesu a ne a kgathetse, o ile a qadisa moqoqo ka ho kopa metsi. Ka hoo, o ka qala ka ho dumedisa mme ka mora moo mohlomong o ka bua ka boemo ba lehodimo kapa ka ntho e sa tswa etsahala. Hopola hore sepheo sa hao ke ho qadisa moqoqo, ka hoo o ka bua ka eng kapa eng eo o nahanang hore motho a ka e thahasella. Haeba motho eo a sa thabele ho qoqa le wena, o se ke wa nyahama. Leka ho bua le motho e mong hape. Kopa Jehova hore a o fe sebete.—Ne 2:4; Lik 4:29.

  • Ela hloko monyetla o ka hlahang wa hore o bolele ditaba tse molemo empa o se ke wa potlaka. Qoqa ka dintho tse tlwaelehileng. Haeba o qobella moqoqo, motho eo o buang le yena a ka nna a ikutlwa a sa phutholoha ebe o kgaotsa ho qoqa le wena. O se ke wa nyahama haeba moqoqo o fela le pele o paka. Haeba o tshaba ho paka ha monyetla o hlaha, itlwaetse ho qadisa moqoqo feela empa o sa pake. [Bapala video ya 1 le be le buisane ka yona.]

  • Leka ho qadisa moqoqo ka ho bua ho hong ka bodumedi ba hao, mohlomong seo se ka etsa hore motho eo o buang le yena a botse dipotso. Jesu o ile a bua dintho tse ileng tsa makatsa mosadi eo hoo a ileng a botsa dipotso. Jesu o ile a araba dipotso tsa hae ha a ntse a mo bolella ditaba tse molemo. [Bapala video ya 2 le be le buisane ka yona, ebe ka mora moo o bapala video ya 3 le be le buisane ka yona.]

Basadi ba babedi ba akgelana bolo

Ho qadisa moqoqo ho tshwana le papadi ya ho akgelana bolo. Ho hlokahala bonyane batho ba babedi hore papadi e qale. Nakong e tlang ha monyetla o hlaha, “akgela” mantswe a itseng mme o bone hore na o ke ke wa qadisa moqoqo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela