PINA YA 127
Ke Tshwanela ho ba Motho wa Mofuta Ofe?
E Hatisitsweng
1. Ke tla o lefa jwang, ke o lebohe
Ka ntho tse molemo tseo o mphileng tsona?
Ntate Jehova, o mphile Lentswe la hao
Mme ke lona le nthusang ho itlhahloba.
(BOROKGO)
Ke tla sebeletsa wena Jehova,
Ke o sebeletse ka boitelo bohle.
Ke o sebeletse ka pelo yohle,
Ke be e mong wa ba o rorisang.
A ko nthuse Ntate, nthuse ho bona
Hore ke tshwanela ho ba motho ya jwang.
Ba tshepahalang ba’a o thabisa, Ntate.
Le nna ke batla ho ba e mong wa bona.
(Sheba le Pes. 18:25; 116:12; Diprov. 11:20.)