Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • fg thuto 1 dipotso 1-3
  • Ditaba Tse Molemo Keng?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditaba Tse Molemo Keng?
  • Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Modimo o Tla Etsang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Modimo ke Mang?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
fg thuto 1 dipotso 1-3

THUTO 1

Ditaba Tse Molemo ke Eng?

1. Ditaba tse tswang ho Modimo ke eng?

Modimo o batla hore batho ba thabele ho phela lefatsheng. O ile a bopa lefatshe le dintho tsohle tse ho lona hobane a rata batho. Haufinyane o tla nka bohato e le hore a fe batho bokamoso bo molemo naheng e nngwe le e nngwe. O tla lokolla batho dinthong tse bakang mahlomola.​—Bala Jeremia 29:11.

Ha ho na mmuso o kileng wa fedisa diketso tse mabifi, ho hloka toka, malwetse kapa lefu. Empa ho na le ditaba tse molemo. Haufinyane Modimo o tla hloma mmuso wa hae o tla nkela mebuso yohle ya batho sebaka. Batho ba buswang ke mmuso wa hae ba tla thabela ho phela ka kgotso ba sa kule.​—Bala Esaia 25:8; 33:24; Daniele 2:44.

2. Ke hobaneng ha ditaba tse molemo di le bohlokwa hakaale?

Mahlomola a tla fela ha Modimo a fedisa batho ba kgopo lefatsheng. (Sofonia 2:3) Seo se tla etsahala neng? Lentswe la Modimo le ile la bolela esale pele ka maemo ao hona jwale a behileng bophelo ba batho kotsing. Dintho tse etsahalang hona jwale di bontsha hore nako ya hore Modimo a kenelle e atametse.​—Bala 2 Timothea 3:1-5.

3. Ke eng seo re lokelang ho se etsa?

Re lokela ho ithuta ka Modimo ka Lentsweng la hae, e leng Bibele. E tshwana le lengolo le tswang ho ntate ya lerato. E re bolella kamoo re ka thabelang bophelo bo molemo kateng hona jwale, le ho thabela ho phela ka ho sa feleng lefatsheng nakong e tlang. Ke nnete hore batho ba bang ba ka nna ba se ke ba thabela taba ya hore o fumane thuso ya ho utlwisisa Bibele. O se ke wa dumella letho ho o sitisa ho fumana bokamoso bo monate.​—Bala Liproverbia 29:25; Tšenolo 14:6, 7.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela