MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 48-50
Batho ba Hodileng ba ka re Ruta Dintho Tse Ngata
Ha bara le baradibabo rona ba hodileng ba re bolella ka moo ba boneng Jehova a etsa “mesebetsi e hlollang” mehleng ena ya bofelo, seo se etsa hore tumelo eo re nang le yona ho Jehova le ditshepisong tsa hae e be matla. (Pes 71:17, 18) Haeba le na le bara le baradibabo rona ba hodileng phuthehong ya lona ba botse hore na
Jehova o ba thusitse jwang ho hlola mathata ao ba kopaneng le ona ha ba ntse ba mo sebeletsa
ba ile ba ikutlwa jwang ha ba ntse ba bona bahweletsi ba ntse ba eketseha
ba ile ba ikutlwa jwang ha mokgatlo o hlakisa tsela eo re utlwisisang Bibele ka yona
le hore na ba hlokometse diphetoho dife mokgatlong wa Jehova