Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
7-13 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 23-24
“O se ke wa Latela Bongata”
(Exoda 23:1) “O se ke wa bolela tlaleho ya bohata. O se ke wa sebedisanammoho le ya kgopo ka ho fetoha paki e rerang pefo.
Na o na le Dintlha Kaofela?
7 Na o rata ho romella metswalle le batho bao o ba tsebang melaetsa ka founo kapa ka E-meile? Haeba ho jwalo, na ha o utlwa ho buuwa ka ntho e itseng ditabeng, o ye o ikutlwe jwalo ka moqolotsi wa ditaba, ya batlang hore e be yena wa pele wa ho hlaha ka ditaba tse itlhommeng pele? Empa e ka ba hantle hore pele o fetisa taba eo, o ipotse: ‘Ke kgodisehile hakae hore taba ena ke nnete? Na ebe ke na le bopaki?’ Haeba o sa kgodiseha, o ka iphumana o jetse mashano ka hara phutheho o sa hlokomele. Ka hona, e ka ba bohlale hore o hlakole molaetsa oo mme o se ke wa o romela.
8 Ho na le lebaka le leng hape le bontshang kotsi ya ho potlakela ho fetisa melaetsa ka founu kapa E-meile. Mosebetsi wa rona wa boboledi o thibetswe dinaheng tse ding. Bahanyetsi ba rona dinaheng tseo, ba ka nna ba jala mashano ka rona e le ha ba batla hore re tshohe kapa re qabane. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala dinaheng tsa Soviet Union. Mapolesa a bitswang KGB, a ile a re barababo rona ba nang le boikarabelo ka phuthehong ha ba tshepahale yaba a hasa mashano ka bona. Ba bangata ba ile ba kgolwa mashano ao mme ba ngala phutheho. Ena e ile ya ba taba e bohloko hakakaang. Ho thabisang ke hore hamorao ba bang ba ile ba hlaphohelwa mme ba kgutla. Empa ba bang bona ha ba a ka ba kgutla. Tumelo ya bona e ile ya senyeha jwalo ka sekepe se swahlamaneng. (1 Tim. 1:19) Rona re ka qoba tlokotsi eo jwang? Ka hore re se ke ra fetisa ditaba tse nyahamisang, tseo re se nang bopaki ba tsona. O se ke wa ithetsa mme wa ya le kgongwana hodimo. Leka ho fumana hore na taba eo ke nnete kapa jwang.
(Exoda 23:2) O se ke wa latela bongata bakeng sa sepheo se sebe; mme o se ke wa paka tsekong hore o kgelohe le bongata bakeng sa ho kgopamisa toka.
it-1-E 11 ¶3
Arone
Maemong a mararo ao Arone a ileng a etsa diphoso ho ona, ho bonahala a ile a di etsa ka lebaka la kgatello kapa tshusumetso e tswang ho batho ba bang. Lekgetlo la pele o ile a fosetsa Jehova ka hore a se ke a mamela molaomtheo o reng: “O se ke wa latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.” (Ex 23:2) Le ha ho le jwalo, Bibele e bua ka yena ka tsela e hlomphehang mme ha Mora wa Modimo a le lefatsheng o ne a nka boprista ba Arone e le ba bohlokwa.—Pes 115:10, 12; 118:3; 133:1, 2; 135:19; Mat 5:17-19; 8:4.
(Exoda 23:3) Ha e le ya tlaase, o se ke wa bontsha leeme tsekong ya hae.
it-1-E 343 ¶5
Bofofu
Ha moahlodi a ne a sa ahlole ka toka, hoo ho ne ho tshwantshwa le bofofu mme Molao o ne o hanela ho ntsha tjotjo, dimpho le ho bontsha leeme hobane dintho tsena di ne di ka etsa hore moahlodi a se ke a ahlola ka toka. Bibele e re: “Tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokgwa o hlakileng.” (Ex 23:8) Hape e re: “Tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale.” (De 16:19) Le hoja moahlodi e ne e le motho ya lokileng kapa ya nang le temoho o ne a ka nna a susumetswa ke mpho eo batho ba nyeweng eo ba mo fang yona a hlokomela kapa a sa hlokomele. Molao wa Modimo o bontsha hore mpho le ho ahlola feela ka maikutlo ho ka foufatsa motho ha o re: “Le se ke la tshwara ya tlase ka leeme mme le se ke la emela e moholo.” (Le 19:15) Moahlodi o ne a sa lokela ho etsa diqeto kgahlanong le motho ya ruileng hobane feela a ruile mme o ne a sa lokela ho etsa qeto ho ya ka maikutlo a hae feela kapa a batla ho kgatlisa bongata.—Ex 23:2, 3.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 23:9) “O se ke wa hatella mojaki, etswe le tsebile moya wa mojaki, hobane le bile bajaki naheng ya Egepeta.
w16.10 9 ¶4
“Le se ke la Lebala ho Amohela Baeti”
4 Ho e na le hore Jehova a laele Baiseraele hore ba hlomphe baditjhaba, o ile a ba susumelletsa hore ba be le kutlwelo bohloko. (Bala Exoda 23:9.) Ba ne ba tseba hore na ho jwang ‘ho ba bajaki.’ Le pele Baegepeta ba etsa Baheberu makgoba, ho ka etsahala hore ba ne ba se ba ntse ba ba kgetholla ka lebaka la morabe le bodumedi. (Gen. 43:32; 46:34; Ex. 1:11-14) Baiseraele ba ne ba hutse ka thata ha e ntse e le bajaki, empa Jehova o ne a lebelletse hore ba tshware motho le ha e le ofe wa moditjhaba ‘jwalo ka letswallwa la habo bona.’—Lev. 19:33, 34.
(Exoda 23:20, 21) “Bona! ke romela lengeloi hore le o etelle pele hore le o boloke tseleng mme le o tlise sebakeng seo ke se lokisitseng. 21 Itebele ka lebaka la lona mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, etswe le ke ke la tshwarela ditlolo tsa lona, hobane lebitso la ka le ho lona.
it-2-E 393
Mikaele
1. Mikaele ke lona feela lengeloi le halalelang leo Bibele e le bitsang ka lebitso ntle ho Gabariele mme ke lona feela le bitswang “lengeloi le ka sehloohong.” (Juda 9) Lebitso la Mikaele le hlaha ka lekgetlo la pele ho Daniele kgaolo ya 10 e bontshang hore Mikaele ke “e mong wa dikgosana tse ka pelepele.” O ile a thusa lengoloi le tlasana le neng le hanyetswa ke “kgosana ya sebaka se pusong ya borena sa Persia.” Mikaele o ne a bitswa ‘kgosana ya [Daniele] bona’, ‘kgosana e kgolo e emeng molemong wa bara ba setjhaba sa [Daniele] bona.’ (Da 10:13, 20, 21; 12:1) Ka hoo, Mikaele ke lona lengeloi le neng le etella bara ba Iseraele lefelleng. (Ex 23:20, 21, 23; 32:34; 33:2) Mikaele ke yena “lengeloi le ka sehloohong le neng le na le phapang le Diabolose mme a pheha kgang ka setopo sa Moshe”. Ka hoo, mabaka ana kaofela ke ona a etsang hore re dumele hore lengeloi leo ho buuwang ka lona ke Mikaele.”—Juda 9.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 23:1-19) “O se ke wa bolela tlaleho ya bohata. O se ke wa sebedisana mmoho le ya kgopo ka ho fetoha paki e rerang pefo. 2 O se ke wa latela bongata bakeng sa sepheo se sebe; mme o se ke wa paka tsekong hore o kgelohe le bongata bakeng sa ho kgopamisa toka. 3 Ha e le ya tlase, o se ke wa bontsha leeme tsekong ya hae. 4 “Haeba o ka teana le poho ya sera sa hao kapa esele ya sona e hlahlathela, o e kgutlisetse ho sona. 5 Haeba o ka bona esele ya motho ya o hloileng e bothile tlasa mojaro wa yona, o se ke wa mo siya. Ruri o e lokolle le yena. 6 “O se ke wa kgopamisa qeto ya boahlodi ya motho wa heno wa mofutsana tsekong ya hae. 7 “O be hole le lentswe la bohata. Mme o se ke wa bolaya ya hlokang molato le ya lokileng, etswe nke ke ka bolela hore ya kgopo o lokile. 8 “O se ke wa amohela tjotjo, etswe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokgwa o hlakileng mme e ka kgopamisa mantswe a batho ba lokileng. 9 “O se ke wa hatella mojaki, etswe le tsebile moya wa mojaki, hobane le bile bajaki naheng ya Egepeta. 10 “Ka dilemo tse tsheletseng o jale tshimo ya hao peo mme o bokelle dihlahiswa tsa yona. 11 Empa ka selemo sa bosupa o e tlohele e sa lengwa mme o e lese e lale, mme mafutsana ho batho ba heno a je ho yona; se siilweng ke ona se tla jewa ke dibata tsa naha. Ke tsela eo o tla etsa ka yona ka serapa sa hao sa morara le moru wa hao wa mohlware. 12 “O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng; empa o kgaotse ka letsatsi la bosupa, e le hore poho ya hao le esele ya hao di phomole le mora wa lekgabunyane la hao le mojaki ba ikgatholle. 13 “Le itebele mabapi le sohle seo ke le boleletseng sona; mme le se ke la bolela mabitso a medimo e meng. Ha a a lokela ho utluwa melomong ya lona. 14 “O tla nketsetsa mokete hararo ka selemo. 15 O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang. O tla ja mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, feela jwalo ka ha ke o laetse, ka nako e behilweng ka kgwedi ya Abibe, hobane ka yona o ile wa tswa Egepeta. Ba se ke ba itlhahisa ho nna ba sa nka letho. 16 Le mokete wa kotulo ya ditholwana tsa pele tse butswitseng tsa mesebetsi ya lona, tsa seo le se jalang tshimong; le mokete wa ho bokella ha selemo se fela, ha le bokella mesebetsi ya lona tshimong. 17 Ka makgetlo a mararo ka selemo e mong le e mong e motona wa hao o tla hlaha ka pela sefahleho sa Morena wa nnete, Jehova. 18 “Madi a sehlabelo sa ka o se ke wa a etsa sehlabelo hammoho le se lomositsweng. Mafura a mokete wa ka ha a a lokela ho hlola bosiu ho fihlela hoseng. 19 O tlise ditholwana tse ntlehadi tsa pele tse butswitseng tsa mobu ka tlung ya Jehova Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.
14-20 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 25-26
“Ntho ya Bohlokwa ka ho Fetisisa ka Tabernakeleng”
(Exoda 25:9) Ho ya ka sohle seo ke o bontshang sona e le mohlala wa tabernakele le mohlala wa thepa yohle ya yona, ke tsela eo o tla e etsa ka yona.
it-1-E 165
Areka ya Selekane
Tsela eo e Entsweng ka Yona. Ntho ya pele eo Jehova a ileng a e bolella Moshe ha a ne a re a hahe tabernakele ke hore na Areka e lokela ho etswa jwang. Areka e ne e le yona ya bohlokwa ka ho fetisisa ka tabernakeleng le ho setjhaba sa Iseraele. E ne e le bolelele ba ditswe tse pedi le halofo, bophara ba yona e le setswe le halofo mme bophahamo ba yona e le setswe le halofo (c. 111 × 67 × 67 cm; 44 × 26 × 26 in.). E ne e entswe ka lehong la leoka mme e kwahetswe ka kgauta ka ntle le ka hare, e potolohilwe ke mophetho wa kgauta. Sekwahelo sa Areka se ne se sa etswa ka lehong la leoka empa se ne se entswe ka kgauta kaofela ha sona. Ka hodima sekwahelo sa yona ho ne ho na le dikerubime tse pedi tsa kgauta tse inameng mme difahleho tsa tsona di ne di shebane ebile mapheo a tsona a phukalletse hodima Areka. (Ex 25:10, 11, 17-22; 37:6-9) Sekwahelo sena se ne se boetse se tsebahala e le “sekwahelo sa poelano.”—Ex 25:17; Heb 9:5, sheba PROPITIATORY COVER.
(Exoda 25:21) O behe sekwahelo hodima Areka, mme ka hara Areka o behe bopaki boo ke tla o fa bona.
it-1-E 166 ¶2
Areka ya Selekane
Areka e ne e le sebaka se halalelang moo ho neng ho behilwe majwe a mabedi a bopaki kapa Melao e Leshome. (Ex 25:16) Hape ka hara yona ho ne ho kentswe “nkgo ya kgauta e nang le manna le molamu wa Arone o ileng wa ba le dithunthung “ mme di ile tsa tloswa ha ho ne ho hahwa tempele ya Solomone. (Heb 9:4; Ex 16:32-34; Nu 17:10; 1Ma 8:9; 2Likr 5:10) Pele Moshe a hlokahala, o ile a fa baprista ba Balevi “buka ya molao” mme o ile a ba laela hore ha ba lokela ho e beha ka hara Areka empa ba e behe ka ‘lehlakoreng la areka ya selekane sa Jehova Modimo wa bona, . . . e le bopaki kgahlanong le bona.’—De 31:24-26.
(Exoda 25:22) Ke tla itlhahisa ho wena moo mme ke o bolelle sohle seo ke tla o laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse pedi tse hodima areka ya bopaki.
it-1-E 166 ¶3
Areka ya Selekane
Areka e ne e Amana le ho ba Teng ha Modimo. Ho tloha kgale, haesale Areka e amana le ho ba teng ha Modimo. Jehova o ile a re: ‘Ke tla itlhahisa ho wena moo mme ke o bolelle sohle seo ke tla o laela sona ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse pedi tse hodima areka ya bopaki.’ “Ke tla hlaha hodima sekwahelo ka leru.” (Ex 25:22; Le 16:2) Samuele o ile a re Jehova o “dutse hodima dikerubime” (1Sa 4:4); ke ka hoo dikerubime di tshwantshetsang “setshwantsho sa koloi” ya Jehova. (1Likr 28:18) Ka hoo, “neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ya pokano ho ya bua le [Jehova], o ne a utlwa lentswe le buang le yena le tswa ka hodima sekwahelo se hodima areka ya bopaki, pakeng tsa dikerubime tse pedi; mme o ne a bua le yena.” (Nu 7:89) Ha morao, Joshua le Moprista ya Phahameng Finease ba ile ba bua le Jehova ka pela Areka. (Jos 7:6-10; Bhl 20:27, 28) Ke moprista ya phahameng feela ya neng a lokela ho kena ka Sehalaledisisong le ho ema ka pela Areka, o ne a etsa sena hanngwe ka selemo, o ne a sa kene ka moo ho bua le Jehova empa o ne a kena bakeng sa ho kwahela dibe.—Le 16:2, 3, 13, 15, 17; Heb 9:7.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 25:20) Dikerubime di phukalletse mapheo a tsona a mabedi hodimo, di sireletse sekwahelo ka mapheo a tsona, dlifahleho tsa tsona di shebane. Difahleho tsa dikerubime di lokela ho tadima sekwahelong.
it-1-E 432 ¶1
Dikerubime
Tabernakele e neng e le lefeelleng e ne e na le Areka e neng e na le dikerubime. Dikerubime tseo tse neng di dutse ka hodima sekwahelo sa Areka di ne di entswe ka kgauta. Difahleho tsa tsona di ne di tadimane mme di shebile sekwahelo ho bontsha hore di rapela Jehova. Di ne di na le mapheo a mabedi mme di ne di sirelleditse sekwahelo sa Areka ka mapheo a tsona. (Ex 25:10-21; 37:7-9) Hape, ka hara tabernakele ho ne ho na le lesira le neng le arohanya Sehalalelo le Sehalaledisiso mme lesira leo le ne le na le ditshwantsho tsa dikerubime.—Ex 26:1, 31; 36:8, 35.
(Exoda 25:30) O behe bohobe ba pontsho hodima tafole ka pela ka ka mehla.
it-2-E 936
Bohobe ba Pontsho
Ka tabernakeleng kapa ka tempeleng ho ne ho behilwe mahobe a 12 hodima tafole ka Sehalalelong mme ho ne ho behwa a matjha ka Sabatha e nngwe le e nngwe. (Ex 35:13; 39:36; 1Ma 7:48; 2Likr 13:11; Ne 10:32, 33) Bohobe ba pontsho ha bo fetolelwa ka Seheberu bo bolela bohobe ba sefahleho. Ka dinako tse ding lentswe “sefahleho” le ka bolela ho ba teng (2Ma 13:23) ka hoo, bohobe ba pontsho bo ne bo dula bo le teng ka pela sefahleho sa Jehova ka mehla. (Ex 25:30) Bohobe ba pontsho bo ka boela ba bolela “bohobe bo kolohantsweng” (2Likr 2:4), “mahobe a nyehelo” (Mar 2:26), kapa “mahobe” (Heb 9:2).
Mmalo wa Bibele
(Exoda 25:23-40) “O etse tafole ya lehong la leoka, e bolelele ba ditswe tse pedi le bophara ba setswe le bophahamo ba setswe le halofo. 24 O e kwahele ka kgauta e hlwekileng, mme o e etsetse mophetho wa kgauta ho potoloha. 25 O e etsetse foreimi e bophara ba seatla ho potoloha, mme o etse mophetho wa kgauta bakeng sa foreimi ya yona ho potoloha. 26 O e etsetse mehele e mene ya kgauta mme o behe mehele dikgutlong tse nne tsa maoto a mane. 27 Mehele e be haufi le foreimi e le ditshehetso tsa dipalo bakeng sa ho jara tafole. 28 O etse dipalo ka lehong la leoka mme o di kwahele ka kgauta, mme ba jare tafole ka tsona. 29 “O etse dijana tsa yona le dinwelo tsa yona le dijeke tsa yona le dikotlolo tsa yona tseo ba tla tshela dinyehelo tse mokedikedi ka tsona. O tla di etsa ka kgauta e hlwekileng. 30 O behe bohobe ba pontsho hodima tafole ka pela ka kamehla. 31 “O etse sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana sa lebone se tehwe ka hamore. Bokatlaase ba sona, makala a sona, dikgakeletsi tsa sona, dikotola tsa sona le dithunthung tsa sona di hlahelle ho sona. 32 Makala a tsheletseng a hlahella mahlakoreng a sona, makala a mararo a sedulwana sa lebone ka lehlakoreng le leng la sona le makala a mararo ka lehlakoreng le leng la sona. 33 Dikgakeletsi tse tharo tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde di sehlopheng se le seng sa makala, mme dikotola le dithunthung di a fapanyetsana, mme dikgakeletsi tse tharo tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde di sehlopheng se seng sa makala, mme dikotola le dithunthung di a fapanyetsana. Ena ke tsela eo makala a tsheletseng a hlahellang sedulwaneng sa lebone a leng ka yona. 34 Sedulwaneng sa lebone ho na le dikgakeletsi tse nne tse bopehileng jwalo ka almonde, mme dikotola tsa sona le dithunthung tsa sona di a fapanyetsana. 35 Kotola e tlasa makala a mabedi e hlahella ho sona le kotola e tlasa makala a mang a mabedi e hlahella ho sona le kotola e tlasa makala a mang hape a mabedi e hlahella ho sona, bakeng sa makala a tsheletseng a hlahellang sedulwaneng sa lebone. 36 Dikotola tsa sona le makala a sona di lokela ho hlahella ho sona. Kaofela ha tsona ke ntho e le nngwe e teilweng ka hamore, ya kgauta e hlwekileng. 37 O se etsetse mabone a supileng; mabone a hotetswe, mme a kganyetse sebaka se ka pela ona. 38 Matlao a sona le dipane tsa sona tsa mollo e be tsa kgauta e hlwekileng. 39 Tsona hammoho le disebediswa tsena tsohle tsa sona o lokela ho di etsa ka talenta ya kgauta e hlwekileng. 40 O tiise hore o di etsa ho latela mohlala wa tsona oo o ileng wa o bontshwa thabeng.
21-27 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 27-28
“Re ka Ithutang Diaparong Tseo Baprista ba Neng ba di Apara?”
(Exoda 28:30) O kenye Urime le Thumime ka hara kotla ya sefuba ya kahlolo, mme di tla ba hodima pelo ya Arone ha a kena ka pela Jehova; Arone a jare dikahlolo tsa bara ba Iseraele hodima pelo ya hae ka pela Jehova ka mehla.
it-2-E 1143
Urime le Thumime
Ditsebi tse ding tsa Bibele di dumela hore majwe a Urime le Thumime e ne e le dilotho. A bitswa “dilotho tse halalelang” ho Exoda 28:30 phetolelong ya James Moffatt’s. Ba bang ba dumela hore e ne e le majwe a mararo, le leng le ne le ngotswe “e” le leng le “tjhe” le leng lona le ne le sa ngolwa letho. Majwe ana a ne a sebediswa hore ho tle ho fumanwe karabo, haeba lejwe lena le ne le ka ema ka moo ho sa ngolwang letho seo se ne se bolela hore ha hona karabo. Ba bang bona ba dumela hore e ne e le majwe a mabedi, ka lehlakoreng le leng le le lesweu mme ka lehlakoreng le leng le le letsho. Majwe ana ha a ne a lahlelwa fatshe mme a ema ka bosweung a le mabedi karabo e ne le “e” empa haeba a ne a dutse ka botshong ka bobedi karabo e ne e le “tjhe” mme haeba le leng le ne le dutse ka bosweung mme le leng ka botshong seo se ne se bolela hore ha hona karabo. Kgetlo le leng ha Saule a ne a botsa moprista hore na ba ka ya mme ba hlasela Bafilista ha a ka a fumana karabo. O ne a nahana hore e mong wa bahlanka ba hae o entse sebe ka hoo o ile a rapela a re: “Modimo wa Iseraele fana ka Thumime.” Saule le Jonathane ba ile ba suthisetswa ka thoko, mme ka mora moo ha lahlelwa lotho pakeng tsa bona e le hore ho etswe qeto. Ho bonahala tlalehong ena mantswe a reng “Fana ka Thumime” a ne a sa bolele ho lahlela lotho. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore dintho tsena ka bobedi ho na le moo di amanang.—1Sa 14:36-42.
(Exoda 28:36) “O etse lekapa le benyang la kgauta e hlwekileng mme o ngole hodima lona ka mongolo o fatilweng o kang wa tiiso, ‘Kgalalelo ke ya Jehova.’
it-1-E 849 ¶3
Phatla
Moprista ya Phahameng wa Iseraele. O ne a rwala tuku e nang le lekapa la kgauta phatleng ya hae, e ne e le “pontsho e halalelang ya boinehelo,” mme e ne e na le “mongolo o fatilweng o kang oa tiiso” o nang le mantswe a reng “Kgalalelo ke ya Jehova.” (Ex 28:36-38; 39:30) Moprista ya phahameng wa Israele e ne e le moemedi ya ka sehloohong borapeding ba Jehova mme e ne e le ntho ya bohlokwa hore a dule a halalela. Ka hoo, mongolo o phatleng ya hae o ne o ne o dula o hopotsa Baiseraele bohle hore ba lokela ho dula ba halalela ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. O ne o boetse o hlalosa Jesu Kreste hantle e leng Moprista ya Phahameng mme o bontsha hore boprista ba hae bo tswa ho Jehova ebile bo bonahatsa kgalalelo ya Modimo.—Heb 7:26.
(Exoda 28:42, 43) O ba etsetse maqapa a line hore ba kwahele nama e hlobotseng. A tla theoha ho tloha lethekeng ho ya fihla seropeng. 43 A aparwe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tenteng ya pokano kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang, e le hore ba se ke ba itlisetsa phoso mme ka sebele ba shwa. Ke taelo e hlomamisitsweng ho isa nakong e sa lekanyetswang bakeng sa hae le bana ba hae ka mora hae.
w08 8/15 15 ¶17
Tlotla Jehova ka ho Bontsha ho Hlompheha
17 Re lokela ho hlompheha haholoholo ha re rapela Jehova. Moeklesia 5:1 e re “Lebela maoto a hao neng kapa neng ha o eya ntlong ya Modimo wa nnete.” Moshe le Joshua ba ile ba laelwa hore ba role meqathatso ya bona ha ba ne ba le sebakeng se halalelang. (Ex. 3:5; Josh. 5:15) Ba ne ba lokela ho etsa sena e le ho bontsha hore ba na le tlhompho e kgolo. Baprista ba Baiseraele ba ne ba lokela ho apara maqapa a line “hore ba kwahele nama e hlobotseng.” (Ex. 28:42, 43) Sena se ne se thibela hore ha ba sebeletsa aletareng, ba se ke ba pepeseha ka tsela e hlabisang dihlong. Setho se seng le se seng sa lelapa la moprista se ne se lokela ho boloka molao wa Modimo wa ho hlompheha.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 28:15-21) “O etse kotla ya sefuba ya kahlolo e le mosebetsi wa mokgabisi ya rokellang. O tla e etsa jwalo ka efoda. O tla e etsa ka kgauta, tshwele e putswa le boya bo fetotsweng mmala hore bo be bopherese bo bofubedu le kgwele e mmala o sekareleta wa kokase le line ya boleng bo botle e lohilweng. 16 E be le mahlakore a mane a lekanang ha e menwa, bolelele ba yona e be boahlamo ba seatla mme bophara ba yona e be boahlamo ba seatla. 17 O e tlatse ka majwe, ho be le mela e mene ya majwe. Mola wa pele e be wa rubi, topaze le emeralde. 18 Mola wa bobedi e be wa thekoise, safire le jaspere. 19 Mola wa boraro e be wa lejwe la leshem, agate le amethyste. 20 Mola wa bone e be wa krysolite le onyxe le jade. Didulwana tsa kgauta di tshelwe dikgetsheng tsa yona. 21 Majwe a be ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele, ba leshome le metso e mmedi ho ya ka mabitso a bona. A ngolwe ka mongolo o fatilweng o kang wa tiiso, le leng le le leng ho ya ka lebitso la lona, bakeng sa meloko e leshome le metso e mmedi.
w12 8/1 26 ¶1-3
Re o Lome Tsebe?
Majwe a bohlokwa a neng a manehilwe kotleng ya sefuba ya moprista e moholo wa Iseraele a ne a tswa hokae?
Ka mora hore Baiseraele ba kene lefeelleng ba tswa naheng ya Egepeta, Modimo o ile a ba laela hore ba etse kotla ena ya sefuba. (Exoda 28:15-21) Majwe a neng a manehilwe kotleng ena ya sefuba e ne e le rubi, topaze, emeralde, thekoise, safire, jaspere, leshem, agate, amethyste, krysolite, onyxe le jade. Na ka sebele Baiseraele ba ne ba e na le mefuta ee ya mahakwe?
Mehleng ya Bibele, batho ba ne ba nka majwe ana e le a bohlokwa haholo mme ba ne ba hwebisana ka ona. Ka mohlala, Baegepeta ba boholoholo ba ne ba lata mahakwe ana a bohlokwa hole, dibakeng tseo kajeno e leng Iran, Afghanistan mme ha ho kgoneha ba ne ba eya le India. Egepeta ho ne ho rafshwa majwe a bohlokwa a mefutafuta. Marena a Egepeta ke ona a neng a laola dirafshwa tsa dibaka tseo a neng a di busa. Mopatriareka Jobo o ile a hlalosa hore batho ba mehleng ya hae ba ne ba theohela ka tlasa lefatshe ka mekoti le dikotopo ho ya batla matlotlo. Hara dintho tse neng di fumanwa ka tlasa lefatshe, Jobo o boletse ka ho kgetheha ka safire le topaze.—Jobo 28:1-11, 19.
Tlaleho ya Exoda e bolela hore ha Baiseraele ba ne ba tsamaya, ba ile ba “nkela Baegepeta” dintho tsa bona tsa bohlokwa. (Exoda 12:35, 36) Ka hona, e ka nna yaba majwe a neng a manehilwe kotleng ya sefuba ya moprista e moholo, ke ao Baiseraele ba ileng ba tla le ona Egepeta.
(Exoda 28:38) Le be phatleng ya Arone, mme Arone a arabelle phoso e entsweng kgahlanong le dintho tse halalelang, tseo bara ba Iseraele ba tla di halaletsa, ke ho re, dimpho tsohle tsa bona tse halalelang; mme le dule phatleng ya hae ka mehla, ho ba fumanela kamohelo ka pela Jehova.
it-1-E 1130 ¶2
Kgalalelo
Diphoofolo le Dijo. Jehova o ne a nka matsibolo a diphoofolo tse kang poho, konyana le podi a halalela mme a ne a sa lokela ho lopollwa. A ne a lokela ho nyehelwa mme karolo e itseng ya ona e ne e fuwa baprista ba hlwekileng . (Nu 18:17-19) Ditholwana tsa pele le karolo ya leshome di ne di halalela ho akarelletsa le mahlabelo ohle le dimpho tsohle tse neng di fanwa bakeng sa tshebeletso e neng e etswa ka sehalalelong. (Ex 28:38) Jehova o ne a nka dintho tse halalelang e le tsa bohlokwa mme batho ba ne ba sa lokela ho di sebedisa bakeng sa merero ya bona kapa ka tsela e fosahetseng. Mohlala wa sena ke molao o mabapi le ho ntsha karolo ya leshome. Haeba motho a ne a batla ho ntsha koro e le karolo ya leshome ebe yena kapa e mong wa lelapa la hae o pheha koro eo a sa hlokomele, motho eo o ne a tla be a tlotse molao wa Modimo o mabapi le dintho tse halalelang. Molao o ne o bontsha hore o ne a lokela ho isa koro e lekanang le eo a e phehileng sehalalelong a be a e eketse mme a boele a fane ka pheleu e phetseng hantle e tswang mohlapeng wa dikgutshwane e le nyehelo. Ka hoo, batho ba ne ba lokela ho hlompha dintho tse halalelang tsa Jehova haholo.—Le 5:14-16.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 27:1-21) “O etse aletare ya lehong la leoka, e be bolelele ba ditswe tse hlano le bophara ba ditswe tse hlano. Aletare e lokela hore e be le mahlakore a mane a lekanang, mme bophahamo ba yona e be ditswe tse tharo. 2 O etse manaka a yona dikgutlong tsa yona tse nne. Manaka a yona a tla hlahella ho yona, mme o e kwahele ka koporo. 3 O etse maleke a yona bakeng sa ho tlosa molora wa yona o mafura, le dikgarafu tsa yona, le dikotlolo tsa yona, le difereko tsa yona, le dipane tsa yona tsa mollo; O tla etsa disebediswa tsohle tsa yona ka koporo. 4 O e etsetse sefe, letlowa la koporo; mme hodima sefe o etse mehele e mene ya koporo dintlheng tsa yona tse nne. 5 O e behe tlasa foreimi ya aletare tlase ka hare, mme letlowa le be nqa bohareng ba aletare. 6 O etse dipalo bakeng sa aletare, dipalo tsa yona e be tsa lehong la leoka, mme o di kwahele ka koporo. 7 Dipalo tsa yona di kenngwe meheleng, mme dipalo di be mahlakoreng a mabedi a aletare ha e jarwa. 8 O tla e etsa e le lebokose le bulehileng la mapolanka. Feela jwalo ka ha a o bontshitse thabeng, ba tla e etsa jwalo. 9 “O etse lebala la tabernakele. Bakeng sa lehlakore le ka nqa Negebe, ka borwa, lebala le na le masela a lepeletseng a line ya boleng bo botle, lehlakore le leng le bolelele ba ditswe tse lekgolo. 10 Ditshiya tsa lona tse mashome a mabedi le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabedi ke tsa koporo. Dithakgisa tsa ditshiya le mateano a tsona e be tsa silevera. 11 Ho jwalo le bakeng sa lehlakore le ka leboya ka bolelele, masela a lepeletseng a bolelele ba ditswe tse lekgolo, mme ditshiya tsa ona tse mashome a mabedi le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabedi e be tsa koporo, dithakgisa tsa ditshiya le mateano a tsona e be a silevera. 12 Ha e le bophara ba lebala, ka lehlakoreng le ka bophirimela masela a lepeletseng ke ditswe tse mashome a mahlano, ditshiya tsa ona di leshome mme ditshehetso tsa tsona tse sekoti di leshome. 13 Bophara ba lebala ka lehlakoreng le ka botjhabela ka nqa botjhabatsatsi ke ditswe tse mashome a mahlano. 14 Ho na le masela a lepeletseng a ditswe tse leshome le metso e mehlano ka lehlakoreng le le leng, ditshiya tsa ona di tharo mme ditshehetso tsa tsona tse sekoti di tharo. 15 Bakeng sa lehlakore le leng ho na le masela a lepeletseng a ditswe tse leshome le metso e mehlano, ditshiya tsa wona di tharo le ditshehetso tsa tsona tse sekoti di tharo. 16 “Bakeng sa heke ya lebala ho na le lesira le bolelele ba ditswe tse mashome a mabedi, la tshwele e putswa le boya bo fetotsweng mmala hore bo be bopherese bo bofubedu le kgwele e mmala o sekareleta wa kokase le line ya boleng bo botle e lohilweng, tse entsweng ke selohi, ditshiya tsa ona di nne mme ditshehetso tsa tsona di nne. 17 Ditshiya tsohle tsa lebala ho potoloha di na le dintho tse di tlamellang tsa silevera, mme dithakgisa tsa tsona ke tsa silevera empa ditshehetso tsa tsona tse sekoti ke tsa koporo. 18 Bolelele ba lebala ke ditswe tse lekgolo, bophara ke ditswe tse mashome a mahlano, bophahamo ke ditswe tse hlano, tsa line ya boleng bo botle e lohilweng, mme ditshehetso tsa tsona tse sekoti ke tsa koporo. 19 Disebediswa tsohle tsa tabernakele tse sebediswang tshebeletsong yohle ya yona, le dithakgisa tsohle tsa yona tsa tente, le dithakgisa tsohle tsa lebala ke tsa koporo. 20 “Ha e le wena, o laele bara ba Iseraele hore ba o fumanele oli e hlwekileng, ya mohlware o tutsweng bakeng sa lebone, e le hore mabone a hotetswe ka mehla. 21 Tenteng ya pokano, ka ntle ho lesira le pela Bopaki, Arone le bara ba hae ba tla le hlophisa ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng ka pela Jehova. Ke taelo e hlomamisitsweng ho isa nakong e sa lekanyetswang bakeng sa meloko ya bona, e tla phethwa ke bara ba Iseraele.
28 SEPTEMBER–4 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 29-30
“Monehelo o Fuwang Jehova”
(Exoda 30:11, 12) Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Neng kapa neng ha o bala bara ba Iseraele e le palo ya bona, jwale e mong le e mong a fane ka thekollo bakeng sa moya wa hae ho Jehova ha ba balwa, e le hore ba se ke ba hlahelwa ke kotlo le ha e le efe ha ba balwa.
it-2-E 764-765
Ho Bala Batho
Sinai. Ka selemo sa bobedi, kgweding ya bobedi ha Baiseraele ba ne ba tswa Egepeta, Jehova o ile a laela Moshe ka lekgetlo la pele hore a bale batho Sinai. E le hore Moshe a finyelle sena o ile a kgetha morenana lelokong le leng le le leng e le hore a ka bala leloko la hae. Ho ile ha kgethwa banna ba dilemo di 20 ho ya hodimo bakeng sa tshebeletso ya sesole mme Molao o ne o bontsha hore banna bao ba ngodisitsweng ba ne ba lokela ho ntsha halofo ya shekele bakeng sa tshebeletso ya tabernakeleng. (Ex 30:11-16; Nu 1:1-16, 18, 19) Banna bana ba ngodisitsweng ba ne ba le 603 550 empa ba ne ba sa akarelletse Balevi ka ha bona ba ne ba ke ke ba fumana naha. Balevi ba ne ba sa ntshe lekgetho bakeng sa tshebeletso ya tabernakeleng mme ba ne ba sa kenele sesole.—Nu 1:44-47; 2:32, 33; 18:20, 24.
(Exoda 30:13-15) Sena ke seo bohle ba fetelang ho ba badilweng ba tla fana ka sona: halofo ya shekele ka shekele ya sebaka se halalelang. Ligera tse mashome a mabedi di lekana le shekele. Halofo ya shekele ke monehelo wa Jehova. 14 E mong le e mong ya fetelang ho ba ngodisitsweng ho tloha ka ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo o tla fana ka monehelo wa Jehova.15 Ya ruileng ha a a lokela ho ntsha ho fetang, mme ya tlaase a se ke a fana ka ho ka tlaase ho halofo ya shekele, e le hore ho fanwe ka monehelo wa Jehova bakeng sa ho kwahela dibe tsa meya ya lona.
it-1-E 502
Monehelo
Molao o ne o lebelletse hore batho ba ntshe monehelo. Ha Moshe a ne a bala Baiseraele, banna ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba ne ba fana ka thekollo bakeng sa moya wa bona e leng “halofo ya shekele ka shekele ya sebaka se halalelang.” E ne e le “monehelo wa Jehova” bakeng sa ho kwahela dibe tsa meya ya bona le “bakeng sa tshebeletso ya tente ya pokano.” (Ex 30:11-16) Ho ya ka rahistori wa Mojuda ya bitswang Josephus (The Jewish War, VII, 218 [vi, 6]), ‘lekgetho lena le halalelang’ ha morao le ile la patalwa selemo le selemo.—2Likr 24:6-10; Mat 17:24; sheba TAXATION.
(Exoda 30:16) O nke tjhelete ya silevera ya ho kwahela dibe ho bara ba Iseraele mme o fane ka yona bakeng sa tshebeletso ya tente ya pokano, e le hore e ka ba sehopotso ka pela Jehova ho bara ba Iseraele, ho kwahela dibe tsa meya ya lona.”
w11 11/1 12 ¶1-2
Re o Lome Tsebe?
Ditshebeletso tsa tempele ya Jehova e Jerusalema di ne di hlokomelwa jwang ka ditjhelete?
Ditshebeletso tse ngata tsa tempele di ne di tshehetswa ka tjhelete ya lekgetho, haholoholo ka ho ntsha karolo ya leshome e tlamang. Empa ho ne ho boetse ho e na le mefuta e meng ya lekgetho e neng e sebediswa. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho hahwa tabernakele, Jehova o ile a laela Moshe hore Moiseraele e mong le e mong ya ngodisitsweng a ntshe halofo ya shekele ya silevera, e be “monehelo wa Jehova.”—Exoda 30:12-16.
Ka moo ho bonahalang ka teng, e ile ya eba tlwaelo hore Mojuda e mong le e mong a nehelane ka tjhelete ena selemo se seng le se seng e le lekgetho la tempele. Ke lona lekgetho lena leo Jesu a ileng a laela Petrose hore a le lefe ka tjhelete ya tshepe eo a neng a e nkile lehanong la tlhapi.—Matheu 17:24-27
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 29:10) “Jwale o hlahise poho ka pela tente ya pokano, mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho hloohong ya poho.
it-1-E 1029 ¶4
Letsoho
Ho Beha Matsoho Nthong e Itseng. Batho ba ne ba beha matsoho hodima motho kapa nthong e itseng ka mabaka a fapaneng. Hangata batho ba ne ba etsa sena ho bontsha hore ba ne ba kgetha motho ya itseng kapa hore ba mo ela hloko ka tsela e itseng. Ha Arone le bara ba hae ba ne ba tlo etswa baprista ba ile ba beha matsoho a bona hodima hlooho ya poho le dipheleu tse pedi tse neng di tlo nyehelwa, ba ile ba etsa sena hobane ba ne ba hlokomela hore diphoofolo tsena di ne di tlo nyehelwa molemong wa bona e le hore e ka ba baprista ba Jehova Modimo. (Ex 29:10, 15, 19; Le 8:14, 18, 22) Modimo o ile a laela Moshe hore a kgethe Joshua hore e be mohlahlami wa hae mme Moshe o ile a beha matsoho a hae hodima Joshua ya neng a “tletse moya wa bohlale” ka hoo o ile a kgona ho tataisa Baiseraele ka tsela e nepahetseng. (De 34:9) Matsoho a ne a behwa hodima motho ya neng a tla hlohonolofatswa. (Ge 48:14; Mar 10:16) Jesu Kreste o ile a tshwara kapa a beha matsoho a hae ho batho bao a neng a tlo ba fodisa. (Mat 8:3; Mar 6:5; Lu 13:13) Maemong a mang batho ba ne ba fumana mpho ya moya o halalelang ha baapostola ba ba beha matsoho.—Lik 8:14-20; 19:6.
(Exoda 30:31-33) “O tla bua le bara ba Iseraele, o re, ‘Ena e tla tswela pele e le oli e tlotsang e halalelang ho nna melokong ya lona. 32 E se ke ya tlotswa nameng ya moloko wa batho, mme le se ke la etsa motswako o tshwanang le yona. Ke ntho e halalelang. E lokela ho tswela pele e le ntho e halalelang ho lona. 33 Mang kapa mang ya etsang mafura a tshwanang le yona le ya tlotsang osele ka ona o tla fediswa setjhabeng sa habo.’”
it-1-E 114 ¶1
Ho Tlotswa
Molao oo Jehova a neng a o file Moshe o ne o bontsha hore oli ya ho tlotsa e ne e lokela ho etswa jwang. E ne e etswa ka dinoko tse kgethehileng tse kang myra, sinamone e monate, kalamase e monate, kasia, le oli ya mohlwaare. (Ex 30:22-25) E ne e le sebe hore motho a iketsetse motswako ona e le hore a ka o sebedisa (Ex 30:31-33) hobane oli ena e ne e halalela mme e ne e sebediswa ha motho a tlotswa.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 29:31-46) “O tla nka pheleu ya tlhomamiso, mme o phehe nama ya yona sebakeng se halalelang. 32 Arone le bara ba hae ba jelle nama ya pheleu le bohobe bo ka basketeng monyako wa tente ya pokano. 33 Ba je dintho tseo ho kwahetsweng dibe ka tsona bakeng sa ho tlatsa matsoho a bona ka matla, bakeng sa ho ba halaletsa. Empa osele a se ke a di ja, hobane ke dintho tse halalelang. 34 Haeba le ha e le efe ya nama ya sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe e ka sala ho fihlela hoseng, jwale o tjhese e setseng ka mollo. E se ke ya jewa, hobane ke ntho e halalelang. 35 “O etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ya ka sohle seo ke o laetseng sona. O tla nka matsatsi a supileng ho tlatsa matsoho a bona ka matla. 36 O tla nyehela poho ya nyehelo ya sebe letsatsi le leng le le leng bakeng sa ho kwahela dibe, mme o hlwekise aletare sebeng ka ho kwahela dibe hodima yona, mme o e tlotse hore o e halaletse. 37 O tla nka matsatsi a supileng bakeng sa ho kwahela dibe aletareng, mme o e halaletse e le hore ruri e be aletare e halalelang ka ho fetisisa. Mang kapa mang ya amang aletare o tla halalela. 38 “Sena ke seo o tla se nyehela aletareng: dipheleu tse nyenyane tseo ka nngwe ya tsona e nang le selemo, tse pedi ka letsatsi ka mehla. 39 O tla nyehela pheleu e nngwe e nyenyane hoseng, mme o nyehele pheleu e nngwe e nyenyane pakeng tsa dishwalane tse pedi. 40 Karolo ya leshome ya tekanyo ya efa ya phofo e thumisehileng e kolobisitsweng ka karolo ya bone ya hine ya oli e tutsweng, le nyehelo ya seno ya karolo ya bone ya hine ya veine, di tla tsamaya le pheleu ya pele e nyenyane. 41 O tla nyehela pheleu ya bobedi e nyenyane pakeng tsa dishwalane tse pedi. Hammoho le nyehelo ya dijothollo e kang ya hoseng le nyehelo ya seno e kang ya hoseng, o tla e nyehela e le monko o kgathollang, nyehelo e entsweng ka mollo ya Jehova. 42 Ke nyehelo ya setjheso ya ka mehla melokong yohle ya lona monyako wa tente ya pokano ka pela Jehova, moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng. 43 “Ke tla itlhahisa moo ho bara ba Iseraele, mme ka sebele e tla halaletswa ke kganya ya ka. 44 Ke tla halaletsa tente ya pokano le aletare; mme ke tla halaletsa Arone le bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista ba ka. 45 Ke tla dula ka nakwana hara bara ba Iseraele, mme ke tla ba Modimo wa bona. 46 Ka sebele ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta hore ke dule hara bona ka nakwana. Ke nna Jehova Modimo wa bona.