Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr20 October maq. 1-12
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
  • Dihloohwana
  • 5-11 OCTOBER
  • w12 10/15 25 ¶12
  • Mamela Molimo ’me u Rue Molemo Litšepisong Tsa Hae Tse Hlapanyelitsoeng
  • 12-18 OCTOBER
  • Batlisisa Matlotlo a Patilweng
  • 19-25 OCTOBER
  • w00 11/1 29 ¶1
  • Mmalo wa Bibele
  • 26 OCTOBER–1 NOVEMBER
  • Batlisisa Matlotlo a Patilweng
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
mwbr20 October maq. 1-12

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

5-11 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 31-32

“Balehelang Borapedi ba Ditshwantsho”

(Exoda 32:1) Khabareng sechaba sa bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng. Kahoo sechaba sa phuthehela ho Arone ’me sa re ho eena: “Ema, u re etsetse molimo ea tla re etella pele, hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.”

w09 5/15 11 ¶11

Hatelang Pele ka Matla Khōlong e Feletseng​—“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”

11 Ho ka ba thata ho sebelisa seo re ithutileng sona Mangolong, haholo-holo haeba re thulana le maemo a boima. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore Jehova a lopolle bara ba Iseraele botlamuoeng ba Egepeta, ba ile ba “qala ho qabana le Moshe” eaba ba ntse ba “leka Jehova.” Hobane’ng? Hobane ba ne ba se na metsi ao ba a noang. (Ex. 17:1-4) Pele ho feta likhoeli tse peli ka mor’a hore ba kene selekaneng se halalelang le Molimo le ho lumela hore ba tla ea ka ‘mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a buile,’ ba ile ba tlōla molao oa hae o mabapi le borapeli ba litšoantšo. (Ex. 24:3, 12-18; 32:1, 2, 7-9) Na ba entse see hobane ba ne ba ile ba tšoha ka lebaka la ho ba sieo ha Moshe ka nako e telele ha a ne a ntse a fuoa litaelo Thabeng ea Horebe? Na ebe mohlomong ba ne ba nahana hore Baamaleke ba ne ba tla ba hlasela hape ’me Baiseraele ba ne ba tla sitoa ho itoanela ha Moshe a le sieo, eo ba ileng ba hlōla ntoa pejana ha a ne a phahamisitse matsoho a hae? (Ex. 17:8-16) Ho ka ’na ha etsahala, empa ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Baiseraele “ba ile ba hana ho mo mamela.” (Liketso 7:39-41) Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘etse sohle se matleng a bona’ hore ba qobe ho “oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele” oo Baiseraele ba ileng ba o bontša ha ba ne ba tšaba ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.​—Baheb. 4:3, 11.

(Exoda 32:4-6) A nka khauta matsohong a sona, ’me a e bōpa ka kofuto e betlang ’me a e etsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa sa namane. Eaba se qala ho re: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” 5 Ha Arone a bona sena, a qala ho haha aletare ka pel’a eona. Qetellong Arone a hoeletsa ’me a re: “Ho tla ba le mokete oa Jehova hosasane.” 6 Kahoo ka letsatsi le hlahlamang sa tsoha hoseng, ’me sa qala ho nyehela linyehelo tsa secheso le ho hlahisa mahlabelo a kopanetsoeng. Ka mor’a moo sechaba sa lula fatše ho ja le ho noa. Joale sa ema hore se ithabise.

w12 10/15 25 ¶12

Mamela Molimo ’me u Rue Molemo Litšepisong Tsa Hae Tse Hlapanyelitsoeng

12 Hang-hang Jehova o ile a qala ho phethahatsa selekane sa hae sa Molao ka hore a lokisetse hore ho be le tente ea borapeli le hore ho be le baprista ba neng ba tla etsa hore ho khonehe hore batho ba baetsalibe ba rapele Molimo. Ka lehlakoreng le leng, kapele Baiseraele ba ile ba lebala boinehelo ba bona ho Molimo ’me “ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” (Pes. 78:​41) Ka mohlala, ha Moshe a ne a ntse a fuoa melao Thabeng ea Sinai, Baiseraele ba ile ba felloa ke mamello ’me ba felloa ke tumelo ho Molimo, ba nahana hore Moshe o ba lahlile kherehloa. Kahoo, ba ile ba etsa setšoantšo sa namane ea khauta ’me ba re ho sechaba: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” (Ex. 32:1, 4) Ka mor’a moo, ba ile ba etsa seo ba ileng ba re ke “mokete oa Jehova” ’me ba rapela setšoantšo se entsoeng ke motho ba ba ba se etsetsa mahlabelo. Ha Jehova a bona seo, o ile a re ho Moshe: ‘Ba khelohile ka potlako tseleng eo ke ba laetseng hore ba tsamaee ka eona.’ (Ex. 32:5, 6, 8) Ka masoabi, ho tloha ka nako eo, Baiseraele ba ile ba tloaela ho etsetsa Molimo likano tseo hamorao ba neng ba sa li phethe.​—Num. 30:2.

(Exoda 32:9, 10) Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Ke talimile sechaba sena ’me bona! ke sechaba se melala e sataletseng. 10 Kahoo joale ntlohele, hore bohale ba ka bo se tukele ’me ke se felise, ’me ke u etse sechaba se seholo.”

w18.07 20 ¶14

“Ke Mang ya ka Lehlakoreng la Jehova?”

14 Baiseraele ba ne ba tseba hantle hore Jehova ha a rate ha ba rapela ditshwantsho. (Ex. 20:3-5) Empa ho ntse ho le jwalo, ba ile ba qetella ba se ba rapela namane ya kgauta. Le hoja ho ne ho hlakile hore ba ne ba sitetswe Jehova, ba ile ba ithetsa ba itjwetsa hore ba ntse ba le ka lehlakoreng la hae. Ho hobe le ho feta ke hore, Arone o ile a ba a re ketso eo ke “mokete wa Jehova.” Nahana feela! Jwale Jehova o ile a etsang? O ile a utlwa ba mo tswile tlase. Jehova o ile a bolella Moshe hore Baiseraele ba entse ntho e nyonyehang, ba ‘kgelohile ka potlako tseleng eo a ba laetseng hore ba tsamaye ka yona.’ Jehova o ne a kwatile hoo a neng a bile a na le boikutlo ba ho bolaya setjhaba seo kaofela.​—Ex. 32:5-10.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 31:17) Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa eaba o qala ho ikhatholla.’”

w19.12 3 ¶4

“Ho na le Nako e Behilweng” Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola

4 Na mehlala eo Jehova le Jesu ba re behetseng yona mabapi le ho sebetsa ka thata, e bolela hore ha re hloke ho phomola? Ha ho jwalo. Ke nnete hore ha ho hlokahale hore Jehova a phomole ka ha ha ho mohla a kgathalang. Le ha ho le jwalo, Bibele e re ka mora hore Jehova a bope mahodimo le lefatshe, o ile “a phomola.” (Ex. 31:17) Sena se bolela hore Jehova o ile a emisa ka mosebetsi wa ho bopa mme a ipha nako ya ho thabela dintho tseo a seng a di bopile. Le hoja Jesu a ne a sebetsa ka thata ha a ntse a le lefatsheng, o ne a ipha nako ya ho phomola le ho thabela dijo le metswalle ya hae.​—Mat. 14:13; Luka 7:34.

(Exoda 32:32, 33) Empa joale haeba u tla tšoarela sebe sa sona,​—’me haeba ho se joalo, ka kōpo, u ntlhakole bukeng ea hao eo u e ngotseng.” 33 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka.

w87 9/1 29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Hore motho a hlokomeloe ka ho hopoloa kapa ho amoheloa (hore lebitso la hae e be le “ngoliloeng bukeng ea bophelo”) ha ho bolele hore o se a neiloe tiiso bakeng sa bophelo bo sa feleng, joalokaha eka hona ho reriloe esale pele kapa ho ke ke ha fetoloa. Moshe o ile a kōpa Jehova ka Baiseraele a re: “Empa joale haeba u tla tšoarela sebe sa sona,​—’me haeba ho se joalo, ka kōpo, u ntlhakole bukeng ea hao eo u e ngotseng.” Molimo o ile a mo araba mme a re, “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka.” (Exoda 32:32, 33) E, esita le ka mor’a hore Molimo a ngole motho e mong eo a mo amohelang “bukeng” ya hae, motho eo e ka ’na ea e-⁠ba ea sa mameleng kapa a furalla borapeli ba hae. Haeba seo se etsahala, Molimo o ne o tla “hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo.”​—Tšenolo 3:5.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 32:15-35) Ka mor’a moo Moshe a reteleha ’me a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli a Bopaki letsohong la hae, matlapa a ngotsoeng ka mahlakoreng a mabeli. A ne a ngotsoe ka lehlakoreng lena le ka ho lane. 16 Matlapa e ne e le mosebetsi oa Molimo, ’me mongolo e ne e le mongolo oa Molimo o ngotsoeng ka ho fatoa holim’a matlapa. 17 Eaba Joshua o qala ho utloa lerata la batho ka lebaka la ho hooa ha bona, eaba o re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntoa liahelong.” 18 Empa a re: “Hase molumo oa ho binela ketso e matla, Ebile hase molumo oa ho binela ho hlōloa; Ke utloa molumo oa ’mino o mong.” 19 Kahoo eitse hang ha a fihla haufi le liahelo ’me a bona namane le metjeko, bohale ba Moshe ba qala ho tuka, ’me hang-hang a lahla matlapa a matsohong a hae ’me a a pshatla mosikong oa thaba. 20 Joale a nka namane eo ba e entseng eaba o e chesa mollong ’me o e silakanya ho fihlela e thumisehile, ka mor’a moo a e hasanya holim’a metsi eaba o a noesa bara ba Iseraele. 21 Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone: “Sechaba see se u entse’ng hore ebe u se tliselitse sebe se seholo hakaale?” 22 Eaba Arone o re: “Bohale ba morena oa ka bo se ke ba tuka. U tseba sechaba sena hantle, hore se sekametse bobeng. 23 Kahoo se ile sa re ho ’na, ‘Re etsetse molimo ea tla re etella pele, hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.’ 24 Kahoo ka re ho sona, ‘Ke bo-mang ba nang le khauta? Ba e ntše ho bona e le hore ba mphe eona.’ Eaba ke e lahlela mollong ’me ha tsoa namane ena.” 25 Eaba Moshe o bona hore sechaba se tsoile taolong, hobane Arone o ne a se lumeletse hore se tsoe taolong hore e be nyeliso har’a bahanyetsi ba sona. 26 Joale Moshe a ema hekeng ea liahelo ’me a re: “Ke mang ea ka lehlakoreng la Jehova? A tle ho ’na!” Eaba bara bohle ba Levi ba qala ho phuthehela ho eena. 27 Joale a re ho bona: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E mong le e mong oa lōna a kenye sabole ea hae lehlakoreng la hae. Fetang ’me le khutle ho tloha hekeng e ’ngoe ho ea hekeng e ’ngoe liahelong ’me e mong le e mong a bolaee mor’abo le e mong le e mong a bolaee oa habo le e mong le e mong a bolaee motho eo a mo tloaetseng haholo.’” 28 Eaba bara ba Levi ba etsa joalokaha Moshe a boletse, hoo letsatsing leo ho ileng ha oa har’a sechaba banna ba ka bang likete tse tharo. 29 Eaba Moshe o tsoela pele ho re: “Tlatsang matsoho a lōna kajeno ka matla a Jehova, hobane e mong le e mong oa lōna o khahlanong le mora oa hae le mor’abo, e le hore a ka le hlohonolofatsa kajeno.” 30 Ka letsatsi le hlahlamang Moshe a re ho sechaba: “Lōna​—le entse sebe se seholo, ’me joale ke tla nyolohela ho Jehova. Mohlomong nka etsa puseletso bakeng sa sebe sa lōna.” 31 Kahoo Moshe a khutlela ho Jehova ’me a re: “Oho! empa sechaba sena se entse sebe se seholo, ka hore ebe se iketselitse molimo oa khauta! 32 Empa joale haeba u tla tšoarela sebe sa sona,​—’me haeba ho se joalo, ka kōpo, u ntlhakole bukeng ea hao eo u e ngotseng.” 33 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka. 34 Joale, tloo, etella sechaba pele ho ea moo ke u boleletseng teng. Bona! Lengeloi la ka le tla u etella pele, ’me letsatsing leo ke tlisang kahlolo ka lona ka sebele ke tla tlisa kahlolo bakeng sa sebe sa sona.” 35 Eaba Jehova o qala ho otla sechaba kahobane se entse namane, eo Arone a neng a e entse.

12-18 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 33-34

“Makgabane ao Jehova a Nang le Ona”

(Exoda 34:5) Jehova a theoha ka leru ’me a ema le eena moo eaba o bolela lebitso la Jehova.

it-2-E 466-467

Lebitso

Le hoja popo e bontsha hore Modimo o teng, ha e senole lebitso la hae. (Pes 19:1; Bar 1:20) E le hore motho a tsebe Modimo hantle ha ho a lekana hore a tsebe lebitso la hae feela. (2Likr 6:33) O lokela ho tseba merero ya hae, mesebetsi ya hae le makgabane a hae jwalo ka ha ho ngotswe ka Bibeleng. (Bapisa le 1Mar 8:41-43; 9:3, 7; Ne 9:10.) Re bona sena ha re nahana ka Moshe eo Jehova a neng a mo ‘tseba ka lebitso’, e leng se bolelang hore o ne a mo tseba hantle. (Ex 33:12) Moshe o ile a fumana tlotla ya ho bona kganya ya Jehova mme o ile a utlwa ha lengeloi le ‘bolela lebitso la Jehova.’ (Ex 34:5) Lengeloi leo le ne le sa bolele lebitso la Jehova feela empa le ne le bua ka makgabane a hae le ka mesebetsi ya hae. Le ile la re: “Jehova, Jehova, Modimo ya mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete, ya bolokelang ba dikete mosa o lerato, ya tshwarelang phoso le tlolo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong, ya tlisang kotlo bakeng sa phoso ya bontate ho bara le ho ditloholo, ho moloko wa boraro le moloko wa bone.” (Ex 34:6, 7) Ka ho tshwanang, pina ya Moshe e nang le mantswe a reng “Etswe ke tla bolela lebitso la Jehova e bua ka botho ba Jehova le tsela eo a ileng a sebedisana Baiseraele ka yona.​—De 32:3-44.

(Exoda 34:6) Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete,

w09 5/1 18 ¶3-5

Ha Jehova a ne a Itlhalosa

Ntlha ea pele eo Jehova a itsebahatsang ka eona ke hore ke “Molimo ea mohau le ea mosa.” (Temana ea 6) Ho latela setsebi se seng, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mohau” le bolela ‘qenehelo e bonolo ea Molimo, e tšoanang le eo ntate a e bontšang ho bana ba hae.’ Lentsoe le fetoletsoeng e le “mosa” le amana le leetsi le “bontšang khato eo motho a e nkang ka pelo eohle haeba a e-⁠na le ntho e itseng ’me a e fa motho ea e hlokang.” Ka ho hlakileng, Jehova o batla hore re tsebe hore o hlokomela barapeli ba hae joalokaha motsoali a hlokomela bana ba hae ka lerato le mofuthu a bile a ameha ka botebo ka seo ba se hlokang.​—Pesaleme ea 103:8, 13.

Ntlha e latelang ke hore Jehova o re o ‘lieha ho halefa.’ (Temana ea 6) Ha a potlakele ho halefela bahlanka ba hae ba lefatšeng. Ho e-na le hoo, ha a ba felle pelo ebile o mamella liphoso tsa bona ‘me o ba fa nako ea hore ba fetole mekhoa ea bona ea boetsalibe.​—2 Petrose 3:9.

Molimo o eketsa ka hore o ‘tletse mosa o lerato le ’nete.’ (Temana ea 6) Mosa o lerato kapa lerato le tšepahalang ke a mang a makhabane a bohlokoa ao ka ona Jehova a thehang maqhama a tiileng le a sa feleng le batho ba hae. (Deuteronoma 7:⁠9) Ho phaella moo, Jehova ke mohloli oa ’nete. A ke ke a thetsa ’me a ke ke a thetsoa. Kaha ke “Molimo oa ’nete,” re ka tšepa sohle seo a se buang ho akarelletsa le litšepiso tsa hae tsa nako e tlang.​—Pesaleme ea 31:5.

(Exoda 34:7) ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.”

w09 5/1 18 ¶6

Ha Jehova a ne a Itlhalosa

’Nete e ’ngoe eo Jehova a batlang hore re e tsebe ka eena ke hore o tšoarela “phoso le tlōlo le sebe.” (Temana ea 7) O “itokiselitse ho tšoarela” bafosi ba bakileng. (Pesaleme ea 86:⁠5) Leha ho le joalo, Jehova ha a lumelle bobe. O bolela ka ho hlaka hore “ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Temana ea 7) Molimo ea halalelang ea bileng a nang le toka a ke ke a tlohela bafosi ba ka boomo a sa ba fe kotlo. Haufinyane ba tla lokela ho kotula litholoana tsa boetsalibe ba bona.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 33:11) Jehova a bua le Moshe lifahleho li talimane, feela joalokaha motho a ne a ka bua le oa habo. Ha a khutlela liahelong, mosebeletsi oa hae Joshua, mora oa Nune, joaloka mohlanka, o ne a sa tlohe har’a tente.

(Exoda 33:20) Eaba oa eketsa: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.”

w04 3/15 27 ¶5

Lintlhakholo Tsa Buka ea Exoda

33:11, 20​—Ke joang Molimo a ileng a bua le Moshe “lifahleho li talimane”? Polelo ena e fana ka maikutlo a puisano ea batho ba babeli ba atamelaneng. Moshe o ile a bua le moemeli oa Molimo eaba o fumana litaelo tse tsoang ho Jehova ka molomo. Empa Moshe ha aa ka a bona Jehova, kaha ‘ha ho motho ea ka bonang Molimo ’me leha ho le joalo a phela.’ Ha e le hantle, hase Jehova ka boeena ea ileng a bua le Moshe. Bagalata 3:​19 e re, Molao “o ile oa fetisoa ka mangeloi ka letsoho la mokena-lipakeng.”

(Exoda 34:23, 24) “Hararo ka selemo e mong le e mong oa hao e motona o tla hlaha ka pel’a Morena oa ’nete, Jehova, Molimo oa Iseraele. 24 Etsoe ke tla lelekela lichaba hōle le uena, ’me ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo; ’me ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao hararo ka selemo.

w98 9/1 20 ¶5

Tiisa Hore u Beha Lintho Tse Tlang Pele Sebakeng sa Pele!

Selemo se seng le se seng ka makhetlo a mararo Moiseraele e mong le e mong e motona le mosokolohi ea naheng eo o ne a laetsoe hore a itlhahise ka pel’a Jehova. Ka ho hlokomela hore lelapa lohle le ne le tla rua molemo liketsahalong tse joalo, lihlooho tse ngata tsa malapa li ne li lokisetsa hore basali le bana ba tsona ba tsamaee le tsona. Empa ke mang ea neng a tla sireletsa matlo le masimo a bona tlhaselong ea lira ha lelapa lohle le le sieo? Jehova o ile a tšepisa: “Ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao hararo ka selemo.” (Exoda 34:24) Ho ne ho hloka Baiseraele tumelo hore ba lumele hore haeba ba ne ba beha kamano ya bona le Modimo pele, ba ne ba ke ke ba lahleheloa ke lintho tseo ba nang le tsona. Na Jehova o ile a ipaka a tšepahala lentsoeng la hae? Ka sebele o ipakile.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 33:1-16) Jehova a eketsa ka ho re ho Moshe: “Tsamaea, u tlohe mona, uena le sechaba seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, u ee naheng eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo, ka re, ‘Ke tla e fa peō ea hao.’ 2 Ke tla romela lengeloi hore le u etelle pele ’me ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe le Bapereze, Baheve le Bajebuse; 3 u ee naheng e phallang lebese le mahe a linotši, etsoe nke ke ka nyoloha har’a lōna, hobane le sechaba se melala e sataletseng, e le hore ke tle ke se ke ka le felisa tseleng.” 4 Ha sechaba se utloa lentsoe lena le lebe, sa qala ho siama; ’me ha ho le ea mong ho sona ea ileng a roala mekhabiso ea hae. 5 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “E-re ho bara ba Iseraele, ‘Le sechaba se melala e sataletseng. Ka motsotsoana feela ke ne nka nyoloha har’a lōna ’me ka sebele ka le felisa. Kahoo joale rōlang mekhabiso ea lōna, kaha ke batla ho tseba seo ke tla le etsa sona.’” 6 Bara ba Iseraele ba qala ho rōla mekhabiso ea bona ho tloha Thabeng ea Horebe ho ea pele. 7 Ha e le Moshe, a tlosa tente ea hae a e hloma ka ntle ho liahelo, hōle le liahelo; eaba o e bitsa tente ea pokano. E mong le e mong ea botsang Jehova o ne a e-ea tenteng ea pokano, e ka ntle ho liahelo. 8 Hang ha Moshe a e-ea tenteng, sechaba sohle se ne se ema, ’me e mong le e mong o ne a ema monyako oa tente ea hae, ’me se talima Moshe ho fihlela a kena tenteng. 9 Hape hang ha Moshe a kene tenteng, topallo ea leru e ne e theohela fatše, ’me e ema monyako oa tente ebe o bua le Moshe. 10 Sechaba sohle sa bona topallo ea leru e eme monyako oa tente, ’me sechaba sohle sa ema eaba e mong le e mong o inama monyako oa tente ea hae. 11 Jehova a bua le Moshe lifahleho li talimane, feela joalokaha motho a ne a ka bua le oa habo. Ha a khutlela liahelong, mosebeletsi oa hae Joshua, mora oa Nune, joaloka mohlanka, o ne a sa tlohe har’a tente. 12 Joale Moshe a re ho Jehova: “Bona, u re ho ’na, ‘Etella sechaba sena pele,’ empa ha ua ntsebisa eo u tla mo roma hammoho le ’na. Ho feta moo, u itse, ‘Ke u tseba ka lebitso ’me, ntle ho moo, u fumane kamohelo mahlong a ka.’ 13 Joale ka kōpo, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kōpo, ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao. U nahane hore sechaba sena ke sechaba sa hao.” 14 Kahoo a re: “Ke tla tsamaea ’me ka sebele ke tla u fa phomolo.” 15 Eaba o re ho eena: “Haeba u sa tsamaee, u se ke ua re etella pele ho tloha mona. 16 Joale, ho tla tsejoa ka’ng hore ke fumane kamohelo mahlong a hao, ’na le sechaba sa hao? Na hase ka hore u tsamaee le rōna, hore ebe ’na le sechaba sa hao re khethollehile ho lichaba tse ling tsohle tse holim’a lefatše?”

19-25 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 35-36

“Jehova o ba Thusa Hore ba Etse Mosebetsi wa Hae”

(Exoda 35:25, 26) Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale ba ohla ka matsoho, ’me ba ’na ba tlisa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu e le khoele e ohliloeng, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle. 26 Basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba pōli.

w14 12/15 4 ¶4

Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata

Ntho e ileng ea thabisa Jehova haholo hase thepa, empa ke tsela eo ba ileng ba fana ka ho rata ka eona ho tšehetsa borapeli bo hloekileng. Ba ile ba boela ba ithaopela ho fana ka nako le matla a bona. Tlaleho e re: “Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale ba ohla ka matsoho.” Ha e le hantle, “basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba pōli.” Ho feta moo, Jehova o ile a fa Bezaliele ‘bohlale, kutloisiso le tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho.’ Ha e le hantle, Molimo o ile a fa Bezaliele le Oholiabe tsebo eo ba e hlokang e le hore ba phethe mosebetsi oohle oo ba neng ba lokela ho o etsa.​—Ex. 35:25, 26, 30-35.

(Exoda 35:30-35) Joale Moshe a re ho bara ba Iseraele: “Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso Bezaliele mora oa Uri mora oa Hure oa moloko oa Juda. 31 Eaba o mo tlatsa ka moea oa Molimo ka bohlale, ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho 32 le ho qapa lisebelisoa, ho sebetsa ka khauta le silevera le koporo, 33 le ho sebetsa ka majoe ho a hloma le ho sebetsa ka lehong ho etsa lihlahisoa tse bontšang bohlale tsa mofuta o mong le o mong. 34 O kentse pelong ea hae hore a rute, eena le Oholiabe mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane. 35 O ba tlatsitse ka lipelo tse bohlale hore ba etse mosebetsi oohle oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho le oa mokhabisi ea rokellang le oa selohi sa khoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle, le oa ea sebetsang ka foreimi e etsang masela, banna ba etsang mosebetsi le ho qapa lisebelisoa tsa mofuta o mong le o mong.

w11 12/15 18 ¶6

Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo​—Ba ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo

6 Pale ea motho e mong ea phetseng mehleng ea Moshe e leng Bezaliele, e bontša kamoo moea oa Molimo o ka sebetsang kateng. (Bala Exoda 35:30-35.) Bezaliele o ile a khethoa hore a etelle pele mosebetsing oa ho etsa thepa e neng e hlokahala tabernakeleng. Na o ne a e-⁠na le tsebo ea mosebetsi oa matsoho pele ho mosebetsi oo o moholo? Mohlomong o ne a e-⁠na le eona, empa ho ka etsahala hore ebe mosebetsi oo a neng a sa tsoa o etsa e ne e le oa ho etsetsa Baegepeta litene. (Ex. 1:13, 14) Kahoo, Bezaliele o ne a tla phetha mosebetsi oo o thata joang? Jehova o ile a “mo tlatsa ka moea oa Molimo ka bohlale, ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho le ho qapa lisebelisoa . . . ho etsa lihlahisoa tse bontšang bohlale tsa mofuta o mong le o mong.” Talenta leha e le efe eo e ka ’nang eaba Bezaliele o ne a e-na le eona e ile ea ntlafatsoa ke moea o halalelang. Ho joalo le ka Oholiabe. E tlameha ebe Bezaliele le Oholiabe ba ne ba ithutile mosebetsi hantle, hobane ha baa ka ba etsa mosebetsi oa bona feela empa ba ile ba boela ba ruta le ba bang mosebetsi. Ka sebele Molimo o ile a kenya ka lipelong tsa bona hore ba rute.

(Exoda 36:1, 2) “Bezaliele a sebetse, le Oholiabe le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a mo fileng bohlale le kutloisiso linthong tsena e le hore a tsebe ho etsa mosebetsi oohle oa tšebeletso e halalelang ho ea ka sohle seo Jehova a se laetseng.” 2 Moshe a bitsa Bezaliele le Oholiabe le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a kentseng bohlale pelong ea hae, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumelletsa ho atamela mosebetsi e le hore a o etse.

w11 12/15 19 ¶7

Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo​—Ba ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo

7 Bopaki bo bong ba hore Bezaliele le Oholiabe ba ne ba tataisoa ke moea oa Molimo ke hore mosebetsi oa bona o ile oa tšoarella ka tsela e tsotehang. Lintho tseo ba ileng ba li etsa li ne li ntse li sebelisoa lilemo tse ka bang 500 hamorao. (2 Likron. 1:2-6) Ho fapana le baetsi ba thepa ba kajeno, Bezaliele le Oholiabe ba ne ba se na thahasello ea ho iketsetsa lebitso ka lintho tseo ba li entseng. Tlotla eohle e ile ea isoa ho Jehova ka seo ba neng ba se finyelletse.​—Ex. 36:1, 2.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 35:1-3) Hamorao Moshe a bokella phutheho eohle ea bara ba Iseraele ’me a re ho bona: “Ana ke mantsoe ao Jehova a laetseng hore a etsoe: 2 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa e tla ba ntho e halalelang ho lōna, sabatha ea phomolo e feletseng ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona o tla bolaoa. 3 Le se ke la hotetsa mollo sebakeng leha e le sefe sa lōna sa bolulo ka letsatsi la sabatha.”

w05 5/15 23 ¶14

Ho Tseba Litsela Tsa Jehova

14 Etsa hore kamano ya hao le Modimo e tle pele bophelong ba hao. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho lumella hore litlhoko tsa bona di ba sitise ho sebeletsa Jehova. Ba ne ba sa lokela ho phelela feela lintho tse tloaelehileng. Beke le beke Jehova o ne a beheletse ka thōko nako eo a neng a e khethile e le e halalelang, e leng nako e neng e sebelisetsoa feela mesebetsi e amanang le borapeli ba Molimo oa ’nete. (Exoda 35:1-3; Numere 15:32-36) Selemo le selemo, ba ne ba lokela ho behella ka thōko nako e eketsehileng bakeng sa likopano tse halalelang tse khethiloeng. (Levitike 23:4-44) Li ne li tla fana ka menyetla ea ho bua ka mesebetsi ea Jehova e matla, ea ho ba hopotsa litsela tsa hae le ea ho mo leboha ka molemo oohle oa hae. Ha batho ba ntse ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova, ba ne ba tla tšaba Molimo le ho mo rata haholoanyane ’me ba ne ba tla thusoa ho tsamaea litseleng tsa hae. (Deuteronoma 10:12, 13) Melao-motheo e lokileng e neng e akarelelitsoe litaelong tseo e thusa bahlanka ba Jehova kajeno.​—Baheberu 10:24, 25.

(Exoda 35:21) Joale ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa, e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi oa tente ea pokano le bakeng sa tšebeletso eohle ea eona le bakeng sa liaparo tse halalelang.

w00 11/1 29 ¶1

Maruo a Fanoang ka Seatla se Bulehileng aa Thabisa

Joale, nahana feela hore na Baiseraele ba ile ba ikutloa joang. Meloko ea bona e ne e ile ea hlokofatsoa ka bokhoba bo sehlōhō le ka ho hloka. Joale ba ne ba lokolohile ’me ba e-na le lintho tse ngata tse bonahalang. Ba ne ba tla ikutloa joang ka ho fana ka karolo e ’ngoe ea matlotlo ao? Mohlomong ba ne ba ka ’na ba e-⁠ba le boikutlo ba hore ba a sebelelitse ’me ba na le tokelo ea ho ipolokela ’ona. Leha ho le joalo, ha ba kōptjoa hore ba ntše menehelo ea chelete bakeng sa ho tšehetsa borapeli bo hloekileng, ba ile ba etsa joalo ba sa tsilatsile ebile ba se lekhonatha. Ha baa ka ba lebala hore ke Jehova ea neng a entse hore ba be le lintho tseo tse bonahalang. Ka hona, ba ile ba fana haholo ka silevera ea bona le khauta le liphoofolo tsa bona tse ruiloeng. Ba ne ba e-⁠na le ‘lipelo tse ratang.’ ‘Lipelo tsa bona li ile tsa ba susumetsa.’ ‘Moea oa bona o ile oa ba susumetsa.’ Ka sebele e ne e le ‘nyehelo ea boithatelo e isoang ho Jehova.’​—Exoda 25:1-9, NW; 35:4-9, 20-29, NW; 36:3-7, NW.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 35:1-24) Hamorao Moshe a bokella phutheho eohle ea bara ba Iseraele ’me a re ho bona: “Ana ke mantsoe ao Jehova a laetseng hore a etsoe: 2 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa e tla ba ntho e halalelang ho lōna, sabatha ea phomolo e feletseng ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona o tla bolaoa. 3 Le se ke la hotetsa mollo sebakeng leha e le sefe sa lōna sa bolulo ka letsatsi la sabatha.” 4 Moshe a tsoela pele ho re ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng, a re, 5 ‘Har’a lōna nkang monehelo oa Jehova. E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova, e leng, khauta le silevera le koporo 6 le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle le boea ba pōli 7 le matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le matlalo a liqibi le lehong la leoka 8 le oli bakeng sa lebone le balsame bakeng sa oli e tlotsang le bakeng sa libano tse nkhang hamonate 9 le majoe a onyxe le majoe a hlongoang bakeng sa efoda le bakeng sa kotla ea sefuba. 10 “‘Bohle ba lipelo li hlalefileng har’a lōna ba ke ba tle ’me ba etse sohle seo Jehova a se laetseng, 11 e leng, tabernakele le tente ea eona le sekoahelo sa eona, lihakisi tsa eona le liforeimi tsa eona, maballo a eona, litšiea tsa eona le litšehetso tsa tsona tse sekoti; 12 Areka le lipalo tsa eona, sekoahelo le lesira la tšireletso; 13 tafole le lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona le bohobe ba pontšo; 14 le seluloana sa lebone le khantšang le lisebelisoa tsa sona le mabone a sona le oli ea lebone; 15 le aletare ea libano le lipalo tsa eona; le oli e tlotsang le libano tse nkhang hamonate; le lesira la monyako bakeng sa monyako oa tabernakele; 16 aletare ea nyehelo ea secheso le sefe ea eona ea koporo, lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona; beisine le seluloana sa eona; 17 masela a lepeletseng a lebala, litšiea tsa ’ona le litšehetso tsa tsona tse sekoti; le lesira la heke ea lebala; 18 lithakhisa tsa tente ea tabernakele le lithakhisa tsa tente ea lebala le lithapo tsa tsona; 19 liaparo tse lohiloeng bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebeletsa e le baprista.’” 20 Tumellanong le hoo phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea tloha ka pel’a Moshe. 21 Joale ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa, e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi oa tente ea pokano le bakeng sa tšebeletso eohle ea eona le bakeng sa liaparo tse halalelang. 22 Ba ’na ba tla, banna hammoho le basali, e mong le e mong ea nang le pelo e ratang. Ba tlisa lipele le masale le masale a monoana le mekhabiso ea basali, mefuta eohle ea lintho tsa khauta, ke hore, e mong le e mong ea hlahisitseng nyehelo e tsokoang ea khauta ho Jehova. 23 Bohle bao ho bona ho ileng ha fumanoa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle le boea ba pōli le matlalo a lipheleu a kentsoeng ’mala o mofubelu le matlalo a liqibi, ba li tlisa. 24 Bohle ba nehelang monehelo oa silevera le koporo ba tlisa monehelo oa Jehova, ’me bohle bao ho bona ho ileng ha fumanoa lehong la leoka bakeng sa mosebetsi oa tšebeletso ba le tlisa.

26 OCTOBER–1 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 37-38

“Seo Dialetare Tse Tabernakeleng di se Tshwantshetsang Borapeding ba Nnete”

(Exoda 37:25) Joale a etsa aletare ea libano ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le setsoe ’me bophara ba eona e le setsoe, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, bophahamo ba eona e le litsoe tse peli. Manaka a eona a hlahella ho eona.

it-1-E 82 ¶3

Aletare

Aletare ya dibano. Aletare ya dibano (e boetseng e bitswa “aletare ya kgauta” [Ex 39:38]) e ne e entswe ka lehong la leoka mme e ne e kwahetswe ka kgauta ka hodimo le ka mahlakoreng. Ka hodima yona e ne e na le mophetho wa kgauta o e potolohileng. Aletare e ne e le disenthimithara tse 44.5 (17.5 in.) mme bophahamo ba yona e le disenthimithara tse 89 (2.9 ft), hape e ne e na le “manaka” mahlakoreng a yona a mane. E ne e na le mehele e mene ya kgauta e neng e etseditswe dipalo tse tla jara areka mme dipalo tseo di ne di entswe ka lehong ebile di kwahetswe ka kgauta. Mehele ena e ne e entswe ka kgauta mme e mmedi e ne le ka lehlakoreng la aletare, ha e meng e mmedi e le ka lehlakoreng le leng la yona. (Ex 30:1-5; 37:25-28) Ho ne ho tjheswa dibano tse kgethehileng aletareng ena habedi ka letsatsi, e leng hoseng le mantsiboya. (Ex 30:7-9, 34-38) Ho na le ditemana tse ding tsa Bibele tse bontshang hore pane ya mollo e ne e sebedisetswa ho tjhesa dibano mme ho bonahala e ne e boetse e sebediswa le aletareng ya dibano. (Le 16:12, 13; Heb 9:4; Tše 8:5; bapisa le 2Likr 26:16, 19.) Aletare ya dibano e ne e le ka tabernakeleng ka pela lesira la Sehalaledisiso mme Bibele e bontsha hore e ne e le “ka pela areka ya bopaki.”​—Ex 30:1, 6; 40:5, 26, 27.

(Exoda 37:29) A ekelletsa ka ho etsa oli e halalelang e tlotsang le libano tse hloekileng, tse nkhang hamonate, tse entsoeng ke moetsi oa mafura.

it-1-E 1195

Dibano

Dibano tse halalelang tse neng di sebediswa tabernakeleng e lefeelleng di ne di entswe ka metswako ya boleng bo phahameng eo phutheho e faneng ka yona. (Ex 25:1, 2, 6; 35:4, 5, 8, 27-29) Ha Jehova a bolella Moshe hore na motswako ona o lokela ho etswa jwang o ile a re: “Inkele ditlolo tse nkgang ha monate: marothodi a stakte le onyka le galbaname e nkgang ha monate le dibano tse tshweu tse hlwekileng. Ho lokela hore ho be le karolo e lekanang ya se seng le se seng sa tsona. O di etse dibano, motswako wa dinoko, e le mosebetsi wa moetsi wa mafura, o nokilweng ka letswai, o hlwekileng, ntho e halalelang. O tule o mong wa wona hore e be phofo e thumisehileng mme o behe o mong wa wona ka pela Bopaki tenteng ya pokano, moo ke tla itlhahisa ho wena teng. E tla ba o halalelang ka ho fetisisa ho lona.” Ka mora moo, Jehova o ile a bontsha ka moo motswako o kgethehileng le ka moo o halalelang ka teng mme o ile a re: “Mang kapa mang ya etsang o tshwanang le wona bakeng sa ho thabela monko wa wona o tla fediswa setjhabeng sa habo.”​—Ex 30:34-38; 37:29.

(Exoda 38:1) A tsoela pele ho etsa aletare ea nyehelo ea secheso ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse hlano, bophara ba eona e le litsoe tse hlano, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, ’me bophahamo ba eona e le litsoe tse tharo.

it-1-E 82 ¶1

Aletare

Dialetare Tsa Tabernakele. Ka hara tabernakele ho ne ho na le dialetare tse pedi tse entsweng ka mokgwa o ikgethileng. Aletare ya dibano (e neng e boetse e bitswa “aletare ya koporo” [Ex 39:39]) e ne e entswe ka lehong la leoka mme e ne e sa kwahelwa ka hodimo le ka fatshe. Bophara ba yona e ne e le dimithara tse 2.2, bolelele ba yona e le dimithara tse 1.3 mme e ne e na le “manaka” a mane ka mahlakoreng a yona. E ne e kwahetswe ka koporo kaofela ha yona. Aletare ena e ne e na le sefe kapa letlowa la koporo “tlaase bohareng ba yona”. Ho bonahala eka e ne e na le mehele e mene e neng e kenya dipalo tse entsweng ka lehong la leoka tse neng di kwahetswe ka koporo bakeng sa ho jara aletare. Sena se ka bolela hore ho ne ho phuntshwe masoba mahlakoreng a mabedi a aletare e le hore sefe e kgone ho dula mme aletare eo e ne e na le mehele mahlakoreng ao a mabedi. Ditsibi tse ding tsa Bibele di na le maikutlo a fapaneng ka taba ena di dumela hore ho ne ho na le mehele e meng e eketsehileng e neng e entswe aletareng e neng e jara dipalo. Ho ne ho na le disebediswa tse entsweng ka koporo tse kang dibakete, dikgarafu tse neng di tlosa molora, dikotlolo tse neng di tshela madi a diphoofolo, difereko tse neng di hlaba nama le dipane tsa mollo.​—Ex 27:1-8; 38:1-7, 30; Nu 4:14.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Exoda 37:1) Joale Bezaliele a etsa Areka ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e ne e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe le halofo, ’me bophahamo ba eona e le setsoe le halofo.

(Exoda 37:10) Eaba o etsa tafole ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe, bophahamo ba eona e le setsoe le halofo.

(Exoda 37:25) Joale a etsa aletare ea libano ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le setsoe ’me bophara ba eona e le setsoe, e e-⁠na le mahlakore a mane a lekanang, bophahamo ba eona e le litsoe tse peli. Manaka a eona a hlahella ho eona.

it-1-E 36

Sefate sa Leoka

Sefate sa leoka se na le mahlabahlabane makaleng a sona. Hangata Makala a sona a ikharela le makala a difate tse ding tsa leoka, mohlomong ke ka lebaka lena Bibele e sebedisang lentswe le ka bongateng e leng shit·timʹ. Sefate sena se ka ba bolelele ba dimithara tse 6 ho ya ho tse 8 empa hangata se shebahala jwalo ka sehlahla. Se na le makala a bonolo mme se na le dipalesa tse tshehla tse nkgang ha monate ebile se hlahisa makgapetla a nang le dipeo ka hare. Sefate sena se na le kutu e kgolo e ntsho e thata e sa kgoneng ho jewa ke dikokonyana. Ho ne ho loketse hore tarbernakele le dintho tse ka ho yona di hahwe ho sebediswa sefate sena hobane se ne se le thata mme se fumaneha lehwatateng. Ka sefate sena ho ne ho entswe areka ya selekane (Ex 25:10; 37:1), tafole ya bohobe ba pontsho (Ex 25:23; 37:10), dialetare (Ex 27:1; 37:25; 38:1), dipalo tse jarang aletare (Ex 25:13, 28; 27:6; 30:5; 37: 4, 15, 28; 38:6), ditshia (Ex 26:32, 37; 36:36), diforeimi (Ex 26:15; 36:20) le maballo (Ex 26:26; 36:31).

(Exoda 38:8) Joale a etsa beisine ea koporo le seluloana sa eona sa koporo, a sebelisa liipone tsa makhabunyane a neng a etsa tšebeletso e hlophisitsoeng monyako oa tente ea pokano.

w15 4/1 15 ¶4

Na u ne o Tseba?

Liipone tsa mehleng ea boholo-holo li fapane le tsa kajeno tse entsoeng ka khalase, tsona li ne li etsoa ka tšepe e bentšitsoeng, hangata li etsoa ka boronse, ’me ka linako tse ling li etsoa ka koporo, silevera, khauta kapa khauta e kopantsoeng le silevera. Bibele e buile ka liipone ka lekhetlo la pele ha e ne e bua ka ho hahuoa ha tabernakele e leng sebaka sa pele sa Baiseraele sa borapeli. Basali ba ne ba fana ka liipone ha ho etsoa beisine ea koporo le seluloana sa eona. (Exoda 38:8) E le hore beisine ea koporo le seluloana sa eona li etsoe, mohlomong liipone tseo li ne li lokela ho qhibilihisoa pele.

Mmalo wa Bibele

(Exoda 37:1-24) Joale Bezaliele a etsa Areka ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e ne e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe le halofo, ’me bophahamo ba eona e le setsoe le halofo. 2 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng ka hare le ka ntle ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha. 3 Ka mor’a moo a e etsetsa mehele e mene ea khauta, bakeng sa hore e be ka holim’a maoto a eona a mane, ’me mehele e ’meli e ne e le ka lehlakoreng le leng la eona ’me mehele e ’meli e le ka lehlakoreng le leng la eona. 4 Ka mor’a moo a etsa lipalo tsa leoka ’me a li koahela ka khauta. 5 Joale a kenya lipalo ka har’a mehele mahlakoreng a Areka bakeng sa ho jara Areka. 6 A tsoela pele ho etsa sekoahelo ka khauta e hloekileng. Bolelele ba sona e le litsoe tse peli le halofo, ’me bophara ba sona e le setsoe le halofo. 7 Ho ekelletsa moo a etsa likerubime tse peli tsa khauta. A li etsa ka thepa e teiloeng ka hamore lintlheng tse peli tsa sekoahelo. 8 Kerubime e ’ngoe e ne e le qetellong mane, ’me kerubime e ’ngoe e le qetellong mona. A etsa likerubime sekoahelong lintlheng tse peli tsa sona. 9 Ea e-ba likerubime tse peli tse phukalalitseng mapheo ho ea holimo, li sirelelitse sekoahelo ka mapheo a tsona, ’me lifahleho tsa tsona li ne li shebane. Lifahleho tsa likerubime li ne li talimile sekoahelong. 10 Eaba o etsa tafole ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe, bophahamo ba eona e le setsoe le halofo. 11 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha. 12 Ka mor’a moo a e etsetsa foreimi e bophara ba seatla ho potoloha ’me a etsa mophetho oa khauta bakeng sa foreimi ea eona ho potoloha. 13 Ho ekelletsa moo, a e etsetsa mehele e mene ea khauta ’me a beha mehele likhutlong tse ’nè tsa maoto a mane. 14 Mehele e ne e le haufi le rimi, e le litšehetso bakeng sa lipalo tsa ho jara tafole. 15 Joale a etsa lipalo ka lehong la leoka ’me a li koahela ka khauta bakeng sa ho jara tafole. 16 Ka mor’a moo a etsa ka khauta e hloekileng lisebelisoa tse holim’a tafole, lijana tsa eona le likhakeletsi tsa eona le likotlolo tsa eona le lijeke tsa eona tseo linyehelo tse mokelikeli li neng li tla tšeloa ka tsona. 17 Joale a etsa seluloana sa lebone ka khauta e hloekileng. A etsa seluloana sa lebone ka thepa e teiloeng ka hamore. Mahlakore a sona le makala a sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona tsa hlahella ho sona. 18 Makala a tšeletseng a ne a hlahella mahlakoreng a sona, makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng le leng la sona ’me makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng le leng la sona. 19 Likhakeletsi tse tharo tse bōpehileng joaloka almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung li ne li fapanyetsana; likhakeletsi tse tharo tse bōpehileng joaloka lipalesa tsa almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung li ne li fapanyetsana. Ke tsela eo ho neng ho le ka eona ka makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone. 20 Seluloaneng sa lebone ho ne ho e-na le likhakeletsi tse ’nè tse bōpehileng joaloka lipalesa tsa almonde, ’me likotola tsa sona tse chitja le lithunthung tsa sona li ne li fapanyetsana. 21 Kotola e ka tlas’a makala a mabeli e ne e hlahella ho sona, le kotola e ka tlas’a makala a mang a mabeli e ne e hlahella ho sona, ’me kotola e ka tlas’a makala a mang hape a mabeli e ne e hlahella ho sona, bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone. 22 Likotola tsa sona le makala a sona a ne a hlahella ho sona. Kaofela ha sona e ne e le ntho e le ’ngoe e entsoeng ka thepa e teiloeng ka hamore, e entsoeng ka khauta e hloekileng. 23 Joale a etsa mabone a sona a supileng le matlao a sona le lipane tsa sona tsa mollo ka khauta e hloekileng. 24 A se etsa ka talenta ea khauta e hloekileng hammoho le lisebelisoa tsohle tsa sona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela