PINA YA 19
Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena
E Hatisitsweng
1. Jehova Modimo wa rona,
Ke bosiu bo halalelang.
O ile wa re bontsha lerato la hao,
Bohlale, toka le matla.
Wa sireletsa batho ba hao
Ka konyana ya Paseka.
Ha morao madi a Mor’a hao a tshollwa
Ho phethahatsa boprofeta.
2. Bohobe le veine ke tsena,
Di re hopotsa Mor’a hao.
O ile a mamela ka nako tsohle
Le ha ho ne ho le thata.
Re tshwara Sehopotso sena.
Ke nako ya ho hopola
Hore lefu la Jesu le lopolotse
Batho bohle lefung le sebeng.
3. Re bokane mona pela hao.
Re batla ho o rorisa
Ka lerato la hao leo o le bontshitseng.
O fane ka Mora wa hao.
Re ikutlwa re matlafetse
Ka baka la Sehopotso.
Ka mehla re tla etsisa Jesu Kreste
Mme re phele ka ho sa feleng.
(Sheba le Luka 22:14-20; 1 Bakor. 11:23-26.)