Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • th thuto 3 leq. 6
  • Sebedisa Dipotso

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Sebedisa Dipotso
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Hlakisa Dintlha
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Buella Mangolo Hantle
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Leka ho Ama Dipelo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Mantswe a Susumetsang
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 3 leq. 6

THUTO YA 3

Sebedisa Dipotso

Lengolo le bontshitsweng

Matheu 16:13-16

KAKARETSO: Botsa dipotso tse tla etsa hore motho a nahane mme a batle ho tseba dikarabo, bontsha bohlokwa ba sehlooho hape o hatise dintlha tsa bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsa hore batho ba batle ho o mamela. Botsa dipotso tse tla etsa hore bamamedi ba nahane mme ba batle ho tseba dikarabo.

  • Bontsha bohlokwa ba sehlooho. Sebedisa dipotso ho thusa bamamedi ba hao hore ba fumane dikarabo.

  • Hatisa dintlha tsa bohlokwa. Botsa potso e tla etsa hore motho a batle ho tseba haholwanyane ka ntlha eo o buang ka yona. Ka mora ho hlalosa dintlha tsa bohlokwa le qetellong ya puo ya hao, botsa bamamedi dipotso tse tla etsa hore ba bone bohlokwa ba puo ya hao.

    Keletso

    Ka mora ho bala Lengolo, botsa dipotso tse hatisang bohlokwa ba temana kapa ditemana tseo o qetang ho di bala.

TSHIMONG

Botsa bamamedi ba hao hore na ba ithutileng sehloohong seo le ntseng le bua ka sona. Mamela ka hloko ha ba ntsha maikutlo a bona. Sheba ditsela tse tla o thusa ho bona hore na ke neng kapa ke jwang o ka botsang dipotso ka bohlale.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela