Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • th thuto 7 leq. 10
  • Dintlha Tse Nepahetseng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dintlha Tse Nepahetseng
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Buella Mangolo Hantle
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Dintlha
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Sebedisa Dipotso
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Leka ho Ama Dipelo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 7 leq. 10

THUTO YA 7

Dintlha Tse Nepahetseng

Lengolo le bontshitsweng

Luka 1:3

KAKARETSO: Etsa bonnete ba hore seo o se buang ke nnete e le hore bamamedi ba hao ba sebedise seo ba ithutileng sona.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Batla dintlha tseo batho ba ka di tshepang. Nka dintlha tsa hao Lentsweng la Modimo Bibele mme ha ho kgoneha o e bale. Haeba seo o se buang se amana le saense, se hlahile ditabeng, se ile sa etsahalla motho kapa ke bopaki bo bong bo tshehetsang taba ya hao, etsa bonnete ba hore dintlha tseo ke nnete.

  • Hlalosa dintlha ka tsela e nepahetseng. Hlalosa mangolo ka tsela e dumellanang le seo o se buang, seo Bibele e se rutang le seo dingolwa tse hlahang ho “lekgoba le tshepahalang le le masene” di se rutang. (Mat. 24:45) Ha o sebedisa dintlha tseo o di nkileng dibukeng, o se ke wa eketsa kapa wa fokotsa seo mongodi wa buka eo a neng a se hlalosa.

    Keletso

    O se ke wa fetelletsa ditaba. Hlokomela hore ha hothwe “batho ba bang” ha ho bolelwe “batho ba bangata,” ha hothwe “ka dinako tse ding” ha ho bolelwe “kamehla” mme “ho ka etsahala” ha e bolele “ho etsahetse.”

  • Etsa hore bamamedi ba hao ba fumane ntlha ya bohlokwa. Ka mora hore o bale lengolo kapa o bue ka dintlha tseo o di fumaneng, botsa potso kapa o etse mohlala o tla etsa hore bamamedi ba bone bohlokwa ba puo ya hao.

TSHIMONG

Ha o lokisetsa ho ya tshimong, nahana ka dipotso tseo o ka nnang wa di botswa mme o di lokisetse e sa le pele. Haeba motho a o botsa potso eo o sa tsebeng karabo ya yona, kopa ho e arabela nakong e tlang ha o se o e ntse dipatlisiso.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela