Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
© 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 6-12 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 23-26
“Borapedi ba Tempeleng e ba bo Hlophisehileng Haholo”
it-2-E 241
Balevi
Ha Davida e ne e ntse e le morena, mosebetsi o neng o etswa ke Balevi o ne o hlophisehile haholo. O ile a kgetha batsamaisi ba mosebetsi, balaodi, baahlodi, balebedi ba dikeiti le batshwari ba matlotlo. O ile a boela a kgetha batho ba bangata hore ba thuse baprista mabaleng a tempele, ka dikamoreng tsa ho jela, ho nyehela mahlabelo, ho hlwekisa ntho e nngwe le e nngwe e halalelang ha mmoho le mosebetsi wohle wa ho lekanya boholo ba dintho le bongata ba tsona le mosebetsi le ha e le ofe wa ho lebela. Jwalo ka dihlopha tse neng di le teng tsa baprista, Balevi ba neng ba bina ba ne ba arotswe ka dihlopha tse 24 mme ba etsa mosebetsi wa bona ka ho tjhentjhana. Ba ne ba abelwa mesebetsi ka hore ho lahlwe lotho. Le dihlopheng tsa balebedi ba dikeiti, ho ne ho etswa se tshwanang ha ba abelwa mesebetsi.—1Kr 23, 25, 26; 2Kr 35:3-5, 10.
it-2-E 686
Baprista
Bakeng sa mosebetsi o neng o etswa tempeleng, balaodi ba ne ba abela baprista mesebetsi e sa tshwaneng mme ba ne ba lahla lotho ho etsa seo. Dihlopheng tse 24 tsa baprista, sehlopha se seng le se seng se ne se etsa mosebetsi oo se o abetsweng ka beke, e leng habedi ka selemo. Ho bonahala baprista bohle ba ne ba sebetsa nakong ya mekete ha batho ba ne ba nyehela mahlabelo a dikete, jwalo ka ha ho ile ha etswa nakong eo tempele e neng e nehelwa. (1Kr 24:1-18, 31; 2Kr 5:11; bapisa le 2Kr 29:31-35; 30:23-25; 35:10-19.) Moprista o ne a ka sebetsa ka dinako tse ding, ha feela seo se ne se sa sitise baprista ba neng ba etsa mesebetsi eo ba e abetsweng. Ho latela ditlwaelo tsa borabi, ho bonahala nakong eo Jesu a neng a le teng mona lefatsheng, baprista ba ne ba le bangata hoo dihlopha tsa baprista di neng di arola mesebetsi eo ba neng ba e abetswe tempeleng le ba malapa a bona. Seo se ne se bolela hore motho e mong ka lapeng o ne a ka sebetsa letsatsi kapa matsatsi a eketsehileng ho itshetlehile ka hore na lelapa labo le lekae.
it-2-E 451-452
Mmino
Davida o ile a hlophisa hore ho be le Balevi ba 4 000 ba neng ba tla rorisa Jehova ka mmino tempeleng. (1Kr 23:4, 5) Palong eo, ‘ba neng ba kwetliseditswe ho binela Jehova e ne e le ba 288 mme kaofela e le ditsebi.’ (1Kr 25:7) Ditokisetso tsohle di ne di ikarabella tlasa tataiso ya banna ba bararo bao e neng e le ditsebi tsa mmino, e leng Asafe, Hemane le Jeduthune (ya neng a boetse a bitswa Ethane). Ka ha banna bana e ne e le ditloholo tsa bara ba Levi ba bararo, e leng Gershome, Kohathe le Merari, banna bana ba ne ba emela dihlooho tse tharo tsa lelapa la Levi sehlopheng sa mmino tempeleng. (1Kr 6:16, 31-33, 39-44; 25:1-6) Bara ba banna bana ba bararo ba ne ba le 24 mme kaofela ha bona e ne e le karolo ya ba 288 bao e neng e le ditsebi tsa mmino. Mora e mong le e mong o ne a kgethwa ka hore ho lahlwe lotho hore e be hlooho ya sehlopha ka seng sa mmino. Ba ne ba boetse ba kgetha “ditsebi” tse ding tse 11 ho bara ba bona kapa ho Balevi ba bang. Ka tsela eo, jwalo ka baprista, ditsebi tsa mmino tsa Balevi tse 288 ([1 + 11] × 24 = 288) di ne di arolwa ka dihlopha tse 24. Haeba palo e neng e setse ya ‘baithuti’ ba 3 712 e ne e ka arolwa, seo se ne se tla etsa hore sehlopha se seng le se seng ho tseo tse 24 se eketsehe ka banna ba ka bang 155. Ho bolelang hore ho setsebi se le seng, ho ne ho ena le Balevi ba 13 nakong eo ho neng ho rutwa le ho kwetlisa batho bakeng sa mmino. (1Kr 25:1-31) Ka ha baprista e ne e le bona ba letsang diterompeta, ba ne ba balellwa palong ya Balevi bao e neng e le dibini.—2Kr 5:12; bapisa le Nu 10:8.
it-1-E 898
Balebedi ba Dikeiti
Mosebetsi oo ba Neng ba o Etsa Tempeleng. Nakwana pele Morena Davida a hlokahala, o ile a kgetha Balevi, batho ba neng ba tla sebeletsa tempeleng ho akareletsa le balebedi ba dikeiti ba 4 000. Ba ne ba arotswe ka dihlopha mme sehlopha ka seng se ne se etsa mosebetsi wa sona ka matsatsi a supileng. Mosebetsi wa bona e ne e le ho lebela ntlo ya Jehova le ho etsa bonnete ba hore menyako e ne e bulwa le ho kwalwa ka nako e loketseng. (1Kr 9:23-27; 23:1-6) Ba ne ba boetse ba fuwa mosebetsi wa ho bokella monehelo o neng o tliswa bakeng sa tempele. (2Ma 12:9; 22:4) Ha morao ha moprista ya phahameng Jehojada a ne a tlotsa Joase hore e be morena, balebedi ba kgethehileng ba ile ba kgethwa hore ba lebele dikeiti tsa tempele e le ho sireletsa Joase e monyenyane ho Mofumahadi Athalia ya ileng a nka mmuso ka mahahapa. (2Ma 11:4-8) Ha Morena Josiase a fedisa borapedi ba ditshwantsho, balebedi ba menyako ba ile ba thusa ka ho tlosa disebediswa tsa Baale tempeleng. Disebediswa tsena di ile tsa tjhesetswa ka ntle ho motse.—2Ma 23:4.
Matlotlo a Patilweng
Borapedi ba Nnete bo Tla Eketsa Thabo ya Hao
10 Ho binela Jehova. (Pes. 28:7) Baiseraele ba ne ba nka ho bina e le ntho ya bohlokwa borapeding ba bona. Morena Davida o ile a kgetha Balevi ba 288 hore e be dibini tempeleng. (1 Dikron. 25:1, 6-8) Mehleng ena re ka bontsha Modimo hore re a mo rata ka ho mo binela dipina tsa thoriso. Ha se hore re lokela ho ba dikgeleke e le hore re binele Jehova. Nahana ka taba ena: Le hoja ha re bua “re kgoptjwa hangata,” taba eo ha e re sitise hore re bue ha re le phuthehong kapa re le tshimong. (Jak. 3:2) Ka tsela e tshwanang, re ntse re ka binela Jehova dipina tsa thoriso le hoja re nahana hore ha re dikgeleke.
LA 13-19 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 DIKRONIKE 27-29
“Keletso e Lerato ya Ntate ho Mora wa Hae”
w05 2/15 19 ¶9
Ho Sireletsa Boitsebahatso ba Rona ba Bokreste
9 Ipakele nnete ya Bibele e le wena. Pono ya rona ka boitsebahatso ba rona ba ho ba bahlanka ba Jehova, e ka fokola haeba e sa thehwa ka ho feletseng tsebong ya Mangolo. (Bafilipi 1:9, 10) Mokreste e mong le e mong—e monyenyane kapa e moholo—o lokela ho ipakela ho fihlela a kgotsofetse hore seo a se dumelang e fela e le nnete e fumanwang ka Bibeleng. Pauluse o ile a kgothalletsa badumedimmoho le yena sena: “Nepisisang dintho tsohle; le tshwarelle ka tiyo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) Bakreste ba batjha ba holetseng malapeng a tshabang Modimo ba lokela ho elellwa hore e ke ke ya eba Bakreste ba nnete feela ka lebaka la tumelo ya batswadi ba bona. Ntata Solomone ka boyena, Davida, o ile a mo fa keletso ena: “Tseba Modimo wa ntatao mme o mo sebeletse ka pelo e felletseng.” (1 Dikronike 28:9) Ho ne ho ke ke ha lekana hore Solomone e motjha a shebe ka moo ntatae a ileng a matlafatsa tumelo ho Jehova ka teng. Ho ne ho hlokahala hore yena ka boyena a tsebe Jehova mme o ile a etsa jwalo. O ile a kopa Modimo ka tiyo: “Jwale mphe bohlale le tsebo e le hore nka tswa ka pela setjhaba sena le hore nka kena.”—2 Dikronike 1:10.
w12 4/15 16 ¶13
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
13 Seo re ithutang sona mona se hlakile. Ke hantle ha re kenya letsoho ka mehla mesebetsing e molemo le e kgotsofatsang e kang ho ba teng dibokeng tsa phutheho le tshebeletsong ya tshimo. Empa ho sebeletsa Jehova ka pelo e felletseng ha ho felle moo feela. (2 Dikron. 25:1, 2, 27) Haeba botebong ba pelo Mokreste a tswela pele ho rata “dintho tse ka morao”—e leng dintho tsa lefatshe—o kotsing ya ho lahlehelwa ke kamano ya hae e ntle le Modimo. (Luka 17:32) Ke feela haeba re ‘nyonya se kgopo mme re kgomarela se molemo’ e le ka nnete re tla be re ‘loketse mmuso wa Modimo.’ (Bar. 12:9; Luka 9:62) Ka hona, kaofela ha rona re lokela ho tiisa hore ha ho ntho efe kapa efe e lefatsheng la Satane e lokelang ho re sitisa ho sebeletsa Modimo ka dipelo tsa rona tsohle, ho sa tsotellehe hore na e bonahala e le molemo kapa e le monate hakae.—2 Bakor. 11:14; bala Bafilipi 3:13, 14.
“Eba Sebete . . . Mme o Nke Bohato”
20 Morena Davida o ile a hopotsa Solomone hore Jehova o tla ba le yena ho fihlela a qetile mosebetsi wa ho haha tempele. (1 Dikron. 28:20) Solomone o ile a kgothatswa ke mantswe a Davida mme a se nyahamiswe ke hore o ne a le monyenyane a bile a se na boiphihlelo. O ile a ba le sebete, a haha tempele mme Jehova a mo thusa hore a kgone ho e qeta ka dilemo tse 7 le halofo.
21 Jwalo ka ha Jehova a ile a thusa Solomone, le rona a ka re thusa hore re be sebete mme re phethe boikarabelo ba rona ka lapeng le ka phuthehong. (Esa. 41:10, 13) Ha re ntse re sebeletsa Jehova ka sebete, re ka kgodiseha hore o tla re hlohonolofatsa hona jwale le nakong e tlang. Ka hoo “eba sebete . . . mme o nke bohato.”
Matlotlo a Patilweng
Dula o le Motswalle le ha ho Hlaha Mathata
Davida o ne a boetse a ena le metswalle e ileng ya dula e le ka lehlakoreng la hae le dinakong tse thata. E mong wa bona e ne e le Hushai, eo Bibele e reng ke “motswalle wa Davida.” (2 Sam. 16:16; 1 Dikron. 27:33) E ne e le moahlodi ebile e le motswalle wa Morena Davida, eo ka dinako tse ding a neng a tshwara ditaba tsa molao tse neng di tebile.
Ha Absalome mora wa Davida a nka borena ka mahahapa, Baiseraele ba bangata ba ile ba nka lehlakore la hae empa Hushai ha a ka a mo tshehetsa. Ha Davida a baleha, Hushai o ile a ya ho yena. Davida o ile a utlwa bohloko haholo ke ho phoqwa ke mora wa hae le batho bao a neng a ba tshepile. Le ha ho le jwalo, Hushai o ile a dula a tshepahala mme o ne a ikemiseditse ho beha bophelo ba hae kotsing ka ho thusa Davida. Hushai ha a ka a etsa sena hobane feela e le moahlodi. Empa o ile a bontsha hore ke motswalle ya tshepahalang.—2 Sam. 15:13-17, 32-37; 16:15–17:16.
LA 20-26 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 1-4
“Morena Solomone o Etsa Qeto e Seng Bohlale”
it-1-E 174 ¶5
Lebotho
Nakong ya puso ya Solomone, ho ile ha eba le phetoho e kgolo lebothong la sesole la Iseraele. Ka nako e itseng, ho ne ho ena le kgotso naheng. Le ha ho le jwalo, Solomone o ile a ba le dipere le dikariki tsa ntwa tse ngata. (Sheba CHARIOT.) Boholo ba tsona bo ne bo rekilwe Egepeta. Ka hoo, ho ile ha hahwa metse e mengata bakeng sa ho hlokomela dipere le dikariki tseo. (1Ma 4:26; 9:19; 10:26, 29; 2Kr 1:14-17) Le ha ho le jwalo, Jehova ha a ka a hlohonolofatsa qeto eo ya Solomone mme ka mora lefu la hae le ka mora hore mmuso o arohane, lebotho la Iseraele le ile la thefuleha. Ha morao Esaia o ile a ngola a re: “Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba tshepang dipere, ba tshepang dikariki tsa ntwa hobane di le ngata le dipere tsa ntwa hobane di le matla. Empa ba sa tshepe Mohalaledi wa Iseraele ba bile ba sa batle thuso ya Jehova.”—Esa 31:1.
it-1-E 427
Dikariki Tsa Ntwa
Iseraele ho ne ho se na dikariki tsa ntwa tse ngata ho fihlela Solomone e eba morena. Lebaka ke hore Modimo o ne a lemositse morena hore a se ke a eketsa dipere tsa hae jwalo ka ha eka ho itshetlehile ka tsona hore setjhaba se bolokehe. Taelo ena e ne e etsa hore ho se ke ha sebediswa dikariki tsa ntwa tse ngata ka ha ho ne ho hlokeha dipere e le hore di ka sebediswa. (De 17:16) Ha Samuele a lemosa setjhaba ka hore se tla imelwa hakae ha se ikgethela morena, o ile a re: “O tla nka bara ba lona, a ba palamise dikariking tsa hae.” (1Sa 8:11) Ha Absalome le Adonija ba ne ba batla ho inkela puso ka mahahapa, e mong le e mong o ile a iketsetsa kariki ya ntwa mme a etsa hore banna ba 50 ba mathe ka pela yona. (2Sa 15:1; 1Ma 1:5) Ha Davida a ne a hlola morena wa Zoba ntweng, o ile a siya dipere tse 100 tse hulang dikariki.—2Sa 8:3, 4; 10:18.
Ha Morena Solomone a ne a eketsa lebotho la Iseraele, o ile a eketsa palo ya dikariki tsa ntwa hore e be tse 1 400. (1Ma 10:26, 29; 2Kr 1:14, 17) Jerusalema le metse e meng e neng e tsejwa ka hore ke metse ya dikariki, e ne e ena le sebaka se kgethehileng moo ho neng ho hlokomelwa thepa ena ya ntwa.—1Ma 9:19, 22; 2Kr 8:6, 9; 9:25.
Matlotlo a Patilweng
w05 12/1 19 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Dikronike Tsa Bobedi
1:11, 12. Seo Solomone a ileng a se kopa, se ile sa bontsha Jehova hore takatso e tiileng ya morena e ne e le ho fumana bohlale le tsebo. Dithapelo tsa rona ho Modimo, ruri di senola dintho tseo re amehileng ka tsona ka ho teba. Re bontsha bohlale ha re hlahlobisisa moelelo wa dithapelo tsa rona.
LA 27 MARCH–LA 2 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 5-7
“Pelo ya ka e Tla Dula e le Moo”
w02 11/15 5 ¶1
Le se ke la Tlohela ho Bokana
Ha morao ha Davida e se e le morena Jerusalema, o ile a bolela hore o na le takatso e matla ya ho haha ntlo e tla tlotlisa Jehova. Le ha ho le jwalo, ka ha Davida e ne e le mohlabani, Jehova o ile a re ho yena: “O ke ke wa hahela lebitso la ka ntlo.” Ho ena le hoo, O ile a kgetha Solomone mora wa Davida, hore a hahe tempele eo. (1 Dikronike 22:6-10) Solomone o ile a kgakola tempele ka 1026 B.C.E., ka mora ho e haha ka dilemo tse supileng le halofo. Jehova o ile a amohela mohaho ona, a re: “Ke halaleditse ntlo ena eo o e hahileng ka ho beha lebitso la ka moo ho isa nakong e sa lekanyetswang; ka sebele mahlo a ka le pelo ya ka di tla ba moo ka mehla.” (1 Marena 9:3) Ha feela Baiseraele ba ne ba tshepahala, Jehova o ne a tla amohela ntlo eo. Le ha ho le jwalo, haeba ba ne ba furalla se nepahetseng, Jehova o ne a ke ke a hlola a amohela mohaho ona mme ‘ntlo ena e ne e tla fetoha diqubu tsa dithako.’—1 Marena 9:4-9; 2 Dikronike 7:16, 19, 20.
it-2-E 1077-1078
Tempele
Histori. Ka selemo sa 607 pele Jesu a tla lefatsheng, tempele ena e ile ya fediswa ke lebotho la Bababilona le neng le le tlasa puso ya Morena Nebukadnezare. (2Ma 25:9; 2Kr 36:19; Jer 52:13) Ka ha Baiseraele ba ile ba rapela medimo ya bohata, Modimo o ile a tlohella ditjhaba tse ding hore di hlorise Baiseraele ba neng ba dula Juda le Jerusalema mme ka dinako tse ding, di ne di nka matlotlo a tempeleng. Ka dinako tse ding, tempele e ne e tlohelwa feela e sa hlokomelwe. Dilemo tse 33 ka mora hore tempele e nehelwe, nakong eo Roboame mora wa Solomone e neng e le morena, Morena Shishake wa Egepeta o ile a nka matlotlo a tempele (selemong sa 993 pele Jesu a tla lefatsheng). (1Ma 14:25, 26; 2Kr 12:9) Morena Asa (eo e bileng morena ka selemo sa 977-937 pele Jesu a tla lefatsheng) o ne a hlompha ntlo ya Jehova. Empa e le hore a sireletse Jerusalema, ka bowatla o ile a fa Morena Ben-hadade wa Pele wa Siria tjotjo ya silevera le kgauta tse neng di tswa tempeleng e le hore a kgaole selekane sa hae le morena Basha wa Iseraele.—1Ma 15:18, 19; 2Kr 15:17, 18; 16:2, 3.
Matlotlo a Patilweng
w10 12/1 11 ¶7
O Tseba “Dipelo Tsa Bara ba Moloko wa Batho”
Thapelo ena ya Solomone e kgothatsa haholo. Batho ba ka nna ba se ke ba utlwisisa hantle tsela eo re ikutlwang ka yona—“lefu” la rona le “bohloko” ba rona. (Diproverbia 14:10) Empa Jehova o tseba dipelo tsa rona mme o re tsotella e le ka nnete. Re ka imoloha haholo ha re tshollela dipelo tsa rona ho yena ka thapelo. Bibele e re: ‘Lahlelang matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane o a le tsotella.’—1 Petrose 5:7.
LA 10-16 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 8-9
“O ne a Nka Bohlale e le ba Bohlokwa”
w99 11/1 20 ¶4
Ha ho Fana ka Seatla se Bulehileng ho Ata
Ka sebele, mofumahadi wa Sheba le yena o ile a tela nako ya hae e ngata le matla e le hore a ka etela Solomone. Ka moo ho bonahalang ka teng, Sheba e ne e le sebakeng sa Rephabliki ya Yemen ya kajeno; ka hona, mofumahadi enwa le mokoloko wa hae wa dikamele o tsamaile sebaka sa dikhilomithara tse fetang 1 600 ho ya Jerusalema. Jwalo ka ha Jesu a boletse, “o ile a tla ho tswa dipheletsong tsa lefatshe.” Ke hobaneng ha mofumahadi wa Sheba a ile a ikgathatsa hakaale? O ne a tlile ka ho kgetheha “ho tla utlwa bohlale ba Solomone.”—Luka 11:31.
w99 7/1 30 ¶4-5
Ketelo e Ileng ya Putswa ka ho Enneng
Le ha ho le jwalo, mofumahadi o ile a fihla Jerusalema ka “letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa.” (1 Marena 10:2a) Ba bang ba re “letshwele le leholo” le ne le akarelletsa basireletsi ba hlometseng. Sena se ka utlwisiswa ha ho nahanwa hore mofumahadi eo o ne a le boemong bo matla ba ho hlomphuwa mme o ne a nkile dintho tsa bohlokwa bo ka jang mashome a dimilione a diranta.
Le ha ho le jwalo, hlokomela hore mofumahadi enwa o ile a utlwela ka botumo ba Solomone “mabapi le lebitso la Jehova.” Ka hoo, lena e ne e se feela leeto la kgwebo. Ka ho hlakileng, mofumahadi eo o ne a tlile ka ho kgetheha ho tla utlwa bohlale ba Solomone—mohlomong le ho tla ithuta ho itseng ka Modimo wa hae, Jehova. Ka ha ho ka etsahala hore ebe e ne e le wa leloko la Sema kapa la Kama, bao e neng e le barapedi ba Jehova, e ka nna yaba o ne a labalabela ho utlwa ka bodumedi ba baholoholo ba hae.
w99 7/1 30-31
Ketelo e Ileng ya Putswa ka ho Enneng
Mofumahadi wa Sheba o ile a kgahlwa ke bohlale ba Solomone le katleho ya mmuso wa hae hoo a ileng ‘a sala a kgathetse matla.’ (1 Marena 10:4, 5, NW) Ba bang ba nka polelo ena e bolela hore mofumahadi o ile a sala a “ahlame.” Setsebi se seng sona se bile se re o ile a idibana! Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala eng, mofumahadi eo o ile a hlollwa ke seo a ileng a se bona le ho se utlwa. O ile a re bahlanka ba Solomone ba thabile ka hobane ba utlwa bohlale ba morena, mme o ile a rorisa Jehova ka ho beha Solomone teroneng. Jwale o ile a fa morena dimpho tse theko e boima, kgauta feela ha e balwa ka dipalo tsa kajeno, e etsa R247 600 000. Solomone le yena o ile a fana ka dimpho, a fa mofumahadi eo “tsohle tsee a di lakaditseng, le tsee a di kopileng.”—1 Marena 10:6-13.
it-2-E 990-991
Solomone
Ka mora hore mofumahadi a boele a bone tempele le ntlo ya Solomone, tafole ya hae, baqhatsetsi ba hae, basebeletsi ba hae ba fanang ka dijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka yona, mahlabelo a hae ao a neng a a etsa ka mehla ntlong ya Jehova, “a sala a maketse.” O ile a re: “Ke ne ke sa bolellwa dintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo o atlehileng ka yona di feta hole dintho tseo ke di utlwetseng.” Ka mora moo, o ile a re ho thaba batho ba sebeletsang morena ya jwalo ka eo. Dintho tsena di ile tsa etsa hore a rorise Jehova ya ileng a bonahatsa lerato la hae ho Baiseraele ka ho etsa Solomone morena e le hore a ka ahlola ka toka.—1Ma 10:4-9; 2Kr 9:3-8.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 1097
Terone
Terone eo Solomone a ileng a e etsa, ke yona feela e hlalositsweng ka botlalo diteroneng tsa marena a Iseraele. (1Ma 10:18-20; 2Kr 9:17-19) Ho bonahala eka e ne e le “Holong ya Terone” e leng e meng ya mehaho e neng e le Jerusalema Thabeng ya Moria. (1Ma 7:7) E ne e le terone e kgolo ya manaka a tlou mme e ne e kwahetswe ka kgauta e hlwekileng. Terone e ne e ena le ntho e kang marulelo a sedikadikwe ka mora yona le moo ho behwang matsoho. Le hoja manaka a tlou e le ona a sebedisitsweng haholo ha ho etswa terone ena e leng setulo sa borena, mokgwa o sebedisitsweng ha ho ne ho hahwa tempele o bontsha hore e ne e entswe ka lepolanka, e kwahetswe ka kgauta e hlwekisitsweng mme e kgabisitswe haholo ka manaka a tlou. Ha motho a e bona, o ne a ka re e entswe ka manaka a tlou le kgauta feela. Ka mora ho hlalosa ditepisi tse tsheletseng tse yang teroneng, tlaleho e tswela pele ho re: “Mahlakoreng a mabedi a setulo ho ne ho ena le moo ho behwang matsoho, pela teng ho eme ditau tse pedi. Ho ne ho ena le ditau tse 12 tse emeng hodima ditepisi tse tsheletseng, tse ding di le ka lehlakoreng lena, tse ding di le ka lehlakoreng lane la ditepisi.” (2Kr 9:17-19) Ho ne ho loketse hore ebe ho sebeditswe tau ho tshwantshetsa matla a puso. (Ge 49:9, 10; Tshe 5:5) Ho bonahala eka ditau tse 12 di ne di emela meloko e 12 ya Iseraele mme e ka nna yaba di ne di tshwantshetsa tsela eo ka yona meloko ena e neng e tshehetsa le ho ikokobelletsa morena wa terone ena. Terone ena e ne e boetse e ena le setulwana sa maoto sa kgauta. Mokgwa oo terone ena ya manaka a tlou le kgauta e neng e entswe ka wona, bophahamo ba yona, tsela eo e neng e kwahetswe ka yona le ditau tse neng di le ka pela yona, di bontsha hore e ne e ikgetha ka ho fetisisa diteroneng tsa ka nako eo. Dipatlisiso tse entsweng ke baepolli ba dintho tsa kgale le dintho tsa kgale tse bolokilweng, le tsona di bontsha bopaki ba sena. Mongodi wa lengolo la Dikronike le yena o ile a bona hore “ha ho na mmuso o mong o neng o entse ntho e tshwanang le ena.”—2Kr 9:19.
LA 17-23 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 10-12
“Rua Molemo ka ho Sebedisa Keletso e Bohlale”
A ka be a Ile a Amohelwa ke Modimo
E ka nna yaba Roboame o ne a utlwa a tsielehile. Hobane haeba a ne a ka dumela kopo eo, o ne a ka nna a iphumana yena, lelapa la hae le matona a hae, ba lokela ho tela bophelo bo mabothobotho mme ba se ke ba batla dintho tse ngata ho Baiseraele. Ka lehlakoreng le leng haeba a ne a ka hana, batho ba ne ba ka nna ba mo fetohela. Ebe o ne a tla etsang? Morena enwa e motjha o ile a botsa banna ba baholo bao e neng e le baeletsi ba ntatae Solomone. Ho ntse ho le jwalo, a boela a kopa keletso ho banna ba batjha bao e neng e le dithaka tsa hae. Yaba o etsa qeto ya hore a tshware setjhaba ka thata. O ile a re: “Ke tla eketsa ho yona. Ntate o le shapile ka diphadi, empa ke tla le shapa ka diphadi tse metjeka.”—2 Dikron. 10:6-14.
w01 9/1 28-29
Ka Moo o ka Etsang Diqeto Tse Bohlale ka Teng
Jehova o boetse o lokiseditse ba hodileng tsebong ka phuthehong bao re ka tshohlang diqeto tsa rona le bona. (Baefese 4:11, 12) Le ha ho le jwalo, ha re bua le ba bang, re se ke ra latela mokgwa wa ba yang ho motho enwa le yane ho fihlela ba fumana ya buang seo ba ratang ho se utlwa. Ka mora moo ba latela keletso ya hae. Re lokela ho nahana hape ka mohlala o lemosang wa Roboame. Ha a ne a tadimane le qeto e tebileng, o ile a fumana keletso e babatsehang ho banna ba baholo ba neng ba sebeditse le ntatae. Le ha ho le jwalo, ho ena le ho latela keletso ya bona, o ile a batla keletso ho banna ba banyenyane bao a hotseng le bona. Ka lebaka la ho latela keletso ya bona, o ile a etsa qeto ya bowatla mme ka lebaka leo a lahlehelwa ke karolo e kgolo ya mmuso wa hae.—1 Marena 12:1-17.
Ha o batla keletso, e batle ho ba nang le phihlelo bophelong le ba nang le tsebo e ntle ya Mangolo le tlhompho e tebileng bakeng sa melaomotheo e nepahetseng. (Diproverbia 1:5; 11:14; 13:20) Ha ho kgoneha, iphe nako ya ho nahanisisa ka melaomotheo e amehang le ka boitsebiso bohle boo o bo fumaneng ha o etsa dipatlisiso. Ha o bona dintho leseding la Lentswe la Jehova, mohlomong qeto e nepahetseng e tla totobala haholwanyane.—Bafilipi 4:6, 7.
it-2-E 768 ¶1
Roboame
Ho se nahanele le ho ikgohomosa ha Roboame ho ile ha kgelosa batho ba bangata. Maloko a ileng a tswela pele ho tshehetsa ntlo ya Davida e ne e le leloko la Juda le la Benjamine. Balevi le Baprista ba mebuso ka bobedi le ba maloko a leshome ba hasaneng, le bona ba ile ba tshehetsa ntlo ya Davida.—1Ma 12:16, 17; 2Kr 10:16, 17; 11:13, 14, 16.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 966-967
Bademona ba Kang Dipodi
Mantswe a Joshua a ho Joshua 24:14, a bontsha hore Baiseraele ba ile ba ameha ka tsela e itseng borapeding ba bohata ba Egepeta ha ba ntse ba le bokgobeng moo. Ezekiele le yena o bontsha hore ba ne ba ntse ba ena le ditlwaelo tse mpe tsa Baegepeta esita le ka mora nako e telele. (Eze 23:8, 21) Ka lebaka lena, ditsebi di re melao eo Baiseraele ba ileng ba e fuwa lefeelleng e ne e ba thibela hore ba se ke ba etsa “mahlabelo bakeng sa bademona ba kang dipodi.” (Le 17:1-7) E ne e boetse e ba thibela ho sebeletsa baprista bao Jeroboame a ileng a ikgethela bona “bakeng sa dibaka tse phahameng, bakeng sa bademona ba kang dipodi le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.” (2Kr 11:15) Dithibelo tsena di ne di bontsha hore ho ne ho ntse ho ena le borapedi ba bohata Iseraele bo tshwanang le bo neng bo le Egepeta, haholoholo karolong e tlase ya yona. Bukeng ya hae ya bobedi kgaolong ya 46, Herodotus o re Bagerike ba ile ba latela borapedi bona bo neng bo etswa Egepeta mme ba itshetlehile ka bona, ba ile ba qala ho rapela Pan le satyrs e leng medimo ya bohata ya meru e neng e shebahala jwalo ka ha eka e na le takatso e matla ya thobalano, eo qetellong e ileng ya hlaloswa e ena le manaka, mehatla le maoto a dipodi. Batho ba bang ba re taba ya hore medimo ena ya bohata ekare mothophoofolo, ke lebaka le entseng hore batho ba nahane hore Satane o na le mohatla, manaka le maoto a phoofolo, e leng bodumedi bo neng bo atile ho Bakreste ho tloha selemong sa bo500 ho ya ho sa bo1000.
Dipodi tsena ha di a hlaloswa hore na e ne e le tse phelang kapa tjhe. Batho ba bang ba nahana hore e ne e le dipodi tse phelang kapa ditshwantsho tsa tsona empa ha ho bonahale eka ho na le moo taba eo e bontshitsweng teng ebile mangolo ha a re letho ka yona. Lentswe le sebedisitsweng le bontsha hore dikelellong tsa batho ba di rapelang, medimo ena ya bohata, e ne eka ke dipodi ka sebopeho ebile di le boya. Hape e ka nna yaba tshebediso ya lentswe “dipodi” e bolela thohako ya mefuta yohle ya borapedi ba ditshwantsho. Lentswe le sebedisitsweng hangata ha ho buuwa ka ditshwantsho tse itseng tse rapelwang, le tswa lentsweng leo ha e le hantle le bolelang “bolokwe” le hoja le sa bolele hore ditshwantsho tseo di ne di entswe ka bolokwe.—Le 26:30; De 29:17.
LA 24-30 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 13-16
“Tshepa Jehova Maemong Ohle”
Barababo Rona ba Batjha, le ka Etsang Hore Batho ba Bang ba le Tshepe?
12 Ha Morena Asa a ntse a le motjha o ne a ikokobeditse ebile a le sebete. Ka mohlala, ka mora lefu la ntate wa hae Abija, Asa o ile a ba morena mme a fedisa borapedi ba ditshwantsho. O ile a boela “a re Bajuda ba batle Jehova Modimo wa baholoholo ba bona mme ba phethe molao le taelo.” (2 Dikron. 14:1-7) Hape ha Zera wa Moethiopia a hlasela Juda ka masole a milione, ka bohlale Asa o ile a kopa Jehova a mo thuse a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho wena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla. Re thuse, Jehova Modimo wa rona, etswe re itshetlehile ka wena.” Mantswe ana ao Asa a a buileng a bontsha hantle hore o ne a kgodisehile hore Jehova o tla kgona ho mo pholosa a be a pholose le batho ba hae. Ka hoo Asa o ne a tshepile Ntate wa hae ya lehodimong mme ‘Jehova o ile a hlola Baethiopia.’—2 Dikron. 14:8-12.
Barababo Rona ba Batjha, le ka Etsang Hore Batho ba Bang ba le Tshepe?
13 Ha ho pelaelo hore e ka ba ntho e tshosang ho lwantshana le masole a milione empa Asa o ile a atleha ho a hlola. Le ha ho le jwalo, ka maswabi ha Asa a ba le bothata bo neng bo sa mo tshose jwalo ka ba pele ha a ka a kopa hore Jehova a mo thuse. Ha a ne a tshoswa ke Morena ya kgopo wa Iseraele e leng Basha, Asa o ile a kopa thuso ho morena wa Syria. Qeto eo a ileng a e etsa e ile ya etsa hore ho be le ditlamorao tse bohloko. Jehova o ile a sebedisa moprofeta Hanani mme o ile a re ho Asa: “Ka hobane o itshetlehile ka morena wa Syria mme ha o a ka wa itshetleha ka Jehova Modimo wa hao, ka lebaka leo lebotho la sesole la morena wa Syria le phonyohile letsohong la hao.” Ha e le hantle ho tloha ka nako eo ho ya pele, Asa o ile a dula a lwantshwa. (2 Dikron. 16:7, 9; 1 Mar. 15:32) Ka hoo re ithutang tlalehong ee?
Barababo Rona ba Batjha, le ka Etsang Hore Batho ba Bang ba le Tshepe?
14 Dula o ikokobeditse mme o tswele pele o tshepa Jehova. Ha o ne o kolobetswa o ile wa bontsha hore o na le tumelo e matla ebile o tshepa Jehova. Ka hoo Jehova o ile a thaba mme o ile a o fa tlotla ya hore o be karolo ya lelapa la hae. Ntho ya bohlokwa eo o lokelang ho e etsa ke hore o dule o tshepa Jehova. Ho ka ba bonolo hore o tshepe Jehova ha o lokela ho etsa diqeto tsa bohlokwa bophelong ba hao empa na o tla mo tshepa le ha o etsa diqeto tse ding? Ke ha bohlokwa hore o tshepe Jehova ha o etsa diqeto tse akarelletsang hore na o tla kgetha boithabiso bofe, mosebetsi ofe le hore na ke dintho dife tseo o batlang ho di finyella bophelong. O se ke wa tshepa bohlale ba hao. Ho ena le hoo, batla melaomotheo ya Bibele e tla o thusa hore o etse qeto e nepahetseng mme o e sebedise. (Diprov. 3:5, 6) Haeba o etsa jwalo o tla thabisa Jehova mme le batho ba ka phuthehong ba tla o hlompha.—Bala 1 Timothea 4:12.
Matlotlo a Patilweng
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
7 E mong le e mong wa rona a ka kgona ho itlhahloba hore na o inehetse ho Modimo ka pelo yohle kapa tjhe. Ipotse, ‘Na ke ikemiseditse ho thabisa Jehova, ho emela borapedi ba nnete le ho se silafatse phutheho ya Modimo?’ Nahana ka sebete seo Asa a ileng a se bontsha ha a ne a ema kgahlanong le Maaka “mofumahadi” wa motse. E ka nna yaba ha o eso kopane le motho ya tshwanang le mofumahadi eo, empa ho na le boemo boo ho bona o ka etsisang Asa. Ka mohlala, o ka etsang haeba motswalle wa hao kapa setho sa lelapa se etsa sebe ebile se sa bake mme qetellong se kgaolwa? Na o tla tlohela ho buisana le yena? Kapa o tla etsang?