LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Dikronike 26
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Dikronike

      • Balebedi ba dikeiti (1-19)

      • Batho ba ikarabellang ka matlotlo le balaodi (20-32)

1 Dikronike 26:1

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 9:2, 22; 2Kr 23:16, 19
  • +1Kr 26:14, 19

1 Dikronike 26:9

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 26:14, 19

1 Dikronike 26:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Diprov. 16:33

1 Dikronike 26:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “matlo a polokelo.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 26:4, 5

1 Dikronike 26:16

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 26:10, 11

1 Dikronike 26:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 26:15

1 Dikronike 26:18

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 26:16

1 Dikronike 26:20

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “dintho tse nehetsweng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 7:51; 14:25, 26; 1Kr 9:26; 18:10, 11

1 Dikronike 26:21

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 29:8

1 Dikronike 26:22

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 15:18

1 Dikronike 26:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 3:27

1 Dikronike 26:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 18:3, 4
  • +1Kr 23:17

1 Dikronike 26:26

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ba di halaleditse.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 31:50; 1Kr 18:10, 11
  • +1Kr 29:3, 4
  • +1Kr 29:6, 7

1 Dikronike 26:27

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ba di halaletsa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 6:19
  • +Nu 31:28

1 Dikronike 26:28

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ba di halaleditse.”

  • *

    Kapa: “a e halaletsa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 9:9
  • +1 Sam. 14:50
  • +2Sa 20:23
  • +2Sa 2:18

1 Dikronike 26:29

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 23:12
  • +De 17:9; 2Kr 19:8

1 Dikronike 26:30

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 23:12

1 Dikronike 26:31

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 23:19
  • +1Kr 29:26, 27
  • +Jos 13:24, 25; 21:8, 39

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Dikron. 26:11Kr 9:2, 22; 2Kr 23:16, 19
1 Dikron. 26:11Kr 26:14, 19
1 Dikron. 26:91Kr 26:14, 19
1 Dikron. 26:13Diprov. 16:33
1 Dikron. 26:151Kr 26:4, 5
1 Dikron. 26:161Kr 26:10, 11
1 Dikron. 26:171Kr 26:15
1 Dikron. 26:181Kr 26:16
1 Dikron. 26:201Ma 7:51; 14:25, 26; 1Kr 9:26; 18:10, 11
1 Dikron. 26:211Kr 29:8
1 Dikron. 26:221Ma 15:18
1 Dikron. 26:23Nu 3:27
1 Dikron. 26:25Ex 18:3, 4
1 Dikron. 26:251Kr 23:17
1 Dikron. 26:26Nu 31:50; 1Kr 18:10, 11
1 Dikron. 26:261Kr 29:3, 4
1 Dikron. 26:261Kr 29:6, 7
1 Dikron. 26:27Jos 6:19
1 Dikron. 26:27Nu 31:28
1 Dikron. 26:281 Sam. 9:9
1 Dikron. 26:281 Sam. 14:50
1 Dikron. 26:282Sa 20:23
1 Dikron. 26:282Sa 2:18
1 Dikron. 26:291Kr 23:12
1 Dikron. 26:29De 17:9; 2Kr 19:8
1 Dikron. 26:301Kr 23:12
1 Dikron. 26:311Kr 23:19
1 Dikron. 26:311Kr 29:26, 27
1 Dikron. 26:31Jos 13:24, 25; 21:8, 39
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Dikronike 26:1-32

Buka ya Pele ya Dikronike

26 Dihlopha tsa balebedi ba dikeiti+ di ne di le ka tsela ena: Ho Bakora, e le Meshelemia+ mora wa Kore wa bara ba Asafe. 2 Meshelemia o ne a ena le bara: Zakaria e le letsibolo, wa bobedi e le Jediaele, wa boraro e le Zebadia, wa bone e le Jathaniele, 3 wa bohlano e le Elame, wa botshelela e le Johanane, wa bosupa e le Elieho-enai. 4 Obede-edomo o ne a ena le bara: Letsibolo e le Shemaia, wa bobedi e le Jozabade, wa boraro e le Jowa, wa bone e le Sakare, wa bohlano e le Nethaniele, 5 wa botshelela e le Amiele, wa bosupa e le Isakare mme wa borobedi e le Peulethai. Modimo o ne a mo hlohonolofaditse ka bana bana.

6 Mora wa hae Shemaia o ile a ba le bara bao e neng e le babusi ba lelapa la ntate wa bona hobane ba ne ba le matla, ba ena le bokgoni. 7 Bara ba Shemaia e ne e le Othni, Refaele, Obede le Elzabade. Bana babo e leng Elihu le Semakia e ne e le banna ba nang le bokgoni. 8 Kaofela e ne e le bara ba Obede-edomo. Bona, bara ba bona le bana ba bo bona, e ne e le banna ba nang le bokgoni le ba tshwanelehang bakeng sa tshebeletso, e le ba lelapa la Obede-edomo ba le 62. 9 Meshelemia+ o ne a ena le bara le bana babo, e le banna ba 18 ba nang le bokgoni. 10 Hosa wa bara ba Merari o ne a ena le bara. Shimri e ne e le hlooho. Le hoja e ne e se letsibolo, ntate wa hae o ile a mo kgetha hore e be hlooho, 11 wa bobedi e le Hilkia, wa boraro e le Tebalia, wa bone e le Zakaria. Bara bohle ba Hosa le bana babo ba ne ba le 13.

12 Dihlopheng tsena tsa balebedi ba dikeiti, banna bao e leng dihlooho ba ne ba ena le mesebetsi feela jwalo ka bana ba bo bona hore ba sebeletse ntlong ya Jehova. 13 Malapa a manyenyane le a maholo a lahla lotho+ ho ya ka malapa a bontate ba ona, bakeng sa ho lebela dikeiti tse fapaneng. 14 Lotho ya ka botjhabela ya wela ho Shelemia. Ba lahla lotho bakeng sa mora wa hae Zakaria, moeletsi ya bohlale mme lotho ya hae ya wela ka leboya. 15 Ya Obede-edomo ya wela ka borwa mme bara ba hae+ ba abelwa ho hlokomela ditoro.* 16 Ya Shupime le Hosa+ ya eba ka bophirimela haufi le Keiti ya Shalekethe tseleng e kgolo e nyolohang, sehlopha sa balebedi se le pela sehlopha se seng sa balebedi. 17 Ka botjhabela ho ne ho ena le Balevi ba tsheletseng, ka leboya e le ba bane ka letsatsi, ka borwa e le ba bane ka letsatsi mme bakeng sa ditoro,+ ba tsamaya ka bobedi. 18 Bakeng sa foranta e ka bophirimela ho ne ho ena le ba bane tseleng e kgolo+ le ba babedi foranteng. 19 Tsena e ne e le dihlopha tsa balebedi ba dikeiti ho tswa ho bara ba Bakora le ho ba Bamerari.

20 Ho Balevi, Akija e ne e le yena ya ikarabellang ka matlotlo a ntlo ya Modimo wa nnete le ka matlotlo a dintho tse halaleditsweng.*+ 21 Hara bara ba Ladane setloholo sa Gershone, Jehieli+ e ne e le e mong wa dihlooho tsa malapa a bontate tsa Ladane. 22 Bara ba Jehieli e le Zethame le Joele ngwanabo. Ba ne ba ikarabella ka matlotlo a ntlo ya Jehova.+ 23 Ho Baamrame, Baizehare, Bahebrone le Bauziele,+ 24 Shebuele mora wa Gershome mora wa Moshe e ne e le moetapele ya ikarabellang ka ditoro. 25 Bana babo, bao e neng e le ditloholo tsa Eliezere+ e ne e le Rehabia,+ Jeshaia, Jorame, Zikri le Shelomothe. 26 Shelomothe enwa le bana babo ba ne ba ikarabella ka matlotlo ohle a dintho+ tseo Morena Davida,+ dihlooho tsa malapa a bontate,+ balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo le balaodi ba sesole ba neng ba nehelane* ka tsona. 27 Ba ile ba nehelana* ka dintho tseo ba di fumaneng ntweng+ le tseo ba di hapileng+ hore ba boloke ntlo ya Jehova e le boemong bo botle 28 le dintho tsohle tseo Samuele seboni,+ Saule mora wa Kishe, Abnere+ mora wa Nere le Joabe+ mora wa Tseruja+ ba nehelaneng* ka tsona. Ntho efe kapa efe eo motho a neng a nehelana* ka yona, e ne e behwa tlhokomelong ya Shelomithe le bana babo.

29 Ho Baizehare,+ Kenania le bara ba hae ba ile ba fuwa mesebetsi e ka ntle ho ntlo ya Modimo e le balaodi le baahlodi+ ba Iseraele.

30 Ho Bahebrone,+ Hashabia le bana babo, banna ba nang le bokgoni ba 1 700, e ne e le baokamedi ba mosebetsi Iseraele sebakeng se ka bophirimela sa Jordane bakeng sa mosebetsi wohle wa Jehova le bakeng sa tshebeletso ya morena. 31 Ho Bahebrone, Jerija+ e ne e le hlooho ya Bahebrone ho ya ka tatellano ya malapa a bontate ba bona. Ka selemo sa bo40 sa puso ya Davida,+ ho ile ha batlwa banna ba matla le ba nang le bokgoni ho Bahebrone mme ba fumanwa Jazere+ e Gileade. 32 Bana babo e ne e le banna ba nang le bokgoni ba 2 700, e le dihlooho tsa malapa a bontate ba bona. Morena Davida a ba beha hore ba okamele Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Bamanase bakeng sa taba e nngwe le e nngwe ya Modimo wa nnete le ya morena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share