Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr23 May maq. 1-12
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dihloohwana
  • LA 1-7 MAY
  • LA 8-14 MAY
  • LA 15-21 MAY
  • LA 22-28 MAY
  • LA 29 MAY–LA 4 JUNE
  • LA 5-11 JUNE
  • LA 12-18 JUNE
  • LA 19-25 JUNE
  • LA 26 JUNE–LA 2 JULY
  • MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESDRASE 1-3
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2023
mwbr23 May maq. 1-12

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 1-7 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 17-19

“Na o Bona Batho ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Yona?”

w17.03 24 ¶7

Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?

7 Ha re ke re bone mohlala wa mora wa Asa e leng Josafate. Josafate o ne a ena le dintho tse ngata tse ntle tseo a neng a di etsa. O ne a tshepa Jehova haholo. Le ha ho le jwalo, o ile a etsa diqeto tse bowatla. Ka mohlala, o ile a etsa tumellano ya hore mora wa hae a nyale moradi wa Morena Akabe ya neng a le kgopo. Hape Josafate ha a ka a mamela temoso e tswang ho moprofeta Mikaia, o ile a tsamaya le Akabe ho ya lwantsha Basyria. O ile a pholoha ka lesoba la nale ntweng. Ka mora moo o ile a kgutlela Jerusalema. (2 Dikron. 18:1-32) Ka hoo, moprofeta Jehu o ile a mmotsa a re: “Na ke ba kgopo ba lokelang ho thuswa, mme na ke ba hloileng Jehova bao o lokelang ho ba rata?”​—Bala 2 Dikronike 19:1-3.

w15 8/15 6 ¶8-9

Thuisa ka Lerato la Jehova le Tshwarellang

8 Jehova o batla hore re tsebe hore o a re rata le hore ha a tadime mefokolo ya rona feela. O sheba le dintho tse ntle tseo re di etsang. (2 Dikron. 16:9) A re boneng ka moo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Josafate wa Juda ka teng. Josafate o ile a etsa qeto e bowatla, a ikopanya le Morena Akabe wa Iseraele ho lwantsha Basyria, Ramothe-gileade. Le hoja baprofeta ba 400 ba bohata ba ile ba bolella Akabe ya kgopo hore o tla hlola ntweng, moprofeta wa Jehova Mikaia o ile a bolella Josafate le Akabe hore haeba ba ka ya ntweng, ba tla hlolwa. Mme ho ile ha fela ha eba jwalo. Akabe o ile a bolawa ntweng, mme Josafate a phonyoha ka sobana la nale. Ka mora ntwa, Jehova o ile a romela Jehu ho ya kgalemela Josafate ka phoso eo a e entseng. Empa Jehu o ile a boela a re ho yena: “Ho na le dintho tse ntle tse fumanweng ho wena.”​—2 Dikron. 18:4, 5, 18-22, 33, 34; 19:1-3.

9 Dilemo pejana ho moo, Josafate o ne a ile a laela dikgosana, Balevi le baprista hore ba ye metseng yohle ya Juda mme ba rute batho Molao wa Jehova. Ba ile ba atleha hoo le batho ba ditjhaba tse ding ba ileng ba ithuta ka Jehova. (2 Dikron. 17:3-10) Ka hoo, le hoja Josafate a ile a etsa qeto e bowatla ha morao, Jehova ha a ka a lebala dintho tse ntle tseo a di entseng. Mohlala oo o lokela ho re kgothatsa, hobane ka dinako tse ding re etsa diphoso. Jehova o tla dula a re rata haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo sebeletsa, ebile a ke ke a lebala dintho tse ntle tseo re di entseng.

Matlotlo a Patilweng

w17.03 20 ¶10-11

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

10 Josafate mora wa Asa o ile “a nna a tsamaya tseleng ya ntatae Asa.” (2 Dikron. 20:31, 32) Hobaneng ha re tjho jwalo? Jwalo ka ntatae, Josafate o ile a kgothalletsa batho ho batla Jehova. O ile a etsa seo ka ho hlophisa hore Bajuda ba rutwe ho sebediswa “buka ya Molao wa Jehova.” (2 Dikron. 17:7-10) O ile a ba a etela karolong e ka leboya ya Iseraele ho batho ba sebakeng se dithaba sa Efraime, ho ba “kgutlisetsa ho Jehova.” (2 Dikron. 19:4) Josafate e ne e le morena “ya ileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae.”​—2 Dikron. 22:9.

11 Kaofela ha rona re ka kenya letsoho mosebetsing oo Jehova a o hlophisitseng kajeno wa ho bolela ditaba tse molemo. Na o ikemiseditse ho ruta batho Lentswe la Modimo kgwedi le kgwedi, le ho ba kgothalletsa ho sebeletsa Modimo? Na ke ntho eo o e rapellang? Ha o sebetsa ka thata hore o be le thuto ya Bibele, Modimo o tla o hlohonolofatsa. Na o nka seo e le sa bohlokwa hoo o ka telang nako ya hao? Hape, jwalo ka ha Josafate a ile a ya Efraime ho ya thusa batho hore ba kgutlele borapeding ba nnete, le rona re ka leka ho thusa ba seng ba kgaoditse ho sebeletsa Jehova. Ho ekelletsa moo, baholo ba etela batho ba kgaotsweng ho ba thusa ho kgutlela ho Jehova.

LA 8-14 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 20-21

“O Tshepe Jehova Modimo wa Hao”

w14 12/15 23 ¶8

Ho Feta Bofelo ba Lefatshe Lena la Kgale re Momahane

8 Mehleng ya Morena Josafate, batho ba Modimo ba ile ba futuhelwa ke lebothohadi le tshosang le tswang metseng e haufi. (2 Dikron. 20:1, 2) Ho babatsehang ke hore bahlanka ba Modimo ha ba a ka ba leka ho lwantsha sera seo ka matla a bona. Ho ena le hoo, ba ile ba tshepa Jehova. (Bala 2 Dikronike 20:3, 4.) Ha ba a ka ba iketsetsa dintho ka bomong kapa e mong le e mong a iketsetsa ka moo a ratang. Bibele e re: “Ba Juda kaofela ba ne ba eme ka pela Jehova, esita le bana ba bona ba banyenyane, basadi ba bona le bara ba bona.” (2 Dikron. 20:13) Ba batjha le ba hodileng ba ile ba momahana, mme ba itshetleha ka Jehova hore a ba tataise, ka hoo Jehova a ba sireletsa sereng sa bona. (2 Dikron. 20:20-27) Ruri ona ke mohlala o motle o bontshang ka moo batho ba Modimo ba ka sebetsanang le mathata ka teng!

w21.11 16 ¶7

Banyalani ba Batjha, Etelletsang Pele Tshebeletso ya Jehova

7 Jehova o ile a bua le Josafate a sebedisa Jahaziele wa Molevi a re: “Emang mme le bone poloko ya Jehova molemong wa lona.” (2 Dikron. 20:13-17) Ka nnete oo ha se mokgwa o tlwaelehileng wa ho lwana. Le ha ho le jwalo, ditaelo tseo di ne di tswa ho Jehova e seng motho. Josafate o ne a tshepile Modimo ka hoo o ile a etsa feela jwalo ka ha a ne a laetswe. Ha yena le setjhaba ba ne ba ilo kopana le dira tsa bona, ha a ka a beha masole a nang le bokgoni ka pele empa o ile a beha dibini tse neng di sa tshwara dibetsa. Jehova ha a ka a phoqa Josafate empa o ile a hlola lebotho leo jwalo ka ha a ne a tshepisitse.​—2Dikron. 20:18-23.

Matlotlo a Patilweng

it-1 E 1271 ¶1-2

Jorame

Jorame ha a ka a phehella kgotso jwalo ka ntate wa hae Josafate ka lebaka la tshusumetso e mpe ya mosadi wa hae Athalia. (2Ma 8:18) Jorame o ile a bolaya bara ba bo ba tsheletseng le dikgosana tsa Juda a ba a etsa hore setjhaba se fetohele Jehova mme se rapele medimo ya bohata. (2Kr 21:1-6, 11-14) Nakong yohle ya puso ya hae, ho ile ha eba le mathata a mangata haholo. Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda yaba ka mora moo Libna le yona e etsa ntho e tshwanang. (2Ma 8:20-22) Moprofeta Elia o ile a ngolla Jorame mme a re: “Ka lebaka leo, Jehova o tla otla setjhaba sa hao, bara ba hao, basadi ba hao le dintho tsohle tsa hao.” O ile a tswela pele ho re ho Morena Jorame: “O tla tshwarwa ke malwetse a mangata, ho akarelletsa le bolwetse ba mala, ho fihlela mala a hao a tswela ka ntle ka lebaka la ho kula letsatsi le letsatsi.”​—2Kr 21:12-15.

Ho ile ha etsahala feela jwalo. Jehova o ile a dumella Maarabia le Bafilista hore ba hape naha mme ba nke basadi le bara ba Jorame. Ke mora wa Jorame e monyenyane e leng Joakaze feela (eo hape a bitswang Akazia) eo Modimo a ileng a dumella hore a sale. O ile a dumella seo ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le Davida. ‘Ka mora dintho tsena tsohle Jehova a otla [Jorame] ka bolwetse ba mala bo sa foleng.’ Ka mora dilemo tse pedi “mala a hae a tswa” mme a shwa ka mora hore a kule haholo. E bile yona tsela eo monna enwa ya kgopo a ileng a shwa ka yona mme “ha ho na motho ya ileng a utlwa bohloko.” O ile a patwa Motseng wa Davida, “empa eseng mabitleng a marena.” Mora wa hae Akazia e ile ya eba morena bakeng sa hae.​—2Kr 21:7, 16-20; 22:1; 1Kr 3:10, 11.

LA 15-21 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 22-24

“Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Sebete”

w09 4/1 24 ¶1-2

Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metswalle e Mebe

E NE e le nako ya mahlomola Jerusalema, motse oo tempele ya Modimo e neng e le ho wona. Morena Akazia o ne a sa tswa bolawa. Ho thata ho dumela seo mme wa Morena Akazia, e leng Athalia, a ileng a se etsa. O ile a bolaya bana ba Akazia​—e leng ditloholo tsa hae! Na o a tseba hore na ke hobaneng ha a ile a etsa seo?​—O ne a batla hore ho buse yena, eseng e mong wa ditloholo tsa hae.

Le ha ho le jwalo, setloholo se seng sa Athalia, e leng leseanyana Joase, se ile sa pholoswa mme nkgono wa hae o ne a sa tsebe letho ka taba eo. Na o batla ho tseba hore na o ile a pholoswa jwang?​— Lesea leo le ne le ena le rakgadi ya bitswang Josheba, ya ileng a pata Joase tempeleng ya Modimo. O ile a kgona ho etsa sena hobane monna wa hae, Jehojada, e ne e le Moprista ya Phahameng. Ka hona, ba ile ba tiisa hore Joase o a sireletseha.

w09 4/1 24 ¶3-5

Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metswalle e Mebe

Joase o ile a patwa tempeleng ka dilemo tse tsheletseng. Ha a le moo, o ile a rutwa dintho tsohle ka Jehova Modimo le melao ya hae. Qetellong ha Joase a tshwara selemo sa bosupa, Jehojada o ile a nka kgato ya ho beha Joase boreneng. Na o ka rata ho tseba hore na Jehojada o ile a etsa see jwang, le hore na ho ile ha etsahalang ka nkgono wa Joase, e leng Mofumahadi Athalia ya kgopo?​—Jehojada o ile a bokella balebedi ba kgethehileng ka sekgukgu, ba neng ba sebeletsa marena a Jerusalema mehleng eo. O ile a ba bolella hore na yena le mosadi wa hae ba pholositse mora wa Morena Akazia jwang. Ho tloha moo Jehojada o ile a hlahisa Joase ho balebedi bao ba ileng ba mo nka e le yena morena ya loketseng. Jwale ba ile ba rera hore na ba tla etsang.

Jehojada o ile a ntshetsa Joase ka ntle mme a mo hlomamisa boreneng. Ka nako eo, batho ba “qala ho opa diatla ba re: ‘Morena a ke a phele!’” Balebedi ba ne ba potapotile Joase ho mo sireletsa. Ha Athalia a utlwa mehoo ena ya thabo, a tswa yaba o re ke morero wa bolotsana. Empa Jehojada a laela hore balebedi ba bolaye Athalia.​—2 Marena 11:1-16.

it-1-E 379 ¶5

Lepato, Dibaka Tsa Lepato

Moprista ya Phahameng Jehojada o ile a fuwa tlotla ya ho patwa “le marena Motseng wa Davida.” E ile ya eba yena feela motho eo eseng wa lelapa la borena ya ileng a fuwa tlotla e jwalo.​—2Kr 24:15, 16.

Matlotlo a Patilweng

it-2-E 1223 ¶13

Zakaria

12. Mora wa Moprista ya Phahameng Jehojada. Ka mora lefu la Jehojada, Morena Joase o ile a furalla borapedi ba nnete, a mamela dikeletso tse fosahetseng ho ena le ho mamela baprofeta ba Jehova. Zakaria motswala wa Joase (2Kr 22:11), o ile a lemosa batho ka taba eo empa ho ena le hore ba bake, ba ile ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng le ka ntle ho tempele. Mantswe a ho qetela a Zakaria a ne a re: “E se eka Jehova a ka o fa kotlo ka lebaka la sena seo o se entseng.” Kopo ena e ile ya phethahala, eseng feela ha Siria e ripitla Juda empa le nakong eo Joase a neng a bolawa ke bahlanka ba hae ba babedi “hobane o ne a bolaile bara ba moprista Jehojada.” Septuagint ya Segerike le phetolelo ya Bibele ya Selatine ya Vulgate, di re Joase o ile a bolawa hobane a bolaile “mora” wa Jehojada. Dibuka tsa Bibele tse ngotsweng ka mongolo wa Masorete le phetolelo ya Bibele ya Sesyric e bitswang Peshitta di bua ka “bara,” e leng lentswe le bongateng mohlomong hobane lentswe leo le bontsha bohlokwa ba mora wa Jehojada e leng moprofeta Zakaria wa moprista.​—2Kr 24:17-22, 25.

LA 22-28 MAY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 25-27

“Jehova a ka o fa Dintho Tse Ngata ho Feta Tseo o di Tetseng”

it-1-E 1266 ¶6

Joase

Joase o ile a boela a hirisetsa morena wa Juda masole a makgolo a dikete hore a yo lwantsha Baedomo. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la keletso ya “mohlanka wa Modimo wa nnete,” masole ao a ile a kgutliswa. Le hoja a ne a se a patetswe tjhelete e ka bang ka hodimo ho dimilione tse 11, a ile a halefa haholo ha a kgutlisetswa hae hobane a ne a ena le tshepo ya hore a tla hapa thepa ya Baedomo ka mora hore ba ba hlole. Ka hoo masole ao a ile a hlasela metse ya Juda, ho tloha Samaria ho ya fihla Bethe-horone mme a hapa thepa e ngata.​—2Kr 25:6-10, 13.

w21.08 30 ¶16

“O ka ‘Latswa’ Molemo wa Jehova Jwang?

16 Tela dintho tse itseng bakeng sa Jehova. Ha se hore re lokela ho tela dintho tsohle tseo re di ratang e le hore re kgahlise Jehova. (Moek. 5:19, 20) Le ha ho le jwalo, haeba re kgetha hore re se ke ra sebeletsa Modimo haholwanyane hobane re sa batle ho tela dintho tse itseng tseo re di ratang, re tla be re etsa phoso e tshwanang le ya monna eo Jesu a buileng ka yena papisong ya hae ya ileng a sebetsa ka thata hore a be le dintho tse ngata tse ntle empa a se na taba le Modimo. (Bala Luka 12:16-21.) Morabo rona Christian ya dulang Fora o re: “Ke ne ke sa fe Jehova le lelapa la ka matla a ka ohle le nako ya ka.” Yena le mosadi wa hae ba ile ba etsa qeto ya hore e be bopulamadiboho. Empa ba ile ba lokela ho tlohela mesebetsi ya bona e le hore e be bopulamadiboho. E le hore ba iphedise, ba ile ba qala kgwebo e nyane ya ho hlwekisa mme ba kgotsofalletse tjhelete e nyane eo ba e fumanang. Na ba a ikwahlaya ka qeto eo ba e entseng? Morabo rona Christian o re: “Re thabela tshimo ho feta neng kapa neng le ho bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba ithuta ka Jehova.”

Matlotlo a Patilweng

w07 12/15 10 ¶1-2

Na o na le Morupedi wa Moya?

UZIA e bile morena wa mmuso o ka borwa wa Juda a le dilemo di 16 feela. O ile a busa ka dilemo tse fetang 50, ho tloha ka 829 ho ya ho 778 B.C.E. A sa le monyenyane, o ile “a nna a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Ke eng e ileng ya mo susumelletsa hore a latele tsela e nepahetseng? Tlaleho ya histori e re: “[Uzia] a sekamela ho batleng Modimo a sa kgaotse matsatsing a Zakaria, morupedi wa hore ho tshajwe Modimo wa nnete; mme, matsatsing a ho batla ha hae Jehova, Modimo wa nnete a mo atlehisa.”​—2 Dikronike 26:1, 4, 5.

Ha ho letho le lekaalo le tsejwang ka Zakaria, moeletsi wa morena, haese seo re se balang tlalehong ena ya Bibele. Le ha ho le jwalo, ka ha e ne e le “morupedi wa hore ho tshajwe Modimo wa nnete,” Zakaria o ile a susumelletsa mmusi eo e motjha hore a etse se nepahetseng. The Expositor’s Bible e re ho totobetse hore Zakaria e ne e le “motho ya tsebang Mangolo, ya nang le phihlelo e batsi ya dintho tsa moya, le ya kgonang ho ruta ba bang.” Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re ka Zakaria: “E ne e le motho ya tsebang boprofeta hantle mme . . . a le bohlale, a inehetse, a lokile; mme, ho bonahala hore o ile a susumetsa Uzia haholo.”

LA 29 MAY–LA 4 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 28-29

“Sebeletsa Jehova le ha Batswadi ba Hao e sa ba Mehlala e Metle”

w16.02 10 ¶8

Etsisang Metswalle e Haufi ya Jehova

8 Boemo ba Ezekiase bo ne bo fapane hole le ba Ruthe. Setjhaba sa habo se ne se inehetse ho Modimo. Empa ha se Baiseraele bohle ba ileng ba dula ba tshepahala. Ntate wa Ezekiase, e leng Morena Akaze, o ne a le kgopo. O ne a sa hlomphe tempele ya Modimo, mme a susumetsa batho hore ba rapele medimo e meng. O ile a boela a etsa bana ba hae ba bang sehlabelo ho medimo ya bohata. Ezekiase o ile a holela lelapeng le nang le mathata.​—2 Mar. 16:2-4, 10-17; 2 Dikron. 28:1-3.

w16.02 11-12 ¶9-11

Etsisang Metswalle e Haufi ya Jehova

9 Mohlala o mobe wa Akaze o ne o ka nna wa etsa hore Ezekiase a halefele Jehova mme a mo hloye. Kajeno, batho ba bang ba mameletseng mathata a fokolang ha a bapiswa le a Ezekiase, ba nka hore ba na le mabaka a utlwahalang a ho “halefela Jehova,” kapa a ho hloya mokgatlo wa hae. (Diprov. 19:3) Ba bang ba nka hore tsela eo ba hodisitsweng ka yona e ka ba bakela mathata bophelong, kapa ba nahana hore ba tla pheta diphoso tsa batswadi ba bona. (Ezek. 18:2, 3) Empa na see ke nnete?

10 Tsela eo Ezekiase a phetseng ka yona e bontsha hore seo ha se nnete! Ha ho mohla re ka bang le lebaka le utlwahalang la ho halefela Jehova. Ha se yena ya etsang hore re hlahelwe ke dintho tse bohloko. (Jobo 34:10) Ke nnete hore batswadi ba ka ruta bana ba bona hore ba etse dintho tse ntle kapa tse mpe. (Diprov. 22:6; Bakol. 3:21) Empa sena ha se bolele hore batswadi ba rona ba ka re kgethela hore na re tla ba batho ba mofuta ofe. Hobaneng? Hobane Jehova o re file bolokolohi ba ho kgetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. (Deut. 30:19) Ezekiase o ile a sebedisa mpho ee ya bohlokwa jwang?

11 Ezekiase e ne e le e mong wa marena a lokileng a Juda, le hoja ntate wa hae a ne a le kgopo. (Bala 2 Marena 18:5, 6.) Ha a ka a latela mohlala wa ntate wa hae o mobe. Ho ena le hoo, o ile a kgetha ho mamela ka hloko baprofeta ba Jehova ba kang Esaia, Mikea le Hosea. O ile a mamela ha ba mo eletsa le ha ba mo kgalemela. Sena se ile sa mo thusa ho lokisa diphoso tse entsweng ke ntate wa hae. O ile a hlwekisa tempele, a kopa Modimo hore a tshwarele setjhaba, mme a senya diemahale tsa medimo ya bohata naheng eo. (2 Dikron. 29:1-11, 18-24; 31:1) Ha morao ha Morena Sankeribe wa Assyria a sokela ho hlasela Jerusalema, Ezekiase o ile a bontsha sebete le tumelo. O ne a dumela hore Jehova o tla mo sireletsa, mme ka hoo a matlafatsa setjhaba sa hae. (2 Dikron. 32:7, 8) Ha nako e ntse e ya, Ezekiase o ile a ikgohomosa, empa ha Jehova a mo kgalemela, a ikokobetsa. (2 Dikron. 32:24-26) Ka sebele Ezekiase o re behetse mohlala o motle oo re lokelang ho o latela. Ha a ka a dumella hore tsela eo a hodisitsweng ka yona e senye bophelo ba hae. Empa o ile a kgetha ho ba motswalle wa Jehova.

Matlotlo a Patilweng

w12 2/15 24-25

Ka ha Nathane e ne e le morapedi wa Jehova ya tshepahalang, ka mafolofolo o ile a tshehetsa morero wa Davida wa ho haha setsi sa pele sa borapedi bo hlwekileng lefatsheng. Le ha ho le jwalo, ka moo ho bonahalang ka teng, ketsahalong eo Nathane o ile a bolela maikutlo a hae ho ena le hore a bue seo Jehova a neng a itse a se bue. Bosiung boo, Modimo o ile a laela moprofeta wa hae hore a ise molaetsa o fapaneng ho morena: Davida o ne a ke ke a hahela Jehova tempele. Motho ya neng a tla hahela Jehova tempele e ne e tla ba e mong wa bara ba Davida. Empa Nathane o ile a bolela hore Modimo o ne a theha selekane le Davida e le hore terone ya hae e ka “tiiswa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​—2 Sam. 7:4-16.

Maikutlo a Nathane mabapi le hore na ke mang ya tla haha tempele ha a ka a dumellana le thato ya Modimo. Le ha ho le jwalo, ho ena le hore a korotle, moprofeta enwa ya ikokobeditseng o ile a amohela tataiso ya Jehova a ba a etsa dintho tumellanong le yona. Ruri ona ke mohlala o motle oo re lokelang ho o latela haeba Modimo a re kgalemela ka tsela e itseng! Dintho tseo Nathane a ileng a di etsa ha morao e le moprofeta di bontsha hore Modimo o ne a ntse a mo amohela. Ha e le hantle, ho bonahala eka Jehova o ile a budulela Nathane ha mmoho le Gade ya bonang dipono, hore ba laele Davida hore a hlophise dibini tse 4 000 tse neng di tla sebeletsa tempeleng.​—1 Dikron. 23:1-5; 2 Dikron. 29:25.

LA 5-11 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 30-31

“Ho ba Mmoho ho re Tswela Molemo”

it-1-E 1103 ¶2

Ezekiase

Tjheseho ya Hae Bakeng sa Borapedi ba Nnete. Ezekiase o ile a bontsha tjheseho ya hae bakeng sa borapedi ba Jehova hanghang ka mora hore e be morena ha a ne a le dilemo di 25. Ntho ya pele eo a ileng a e etsa ke ho lokisa tempele le ho e bula e le hore e ka boela ya sebediswa. “O ile a bitsa baprista ha mmoho le Balevi mme a re ho bona: “Ke ikemiseditse ho etsa selekane le Jehova Modimo wa Iseraele.” Ezekiase o ne a batla hore Baiseraele bohle ba boele ba mamele Molao wa Moshe oo ba neng ba se ba sa o mamele. Ka tjheseho o ile a hlophisa hore Balevi ba kgutlele mesebetsing ya bona mme a etsa hore ho be le diletsa tsa mmino ha mmoho le dibini tempeleng. E ne e le nako ya ho keteka Paseka ka kgwedi ya Nisane empa tempele e ne e sa hlweka ha mmoho le baprista le Balevi. Ka letsatsi la bo16 la kgwedi ya Nisane tempele e ne e se e hlwekisitswe mme le disebediswa tsa yona di ne di se di kgutliseditswe ka hare ho yona. Ka hoo, sehlabelo se ikgethang sa ho tshwarelwa dibe se ile sa etswa bakeng sa Baiseraele bohle. Dikgosana di ile tsa tlisa nyehelo ya sebe bakeng sa mmuso, bakeng sa sehalalelo le bakeng sa batho mme batho ba ile ba tlisa dinyehelo tsa setjheso tse dikete.​—2Kr 29:1-36.

it-1-E 1103 ¶3

Ezekiase

Batho ba neng ba sa hlweka ba ne ba sa tlo kgona ho keteka mokete wa Paseka. Ka hoo, e le hore motho e mong le e mong a keteke Paseka, Ezekiase o ile a sebedisa molao o neng o dumella batho ba neng ba sa hlweka hore ba keteke Paseka kgwedi ka mora nako e neng e behilwe. O ile a roma batho ba tsamaisang molaetsa kapa dimathi hore ba ise mangolo Juda ha mmoho le Iseraele, ho tloha naheng ya Beersheba ho ya Dane. Dimathi tsena di ile tsa hanyetswa ke batho ba bangata empa batho ba neng ba tswa lelokong la Ashere, Manase le Zabulone ba ile ba ikokobetsa mme ba eba teng esita le ba neng ba tswa lelokong la Efraime le la Isakare. Le baditjhaba ba neng ba sebeletsa Jehova, le bona ba ile ba tla. Ho ne ho se bonolo ho ba ka mmusong o ka leboya ba neng ba tshehetsa borapedi ba nnete hore le bona ba tle. Lebaka ke hobane le bona jwalo ka dimathi tse neng di tsamaisa molaetsa, ba ne ba hanyetswa ka ha mmuso o ne o se o senyehile hobane batho ba ne ba se ba kopanela borapeding ba bohata ebile setjhaba se hloriswa ke Baasiria.​—2Kr 30:1-20; Nu 9:10-13.

it-1-E 1103 ¶4-5

Ezekiase

Ka mora Paseka, Baiseraele ba ile ba keteka Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso ka matsatsi a supileng mme ba ne thabile hoo ba ileng ba o keteka ka matsatsi a mang a supileng. Le hoja mathata a ne a le mangata, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa hobane tlaleho e bontsha hore “batho ba ne ba thabile haholo Jerusalema hobane ho tloha mehleng ya Solomone mora wa Davida morena wa Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tjena Jerusalema.”​—2Kr 30:21-27.

Boikutlo boo Ezekiase ha mmoho le Baiseraele ba neng ba ena le bona e ne e se feela ba nakwana empa bo ne bo bontsha hore ba batla ho tsosolosa borapedi ba nnete mme seo re se bona ho se ileng sa etsahala ha morao. Pele bohle ba neng ba keteka ba kgutlela metseng ya bona, ba ile ba thuha dipilara tse halalelang, ba rema dipalo tse halalelang mme ba senya dibaka tse phahameng le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine le ya Efraime le Manase. (2Kr 31:1) Ezekiase o ile a behela setjhaba mohlala ka hore a pshatle noha ya koporo eo Moshe a neng a e entse hobane batho ba ne ba se ba e rapela le ho e etsetsa mahlabelo. (2Ma 18:4) Ka mora mokete oo o moholo, Ezekiase o ile a etsa bonnete ba hore setjhaba se tswela pele ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. O ile a hlophisa hore baprista ba etse mesebetsi ya bona ka dihlopha tsa bona le ho etsa bonnete ba hore mesebetsi ya tempeleng e tswela pele ho tshehetswa, ka hore a hopotse setjhaba ka Molao wa ho ntsha karolo ya leshome le ho ntsha monehelo wa dihlahiswa tsa pele ho tshehetsa Balevi le baprista. Setjhaba se ile sa tshehetsa tokisetso eo.​—2Kr 31:2-12.

Matlotlo a Patilweng

w18.09 6 ¶14-15

“Haeba le Tseba Dintho Tsena, le a Thaba Haeba le di Etsa”

14 Tsela e nngwe eo re ka bontshang ka yona hore re ikokobeditse, ke ka ho ikemisetsa ho mamela batho ba bang. Jakobo 1:19 e re re lokela ho ‘potlakela ho utlwa.’ Jehova ka boyena o re behetse mohlala o babatsehang tabeng ena. (Gen. 18:32; Josh. 10:14) Ako nahane ka seo re ka ithutang sona puisanong e tlalehilweng ho Exoda 32:11-14. (E Bale.) Le hoja Jehova a ne a sa hloke tlhahiso ya Moshe, o ile a mo fa monyetla wa hore a ntshe maikutlo a hae. Ebe ke mang ya ka nkang ditlhahiso tsa motho ya neng a fositse ebe o a di sebedisa? Ho a thabisa ho tseba hore Jehova yena, o mamela batho a sa ba tenehele ha ba mo rapela ka tiyo.

15 E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa: ‘Haeba Jehova a ile a ikokobetsa mme a mamela batho ba kang Abrahama, Ragele, Moshe, Joshua, Manooa, Elia le Ezekiele, jwale nna ke mang hore ke se ke ka hlompha le ho mamela ditlhahiso tse molemo tsa bana beso? Na ebe ho na le motho ka phuthehong kapa wa lelapa ya hlokang hore ke mo mamele? Ebe ke ikemiseditse ho etsang ka taba eo?’​—Gen. 30:6; Baahl. 13:9; 1 Mar. 17:22; 2 Dikron. 30:20.

LA 12-18 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 32-33

“Kgothatsa Batho ba Bang ha ba Ena le Mathata”

it-1-E 204 ¶5

Asiria

Sankeribe. Ka selemo sa bo14 sa puso ya Ezekiase, Sankeribe mora wa Sargone wa Bobedi o ile a hlasela mmuso wa Juda (ka selemo sa 732 pele ho mehla ya Jesu). (2Ma 18:13; Esa 36:1) Ezekiase o ile a fetohela tumellano eo ntate wa hae Akaze a neng a e entse le morena wa Asiria ya ho mo sebeletsa. (2Ma 18:7) Sankeribe o ile a iphetetsa ka hore a hlasele metse e 46 ya Juda. (bapisa le Esa 36:1, 2) Ha Morena Sankeribe a le Lakishe o ile a re Ezekiase a mo fe kgauta e ka etsang boima ba dikhilokramo tse 1000 (c. R 203 348 000) le silevera ya boima bo ka etsang dikhilokramo tse 10 260 (c. R 34 866 000). (2Ma 18:14-16; 2Kr 32:1; bapisa le Esa 8:5-8.) Le hoja a ile a mo patala, Sankeribe o ile a romela babuelli ba hae ho Ezekiase hore ba mo bolelle hore Jerusalema e inehele. (2Ma 18:17–19:34; 2Kr 32:2-20) Jehova o ile a romela lengeloi la hae hore le bolaye masole a Baasiria a 185 000 ka bosiu bo le bong. Ka lebaka leo, Morena Sankeribe o ile a kgutlela Ninive a swabile. (2Ma 19:35, 36) Ha a le moo o ile a bolawa ke bara ba hae ba babedi mme mora wa hae e mong e leng Esare-hadone e ile ya eba yena morena. (2Ma 19:37; 2Kr 32:21, 22; Esa 37:36-38) Ditlaleho tsena di boetse di fumanwa letlapeng la letsopa la Morena Sankeribe le ho la Morena Esare-hadone empa matlapeng ao ka bobedi ha ho a ka ha kenngwa tlaleho ya ho bolawa ha masole a Asiria.​—PICTURES, it-1-E, leq. 957.

w13 11/15 19 ¶12

Se Emelwang ke Badisa ba Supileng le Babusisi ba Robedi Kajeno

12 Jehova o dula a ikemiseditse ho re etsetsa dintho tseo re hlolehang ho iketsetsa tsona, empa o lebeletse hore re etse seo re kgonang ho se etsa. Ezekiase o ile a buisana le “dikgosana tsa hae le banna ba hae ba matla,” mme ba etsa qeto ya hore “ba thibe metsi a didiba tse neng di le ka ntle ho motse . . . Ho feta moo, [Ezekiase] a ba sebete mme a haha lerako kaofela le helehileng le ho emisa ditora hodima lona, mme ka ntle a haha lerako le leng, . .  mme a etsa marumo a mangata le dithebe.” (2 Dikron. 32:3-5) E le hore Jehova a hlokomele setjhaba sa Hae le ho se alosa ka nako eo, o ile a sebedisa banna ba mmalwa ba sebete, e leng Ezekiase, dikgosana tsa hae le baprofeta ba matla moyeng.

w13 11/15 19 ¶13

Se Emelwang ke Badisa ba Supileng le Babusisi ba Robedi Kajeno

13 Ka mora moo, Ezekiase o ile a etsa ntho e nngwe ya bohlokwa ho feta ho thiba metsi a didiba kapa ho tiisa marako a motse. Ka ha Ezekiase e ne e le modisa ya tsotellang, o ile a bokella setjhaba mme a se kgothatsa moyeng ka mantswe ana a reng: “Le se ke la tshoha kapa la haroha letswalo ka lebaka la morena wa Assyria . . . , etswe ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le yena. Se nang le yena ke letsoho la nama, empa ya nang le rona ke Jehova Modimo wa rona ho re thusa le ho lwana dintwa tsa rona.” Ka sebele ena ke kgopotso e matlafatsang tumelo​—ya hore Jehova o tla lwanela batho ba hae! Ha Bajuda ba utlwa seo, “ba qala ho itshetleha ka mantswe a Ezekiase morena wa Juda.” Ela hloko hore ke “mantswe a Ezekiase” a ileng a kgothatsa setjhaba. Yena le dikgosana tsa hae ha mmoho le banna ba hae ba matla, haesita le moprofeta Mikea le moprofeta Esaia, e ile ya eba badisa ba molemo, feela jwalo ka ha Jehova a ne a boletse esale pele ka moprofeta wa hae.​—2 Dikron. 32:7, 8; bala Mikea 55, 6.

Matlotlo a Patilweng

w21.10 4-5 ¶11-12

Ho Baka e le ka Nnete ho Bolelang?

11 Ka mora nako Jehova o ile a araba dithapelo tsa Manase. O ile a bona hore Manase o fetohile ka lebaka la dintho tseo a neng a di rapella. Jehova o ile a mamela Manase ha a ne a mo kopa hore a mo tshwarele mme a mo dumella hore e be morena hape. Manase o ile a sebetsa ka thata hore a bontshe hore o bakile e le ka nnete. O ile a etsa ntho eo Akabe a sa kang a e etsa. O ile a fetola boitshwaro ba hae. O ile a hanyetsa borapedi ba bohata mme a kgothalletsa batho hore ba rapele Jehova. (Bala 2 Dikronike 33:15, 16.) Manase o ne a hloka ho ba sebete le ho ba le tumelo hobane ka dilemo tse ngata e ile ya eba mohlala o mobe ho lelapa la hae, bahlomphehi le setjhaba sa hae. Le ha ho le jwalo, ha Manase a se a hodile, o ile a leka ho lokisa dintho tse ding tse mpe tseo a ileng a di etsa. Ho ka etsahala hore e ile ya eba mohlala o motle ho setloholo sa hae Josiase, eo ha morao e ileng ya eba morena ya molemo.​—2 Mar. 22:1, 2.

12 Re ka ithutang mohlaleng wa Manase? O ile a ikokobetsa a ba a rapela Jehova, a kopa hore a mo bontshe mohau. Manase o ile a fetola boitshwaro ba hae. O ile a sebetsa ka thata ho lokisa mathata ao a ileng a a baka mme a rapela Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo rapele. Mohlala wa Manase o thusa batho ba entseng dintho tse mpe haholo. O re bontsha hore Jehova Modimo “o molemo mme o itokiseditse ho tshwarela.” (Ps 86:5) Jehova o tla tshwarela batho ba bakileng e le ka nnete.

LA 19-25 JUNE

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 DIKRONIKE 34-36

“Na o Sebedisa Lentswe la Modimo ka Botlalo?”

it-1-E 1157 ¶4

Hulda

Nakong ya ha ho ne ho lokiswa tempele, moprista ya phahameng Hilkia o ile a fumana “buka ya molao” mme a e balla Morena Josiase. Ha morena a utlwa mantswe a tswang ‘bukeng ya molao’, a fana ka taelo ya hore ho botswe Jehova mabapi le mantswe a hlahang bukeng eo. Bahlanka ba hae ba ile ba ya ho moprofeta wa mosadi e leng Hulda, ya ileng a ba hlalosetsa hore setjhaba se ne se tla hlahelwa ke mathata a mangata hobane se ne se fetohetse Jehova. Le ha ho le jwalo, Hulda o ile a boela a hlalosa hore ka ha Josiase o ne a ikokobelleditse Jehova, o ne a ke ke a bona tlokotsi e neng e tlo hlahela setjhaba empa o ne a tla shwa mme a patwe ka kgotso.​—2Ma 22:8-20; 2Kr 34:14-28.

w09 6/15 10 ¶20

Tjhesehela Ntlo ya Jehova!

20 Nakong eo ho neng ho etswa mosebetsi wa tsosoloso o neng o hlophisitswe ke Morena Josiase, Moprista ya Phahameng Hilkia o ile a “fumana buka ya molao wa Jehova e fanweng ka letsoho la Moshe.” O ile a e fa mongodi wa morena, e leng Shafane mme yena a e balla Josiase. (Bala 2 Dikronike 34:14-18.) Ditholwana tsa seo e ile ya eba dife? Hanghang morena o ile a hahola diaparo tsa hae a utlwile bohloko mme a laela banna hore ba bue le Jehova. Modimo o ile a sebedisa moprofeta wa mosadi Hulda, hore a bolele molaetsa o nyatsang mekgwa ya bodumedi e neng e etswa Juda. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a hlokomela boiteko ba Josiase bo botle ba ho fedisa borapedi ba ditshwantsho, mme o ile a dula a mo amohela ho sa tsotellehe ditlokotsi tseo ho neng ho boletswe esale pele hore di tla wela setjhaba sohle. (2 Dikron. 34:19-28) Taba ee e re rutang? Ka sebele le rona re na le takatso e tshwanang le ya Josiase. Re lokela ho potlakela ho phetha ditaelo tsa Jehova, mme re nahanisise ka se ka etsahalang haeba re ka dumella bokwenehi le ho se tshepahale hore di re sitise ho rapela Jehova. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla hlokomela ha re tjhesehela borapedi ba nnete, feela jwalo ka ha a ile a hlokomela ha Josiase a ne a bo tjhesehela.

Matlotlo a Patilweng

w17.03 27 ¶15-17

Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?

15 Qetellong re ka re re ithutileng ka se ileng sa hlahela Morena Josiase ya lokileng? Nahana ka se ileng sa etsa hore a hlolwe le hore a shwe. (Bala 2 Dikronike 35:20-22.) Josiase o ile “a tswa ho ya teana” le Morena Neko wa Egepeta, le hoja Morena Neko a ne a mo bolelletse hore ha a na qabang le yena. Bibele e re mantswe a Neko a ne ‘a tswa molomong wa Modimo.’ Jwale hobaneng ha Josiase a ile a ya ntweng? Bibele ha e re bolelle.

16 Josiase o ne a tla tseba jwang hore mantswe a Neko a ne a tswa ho Jehova? Ho ka etsahala hore ebe o ile a botsa Jeremia, e leng e mong wa baprofeta ba tshepahalang. (2 Dikron. 35:23, 25) Empa ha ho moo Bibele e buang ka ho toba hore o ile a etsa jwalo. Hape Neko o ne a ya Karkemishe ho ya “lwantsha ntlo e nngwe,” e seng Jerusalema. Ho feta moo, lebitso la Modimo le ne le sa amehe, Neko o ne a sa rera ho utlwisa Jehova kapa batho ba Jehova bohloko. Ka hoo, Josiase o ne a entse qeto e bowatla ka ho lwantsha Neko. Mohlaleng oo re ka ithutang? Ha re tobane le mathata, re etsa hantle ha re a rarolla tumellanong le thato ya Jehova.

17 Haeba bothata bo hlaha, re lokela ho sheba hore na melaomotheo ya Bibele e reng ka taba eo, ebe re a e mamela. Ka dinako tse ding, re ka nna ra tlameha ho buisana le baholo. Re ka nna ra fuwa keletso eo re e tsebang, kapa eo re ileng ra e fumana dingolweng tsa rona. Le ha ho le jwalo, ho ka nna ha eba le melaomotheo e meng eo re ka nahanang ka yona, eo moholo a ka re thusang hore re e utlwisise. Ka mohlala, moradi wa bo rona o a tseba hore o lokela ho bolela ditaba tse molemo. (Diketso 4:20) Le ha ho le jwalo, o kgetha ho ya tshimong ka letsatsi le itseng, empa monna wa hae eo e seng Paki, o batla a dule lapeng. O re matsatsing ana ha ba sa qeta nako ha mmoho, ka hoo o batla ba ke ba thabele ho ba ha mmoho. A ka nna a nahana ka ditemana tse tlwaelehileng jwalo ka tse buang ka ho mamela Modimo le taelo ya ho etsa barutuwa. (Mat. 28:19, 20; Diketso 5:29) Empa o boetse o lokela ho nahana ka boikarabelo ba hae jwalo ka mosadi. (Baef. 5:22-24; Bafil. 4:5) Na monna wa hae o mo hanela ho ya tshimong kapa o mpa a batla hore ba etse ntho e itseng letsatsing lona leo feela? Re lokela ho lekalekanya dintho ha re sebeletsa Modimo mme re batla ho ba le letswalo le letle.

LA 26 JUNE–LA 2 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESDRASE 1-3

“Dumella Jehova Hore a o Sebedise”

w22.03 14 ¶1

Na o Bona Seo Zakaria a se Boneng?

BAJUDA ba ne ba thabile haholo. Jehova Modimo o ile a “tsosa moya wa Cyruse morena wa Persia molota” hore a lokolle Baiseraele ba neng ba le Babylona ka dilemo tse ngata. Morena o ile a etsa tsebiso ya hore Bajuda ba kgutlele naheng ya habo bona mme ba “tsosolose ntlo ya Jehova Modimo wa Iseraele.” (Esdr. 1:1, 3) Taba ena e ne e thabisa haholo hobane e ne e bolela hore ba ne ba tla boela ba rapele Modimo wa nnete naheng eo a neng a ba file yona.

w17.10 26 ¶2

Dikoloi Tsa Ntwa le Moqhaka di Tla o Sireletsa

2 Zakaria o ne a tseba hore Bajuda ba ileng ba kgutlela Jerusalema e ne e le banna le basadi ba nang le tumelo. Modimo o ne a ba susumeditse hore ba siye bophelo bo monate ba Babilona le dikgwebo tsa bona. (Esdr. 1:2, 3, 5) Ba bangata ba bona ba ne ba tlohetse sebaka seo ba neng ba holetse ho sona mme ba ya naheng eo ba tla beng ba qala ho e bona. Haeba ho aha tempele ho ne ho se bohlokwa ho bona, ba ne ba ke ke ba nka leeto le le lelele la dikhilomitara tse 1 600, ba tsamaya sebakeng se dithaba le se ommeng.

Matlotlo a Patilweng

w06 1/15 18 ¶7

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esdrase

1:3-6. Jwalo ka Baiseraele ba bang ba ileng ba sala Babylona, Dipaki Tsa Jehova tse ngata di sitwa ho kena tshebeletsong ya nako e tletseng kapa ho ya sebeletsa moo tlhokahalo e leng kgolo. Le ha ho le jwalo, di tshehetsa le ho kgothatsa ba ka kgonang ho kena tshebeletsong ya nako e tletseng ebile di fana ka menehelo ya boithatelo e le hore mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso le ho etsa barutuwa o ka ntshetswa pele.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela