PINA YA 58
A re Batleng Batho ba Kgotso
1. Jesu o itse: ‘Bolelang Lentswe.’
O n’a ruta batho bohle,
ho bata kapa ho tjhesa.
O ne a rata nku tsa Modimo.
O n’a batla batho bohle
ba ratang kgotso.
Re tsamaya ka ntlo le ntlo,
Re tsebisa batho bohle
Hore mathata ohle a tla fela.
(KHORASE)
A re batleng
Batho ba kgotso fatsheng lohle.
A re batleng
Ba batlang ho tseba Jehova.
Re ba etse
Barutuwa.
2. Re nne re batle batho ba kgotso.
Ho tseba mang? Dimilioneng
ho ka pholoha a le mong.
Re tla nne re kgutlele ho bona.
Ba nyahameng ba tla thuswa
ho thaba hape.
Re ya metseng le metsaneng
Mme re tla thaba haholo
Ha re fumana batho ba mamelang.
(KHORASE)
A re batleng
Batho ba kgotso fatsheng lohle.
A re batleng
Ba batlang ho tseba Jehova.
Re ba etse
Barutuwa.
(Sheba le Esa. 52:7; Mat. 28:19, 20; Luka 8:1; Bar. 10:10.)