PINA YA 39
Iketsetse Lebitso le Letle ho Modimo
Printed Edition
1. Bophelo bohle re mamele Mmopi,
Re iketsetse lebitso le letle.
A re mo thabiseng, re mo sebeletse,
Re etse dintho tse lokileng.
2. Ha ho na thuso ho batla botumo
Kapa ho ratwa ke lefatshe lena.
Ke ntho ya lefeela. A re iketsetseng
Bitso le letle ho Jehova.
3. Re batla hore Jah a re hopole.
Re iketsetse lebitso le letle.
Ha re tshepahala, ha a na lebala
Ketso tsa rona le ka mohla.
(Sheba le Gen. 11:4; Diprov. 22:1; Mal. 3:16; Tshen. 20:15.)