LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • th thuto 6 leq. 9
  • Hlakisa Mangolo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hlakisa Mangolo
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dintlha tse Ding
  • Buella Mangolo Hantle
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Qetella ka se Tla Ama Maikutlo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Dintlha
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Puo e Rutang
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 6 leq. 9

THUTO YA 6

Hlakisa Mangolo

Lengolo le bontshitsweng

Johanne 10:33-36

KAKARETSO: O se ke wa bala lengolo feela ebe o fetela ntlheng e latelang. Etsa bonnete ba hore bamamedi ba hao ba a bona hore na lengolo leo o qetang ho le bala le amana jwang le ntlha eo o buang ka yona.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Kgetha dintlha tsa bohlokwa. Ka mora ho bala lengolo, tshwaya mantswe a buang ka ho toba ka ntlha eo o buang ka yona. O ka etsa sena ka hore o phete mantswe ao kapa o botse potso e tla etsa hore bamamedi ba bone ntlha ya bohlokwa.

    Keletso

    Haeba o sebedisa mantswe a fapaneng ho pheta seo lengolo le se buang, etsa bonnete ba hore bamamedi ba hao ba bona ho tshwana ho teng pakeng tsa Bibele le ntlha ya hao.

  • Hatisa ntlha ya bohlokwa. Haeba o hlaloseditse bamamedi ba hao hore na ke hobaneng ha o tlo bala lengolo leo, hlalosa hore na dintlha tsa lona di amana jwang le taba eo o buang ka yona.

    Keletso

    Ha o ntse o hlalosa lengolo, dula o butse Bibele. Sena se tla thusa bamamedi ba hao hore ba bapise seo o buang ka sona le temana eo o qetang ho e bala.

  • Toba taba. O se ke wa bua ka dintho tse sa amaneng le ntlha eo o buang ka yona. Tumellanong le seo bamamedi ba hao ba seng ba ntse ba se tseba ka sehlooho le ntlha eo o buang ka yona, kgetha hore na ke ntlha efe ya bohlokwa eo o batlang hore ba e utlwisise haholwanyana.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share