LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lmd thuto 8
  • Eba le Mamello

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Eba le Mamello
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?
  • O ka Etsisa Jesu Jwang?
  • Dula o Ena le Mamello
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Eba Motho wa Batho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Kgothalla ho Kgutlela ho Batho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Eba Mosa
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
Tse Ding
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 8

KGUTLELA HO BATHO

Jesu o fihla ho ngwanabo Jakobo moo a sebetsang ka lepolanka mme Jakobo o makaletse ho mo bona.

Joh. 7:​3-5; 1 Bakor. 15:​3, 4, 7

THUTO YA 8

Eba le Mamello

Keletso ya Bibele: “Motho ya lerato o na le mamello.”​—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsang?

Jesus approaching his brother James in a carpentry shop. James is surprised to see him.

VIDEO: Jesu o Bontsha Mamello ha a Thusa Bara Babo

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 7:​3-5 le 1 Bakorinthe 15:​3, 4, 7 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. Qalong bara ba bo Jesu ba ne ba ikutlwa jwang ka molaetsa wa hae?

  2. Keng e bontshang hore Jesu o ile a tswela pele a leka ho thusa ngwanabo e leng Jakobo?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re lokela ho ba le mamello hobane batho ba bang ba nka nako e telele ho amohela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Leka mokgwa o fapaneng. Haeba motho a sa amohele thuto ya Bibele hanghang, o se ke wa mo qobella. Haeba ho kgoneha, mo bontshe video kapa sehlooho se tla mo thusa ho utlwisisa hore na ho etsahalang thutong ya Bibele le hore na e ka mo tswela molemo jwang.

4. O se ke wa bapisa batho. Batho ha ba tshwane. Haeba setho sa lelapa kapa motho eo o ntseng o mo etela a tshaba ho amohela thuto ya Bibele, leka ho utlwisisa hore na ebe ke hobaneng. Na ho na le bodumedi boo a bo nkang e le ba bohlokwa? Na ba lelapa labo kapa baahisani ba a mo hanyetsa? Mo fe nako ya ho nahanisisa ka seo a ithutileng sona Bibeleng le ho bona ka moo se ka mo tswelang molemo ka teng bophelong.

5. Rapella motho ya bontshitseng thahasello. Kopa Jehova hore a o thuse mme o se ke wa lahla tshepo. Mo kope hore a o thuse ho bona ha motho a sa thahaselle e le hore o ka emisa ho mo etela.​—1 Bakor. 9:26.

O KA BOELA WA SHEBA

Mar. 4:​26-28; 1 Bakor. 3:​5-9; 2 Pet. 3:9

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share