LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwia sehlooho 7
  • “Binelang Jehova”!

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Binelang Jehova”!
  • Etsisa Tumelo ya Bona
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Miriame Ngwana Bokgobeng
  • Miriame Mopholosi
  • Miriame Ausi ya Mamellang
  • Miriame Moprofeta
  • Miriame Moikgohomosi
  • Miriame Molepera
  • Miriame o a Tshwarelwa
  • Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Bophelo bo Bonolo bo a Thabisa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Re Ithutang ho Basadi ba Hlahang ka Bibeleng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Etsisa Tumelo ya Bona
ijwia sehlooho 7
Miriame o letsa moropa.

ETSISA TUMELO YA BONA | MIRIAME

“Binelang Jehova”!

Ngwanana o ipatile moo ho se nang motho ya mo bonang, o shebile ka hara mahlaka. O tshohile, ha a sisinyehe le ho sisinyeha, noka ya Nile yona e ntse e phalla butle. E se ele nako e telele a shebile ka hara mahlaka, dikokonyana di ntse di fofa pela hae. Moo mo a shebileng a sa panye, ho na le baskete e entsweng ka lehlaka e patilweng hara mahlaka, ka hara yona ho kentswe ngwanabo wa moshanyana. O mo utlwetse bohloko ha a nahana hore o mong ka hara baskete empa o a tseba hore batswadi ba hae ba entse qeto e nepahetseng ya hore ba pate kgaitsedi ya hae moo. E ne e le yona feela tsela ya ho sireletsa ngwanabo tlokotsing.

Ngwanana eo ya monyane o ne a le sebete e le ka nnete, mme ho eso ye kae o ne a tlo bontsha hore o sebete le ho feta. Le hoja a ne a le monyane empa tumelo ya hae ho Modimo e ne e ntse e tswela pele ho hola. Hona le ntho e neng e tlo etsahala e se kgale e neng e tla bontsha hore o fela a e na le tumelo e matla mme tumelo eo e ne e tla mo thusa bophelo bohle ba hae. Dilemo ha morao ha a se a tsofetse, tumelo ya hae e ne e tla mo thusa nakong eo a nang le setjhaba sa habo. Tumelo ya hae e ne e boetse e tla mo thusa le ha a ne a etsa phoso e tebileng. Ngwanana eo e ne e le mang? Hona re ka ithutang tumelong ya hae?

Miriame Ngwana Bokgobeng

Qalong Bibele ha e re bolelle lebitso la hae empa re a tseba hore na e ne e le mang. E ne e le Miriame, letsibolo la makgoba a Baheberu a neng a dula Egepeta e leng Amrame le Jokebede. (Numere 26:​59) Ha morao kgaitsedi ya hae e ne e tla rehwa Moshe. Arone e leng abuti wa Moshe o ne a ka ba dilemo di tharo ka nako eo. Ha re tsebe hantle hore na Miriame o ne a le dilemo di kae ka nako eo empa ho bonahala eka o ne a e so be dilemo di leshome.

Miriame o phetse nakong eo batho ba habo ba neng ba phela ka thata. Baegepeta ba ile ba etsa Baheberu ba habo makgoba hobane ba ne ba ba tshaba. Baheberu ba ile ba tswela pele ho ba le bana ba bangata e leng se ileng sa tshosa Baegepeta mme ba batla ho ba hlorisa le ho feta. Faro o ile a laela hore bashanyana bohle ba Baheberu ba qetang ho hlaha ba bolawe. E tlameha ebe Miriame o ile a utlwela ka tumelo ya babelehisi ba babedi ba sa kang ba mamela taelo ya morena e leng Shifra le Pua.​—Exoda 1:​8-22.

Miriame o ile a bona le tumelo ya batswadi ba hae. Ka mora hore ngwana wa bona wa boraro ya motle wa moshanyana a hlahe, Amrame le Jokebede ba ile ba mo pata ka dikgwedi tse tharo. Ba ne ba sa tshabe Faro ka hoo ba ile pata ngwana wa bona e le hore a se ke a bolawa. (Baheberu 11:​23) Ba ne ba lokela ho etsa qeto e boima hobane ho pata ngwana ha se ntho e bonolo. Jokebede o ne a lokela ho pata ngwana wa hae mme a mo siye moo a neng a ka nna a tholwa ke motho e mong ya neng a tla mo sireletsa le ho mo hodisa. O se o ka inahanela feela hore na mme enwa o ne a etsa dithapelo tse matla hakae ha a ntse a tlotsa sekontiri basketeng e entsweng ka lehlaka e le hore e se ke ya kena metsi ha a beha ngwana wa hae nokeng ya Nile. Ha ho pelaelo hore o ile a re Miriame a sale a shebile hore na ho tla etsahalang ka ngwana.​—Exoda 2:​1-4.

Miriame Mopholosi

Miriame o ile a leta. Yare ha a re hedi a bona batho ba atamela. E ne e le sehlopha sa basadi empa ene e se basadi feela tjee ba Baegepeta. E ne e le moradi wa Faro le basebeletsi ba hae ba basadi, ba tlo hlapa nokeng ya Nile. Mohlomong Miriame o ile a tshoha. Na o ne a ka nahana hore le moradi wa Faro o ne a ka iphapanyetsa taelo ya morena ebe o sireletsa ngwana eo wa Moheberu? Ha ho potang hore Miriame o ile a rapela ka matla ka nako eo.

Ke moradi wa Faro ya ileng a bona baskete pele ka hara mahlaka yaba o kopa lekgoba la hae la mosadi hore le mo tlele yona. Tlaleho ya Bibele ha e bua ka kgosatsana ena e re: “Ha a e bula, a fumana ngwana wa moshanyana a ntse a lla.” Kapele o ile a hlokomela hore ho na le mme wa Moheberu ya lekang ho sireletsa ngwana wa hae. Ka hoo moradi wa Faro o ile a utlwa a qenehela lesea leo le letle. (Exoda 2:​5, 6) Kaha Miriame o ne a mo shebile ka hloko mahlong o ile a bona ka moo a neng a qenehetse ngwana. Ngwanana eo o ne a tseba hore nako ya hore a nke bohato e fihlile, o ne a lokela bontsha tumelo ho Jehova. Ka hoo o ile a iteta sefuba mme a ya ho moradi wa Faro le basebeletsi ba hae.

Ha re tsebe hore na ho ne ho ka etsahalang ka ngwanana wa Moheberu haeba a ne a ka ikisa ho kgosatsana. Ho ntse ho le jwalo, Miriame o ile a botsa kgosatsana potso e tobileng a re: “Na nka ya ke yo o bitsetsa mosadi ya nyantshang ho basadi ba Baheberu hore a o nyantshetse ngwana eo?” Potso ena e ne e hlakile hape e utlwahala. Moradi wa Faro o ne a tseba hore o ne a ke ke a kgona ho nyantsha lesea leo. Mohlomong o ne a bona ho le bohlale hore moshanyana a hodiswe ke batho ba habo ebe o tlo dula le yena ha morao a se a tlo mo hodisa le ho mo kenya sekolo. E tlameha ebe Miriame o ile a thaba haholo ha kgosatsana e mo araba ka hore feela: “Tsamaya.”​—Exoda 2:​7, 8.

Miriame ha a sa le monyane o ipatile ka hara mahlaka mme o shebile ha moradi wa Faro a roma lekgoba la hae la mosadi hore le mo tlele baskete e neng e patile Moshe ha e sa le lesea.

Ka sebete Miriame o ile a etsa bonnete ba hore o sireletsa ngwanabo

Miriame o ile a mathela hae ho batswadi ba hae ba neng ba tshwenyehile. O se o ka inahanela feela hore na o ne a thabile hakae ha a ntse a bolella mme wa hae ditaba tsena. Jokebede o tlameha a ile a hlokomela hore ke Jehova ya neng a ba tataisa ka hoo o ile a tsamaya le Miriame mme ba kgutlela ho moradi wa Faro. Mohlomong Jokebede o ile a etsa eka ha a thaba ebile ha a imoloha ha kgosatsana e re: “Nka ngwana enwa o nnyantshetse yena mme ke tla o patala.”​—Exoda 2:9.

Miriame o ile a ithuta ho hongata ka Jehova Modimo wa hae letsatsing leo. O ile a ithuta hore Jehova o tsotella batho ba hae ebile o mamela le dithapelo tsa bona, hape o ile a ithuta hore ha se batho ba baholo le bo ntate feela ba ka bang le tumelo le ho bontsha sebete. Jehova o mamela bahlanka bohle ba hae ba tshepahalang. (Pesaleme ya 65:2) Le rona mehleng ena ho sa tsotellehe hore na re batjha kapa re hodile, re bomme kapa re bontate re lokela ho hopola taba ena matsatsing ana a boima.

Miriame Ausi ya Mamellang

Jokebede o ile a nyantsha Moshe a ba a mo hlokomela. Re ka kgodiseha hore Miriame o ile a qala ho rata ngwanabo ya monyane eo a neng a kentse letsoho ho pholosa bophelo ba hae. Mohlomong o ile a mo thusa ho tseba ho bua mme a thaba haholo ha a qala ho bitsa lebitso la Modimo wa hae e leng Jehova. Ha ngwana a se a hodile nako ya hore a iswe ho moradi wa Faro e ile ya fihla. (Exoda 2:​10) E tlameha ebe karohano eo e ile ya eba bohloko ho lelapa lohle. Miriame o tlameha a ne a labalabela ho bona hore na Moshe jwalo kaha moradi wa Faro a ne a mo rehile, e ne e tla ba monna ya jwang ha a se a hodile. Na o ne a tla dula a rata Jehova le ha a ntse a holela lelapeng la borena la Baegepeta?

Ha nako e ntse e ya Miriame o ile a fumana karabo. Ha ho pelaelo hore o ile a ba motlotlo haholo ha a utlwa hore ngwanabo wa moshanyana o kgethile ho sebeletsa Modimo wa hae ha a hola, ho ena le ho kgetha menyetla e neng e mo bulehetse ha ntse a dula ntlong ya borena ya Faro. Ha Moshe a se a le dilemo di 40 o ile a lwanela batho ba habo yaba o bolaya Moegepeta ya neng a hlorisa lekgoba la Moheberu. O ne a tseba hore bophelo ba hae bo kotsing ka hoo o ile a baleha Egepeta.​—Exoda 2:​11-15; Diketso 7:​23-29; Baheberu 11:​24-26.

E ka nna yaba Miriame o ne a sa kgone ho bua le ngwanabo ka dilemo tse 40 ha a ntse a balehetse Midiane e le modisa wa dinku. (Exoda 3:1; Diketso 7:​29, 30) Miriame o ile a mamella ho fihlela a tsofala mme a tswela pele ho bona ha batho ba habo ba hloriswa le hofeta.

Miriame Moprofeta

Miriame o ne a se a le ka hodimo ho dilemo tse 80 ha Moshe a kgutla a ronngwe ke Modimo hore a tlo lokolla batho ba Hae. Arone e ne e le mmuelli wa Moshe mme bara bana ba babedi ba bo Miriame ba ile ba ya ho Faro ba mo kopa hore a lokolle batho ba Modimo. Miriame o tlameha a ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa le ho kgothatsa bana babo ka mora hore Faro a hane ho ba mamela ka makgetlo a latellanang ha ba ne ba ronngwe ke Jehova hore ba lemose Baegepeta ka dikotlo tse leshome. Qetellong kotlo ya ho qetela e leng ya ho bolawa ha bara bohle ba matsibolo a Baegepeta e ile ya fihla mme Baiseraele ba ile ba lokollwa Egepeta. O se o ka inahanela feela hore na Miriame o ne a thusa batho ba habo ka mafolofolo hakae hore ba tsamaye ha ba ntse ba etellwa pele ke Moshe.​—Exoda 4:​14-16, 27-31; 7:1–12:51.

Ha morao ha ba lelekiswa ke lebotho la Baegepeta Lewatleng le Lefubedu, Miriame o ile a bona ha Moshe ngwanabo, a otlollela lere la hae hodima lewatle mme lewatle le aroha ka lehare. Ha Moshe a etella setjhaba pele mme se tsamaya moo ho ommeng, tumelo ya Miriame ho Jehova e tlameha e ile ya eba matla le ho feta. O ne a sebeletsa Modimo ya neng a ke ke a hlolwa ke letho le ya phethahatsang ditshepiso tsohle tsa hae.​—Exoda 14:​1-31.

Ha morao ha ba se ba tsheletse ka nqane ho lewatle ba sireletsehile le batho ba habo mme metsi a lewatle a kwahela Faro le lebotho la hae, Miriame o ile a bona hore Jehova o matla ho feta lebotho le matla ka ho fetisisa lefatsheng. Batho ba ile ba susumelletseha hoa binela Jehova pina. Ka hoo Miriame o ile a etella basadi pele ho bina mantswe ana: “Binelang Jehova ka ha o phahame haholo. O lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”​—Exoda 15:​20, 21; Pesaleme ya 136:15.

Miriame le basadi ba Iseraele ba letsa meropa ebile ba bina le pina ya tlholo Lewatleng le Lefubedu.

Miriame o ile a susumelletseha ho etella pele basadi ba Iseraele ha ba ne ba bina pina ya tlholo Lewatleng le Lefubedu

Ena e ne e le nako e monate ka ho fetisisa bophelong ba Miriame eo a ke keng a e lebala. Paleng ena, Bibele e bitsa Miriame moprofeta. Miriame ke mosadi wa pele wa ho bitswa moprofeta ka Bibeleng. Miriame ke e mong wa basadi ba fokolang ka palo ba sebeleditseng Jehova ka tsela ena e kgethehileng.​—Baahlodi 4:4; 2 Marena 22:​14; Esaia 8:3; Luka 2:36.

Bibele e re hopotsa hore Jehova o ntse a re shebile mme o ikemiseditse ho hlohonolofatsa boiteko ba rona, mamello ya rona le takatso ya rona ya ho batla ho mo rorisa. E bang re baholo kapa re banyane, re banna kapa re basadi, re ka bontsha hore re na le tumelo ho Jehova. Tumelo e jwalo e a mo thabisa, ha a e lebale mme o thabela ho e putsa. (Baheberu 6:​10; 11:6) Lena ke lebaka le utlwahalang la ho etsisa tumelo ya Miriame.

Miriame Moikgohomosi

Ho fuwa ditokelo ke tlhohonolofatso empa hape hona le dikotsi tseo re lokelang ho di qoba. Nakong eo setjhaba sa Iseraele se lokollwang bokgobeng, Miriame e ne e le mosadi ya tsebahalang ka ho fetisisa setjhabeng seo. Na o ne a tla itumella hore a ikgohomose kapa a batle ho hlahella? (Diproverbia 16:​18) Ka maswabi, o ile a etsa jwalo ka nakwana.

Dikgwedi ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, Moshe o ile a amohela batho ba neng ba tswa hole, e leng mosadi wa hae Zipora, bara ba bona ba babedi le mohoe wa hae, Jethro. Moshe o ile a mo nyala ha a ntse a balehetse Midiane ka dilemo tse 40. Zipora o ne a ile a ya habo Midiane, mohlomong a tjhakile feela, jwale ntate wa hae o ne a se a mo kgutlisetsa moo Baiseraele ba neng ba hlomme ditente teng. (Exoda 18:​1-5) Ako nahane feela hore na setjhaba sa Baiseraele se ile sa ba sheba jwang ha ba fihla. Mohlomong ba bang ba ne ba labalabela ho bona mosadi wa monna eo Modimo a neng a mo kgethile hore a ba etelle pele ha ba tswa naheng ya Egepeta.

Na Miriame le yena o ne a thabetse hore Zipora o teng? Mohlomong qalong o ne a thabile. Ho bonahala eka ha nako e ntse e ya o ile a itumella hore boikgohomoso bo mo laole. Mohlomong o ile a tshoha a nahana hore Zipora e se e tla ba yena mosadi ya tsebahalang ka ho fetisisa setjhabeng sa Iseraele. Ka nako e nngwe, Miriame le Arone ba ile ba qala ho bua dintho tse mpe mme ha morao ba ile ba qetella ba bua ba halefile ebile ba nyefola. Qalong ba ne ba tletleba ka hore Zipora ha se Moiseraele empa ke Mokushe.a Ha nako e ntse e ya, ba ile ba qalella ho tletleba ka Moshe. Miriame le Arone ba ne ba re: “Na Jehova o bua a sebedisa Moshe feela? Na ha a bue a sebedisa le rona?”​—Numere 12:​1, 2.

Miriame Molepera

Re a bona hore Miriame le Arone ba ne ba se ba ena le mekgwa e mebe. Ba ne ba sa kgotsofalla tsela eo Jehova a neng a sebedisa Moshe ka yona hobane ba ne ba batla matla le taolo e eketsehileng. Na e ne e le hobane Moshe a ba hatella kapa a batla ho ba matla le ho feta? Ke nnete hore o ne a ntse a etsa diphoso empa o ne a sa ikgohomose kapa hona ho batla ho hlahella. Tlaleho e tswang ka Bibeleng e re: “Moshe, o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba teng lefatsheng.” Ka nnete Miriame le Arone ba ne ba fositse mme sena se ne se etsa hore ba be ka mosing. Jwalo ka ha tlaleho e bolela, “Jehova o ne a mametse.”​—Numere 12:​2, 3.

Ho eso ye kae, Jehova o ile a bitsetsa bana bana ba motho tenteng ya pokano. Ho ne ho ena le leru le hlollang le neng le bontsha boteng ba Jehova, le ile la theoha mme la ema monyako. Yaba Jehova o a bua, o kgalemela Miriame le Arone, a ba hopotsa ka setswalle se ikgethang seo a nang le sona le Moshe le ka tshepo e tiileng eo a nang le yona e entseng hore ebe o ile a mo kgetha. Jehova o ile a ba botsa a re: “Jwale ke hobaneng ha le sa ka la tshaba ho bua mohlanka wa ka Moshe hampe?” Ha ho potang hore Miriame le Arone ba ne ba thothomela. Jehova o ne a nka hore ha ba sa hlomphe Moshe, ho tshwana hantle le ha ba sa hlomphe yena.​—Numere 12:​4-8.

Ho bonahala Miriame e le yena ya neng a di hula pele tabeng ena ya ho ba kgahlanong le ngwetsi ya habo ebile o ne a susumetsa le Arone hore a mo tshehetse. Sena se tla re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Miriame e le yena ya ileng a fuwa kotlo. Jehova o ile a mo otla ka lepera. Letlalo la hae le ile la e ba “lesweu jwalo ka lehlwa” ka lebaka la lefu leo le tshosang. Hanghang Arone o ile a ikokobelletsa Moshe, a mo kopa hore a ba kopele tshwarelo ho Jehova a re: “Ntho eo re e entseng ke bowatla.” Ka ha Moshe e ne e le monna ya bonolo, o ile a hwelehetsa ho Jehova, a re: “Ka kopo Modimo, mo fodise. Ke a o kopa hle!” (Numere 12:​9-13) Moshe le Arone ba ne ba utlwetse ngwanabo bona bohloko, sena se bontsha hore ba ne ba rata ngwanabo bona haholo le hoja a ne a etsa diphoso.

Miriame o a Tshwarelwa

Jehova o ile a mo hauhela. O ile a fodisa Miriame hobane a bakile. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a re a behellwe ka ntle ho diahelo tsa Iseraele ka matsatsi a supileng. E tlameha ebe Miriame o ile a tlotloloha haholo, ka ha batho ba bang ba ne ba tseba hore o tlositswe diahelong hobane a kgalemetswe. Empa tumelo ya hae e ile ya mo pholosa, o ne a kgodisehile hore ka ha Jehova ke Ntate wa hae o ne a mo kgalemela hobane a mo rata. Ka hoo, o ile a mamela Ntate wa hae. O ile a behellwa ka thoko ka matsatsi a supileng ha setjhaba se ntse se mo emetse. Miriame o ile a bontsha tumelo hape ka hore ka boikokobetso a dumele hore a ‘kgutlisetswe diahelong.’​—Numere 12:​14, 15.

Jehova o kgalemela bao a ba ratang. (Baheberu 12:​5, 6) Ka ha o ne a rata Miriame haholo, o ile a mo kgalemella boikgohomoso. Kgalemelo eo e ne e le bohloko, empa e ile ya mo pholosa. O ile a ikokobetsa mme a amohela kgalemelo, ka hoo Jehova o ile a mo amohela hape. O ile a tswela pele a phela ho fihlela leeto la Baiseraele lefeelleng le se le le haufi le ho fela. Ha a hlokahala ba le lefeelleng la Zine sebakeng se bitswang Kadeshe, o ne a le dilemo tse ka bang 130.b (Numere 20:1) Dilemo tse makgolo ha morao, Jehova o ile a bontsha hore o ananela Miriame hobane a mo sebeleditse ka botshepehi. O ile a sebedisa moprofeta wa hae, e leng Mikea, hore a hopotse batho ba hae hore o ile a ba ‘lopolla naheng eo e neng e le makgoba ho yona. A romela Moshe, Arone le Miriame hore a ba tataise.’​—Mikea 6:4.

Miriame o mong ka tenteng mme o tshwerwe ke lepera.

Tumelo e ile ya thusa Miriame hore a dule a ikokobeditse ha Jehova a mo kgalemela

Re ka ithuta dintho tse ngata bophelong ba Miriame. Re lokela ho sireletsa batho ba sa kgoneng ho itshireletsa re be re emele se nepahetseng ka sebete, jwalo ka ha a ile a etsa ha esale ngwana. (Jakobo 1:​27) Le rona jwalo ka yena re lokela ho bolella batho ba bang molaetsa o tswang ho Modimo. (Baroma 10:​15) Jwalo ka Miriame, re lokela ho qoba mekgwa e kotsi e kang mona le ho halefa. (Diproverbia 14:​30) Jwalo ka yena, re lokela ho ikokobetsa mme re amohele kgalemelo e tswang ho Jehova. (Baheberu 12:5) Ha re etsa dintho tsena, re tla be re etsisa tumelo ya Miriame hantle.

a Mohlaleng ona wa Zipora, lentswe “Mokushe” le ne le bolela hore o ne a tswa Arabia, jwalo ka Bamidiane ba bang, eseng Ethiopia.

b Bana bana ba motho ba bararo ba ile ba hlokahala ho ya ka tatellano eo ba hlahileng ka yona. Ho hlokahetse Miriame pele ya eba Arone yaba ho qetella Moshe, ba ile ba hlokahala dipakeng tsa nako e ka etsang selemo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share