Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt leq. 5
  • Selelekela sa Lentswe la Modimo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Selelekela sa Lentswe la Modimo
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Selelekela sa Lentswe la Modimo

Selelekela sa Lentswe la Modimo

Bibele e re tshwaretse molaetsa wa Modimo kapa lentswe la hae. E re bontsha ka moo re ka phelang ka tsela e atlehileng le ka moo re ka amohelwang ke Modimo ka teng. E boetse e araba dipotso tse latelang:

  1. 1 Modimo ke mang?

  2. 2 O ka ithuta ka Modimo jwang?

  3. 3 Ke mang ya ngotseng Bibele?

  4. 4 Na Bibele e a nepa ditabeng tsa saense?

  5. 5 Bibele e bua kang?

  6. 6 Bibele e ile ya profeta eng ka Mesia?

  7. 7 Bibele e ile ya re ho tla ba jwang mehleng ena ya rona?

  8. 8 Na ke Modimo ya etsang hore batho ba be le mathata?

  9. 9 Ke hobaneng ha batho ba utlwa bohloko?

  10. 10 Bibele e re tshepisa bokamoso bo jwang?

  11. 11 Ho etsahalang ha motho a shwa?

  12. 12 Ho tla etsahalang ka bafu?

  13. 13 Bibele e reng ka ho sebetsa?

  14. 14 O ka sebedisa dintho tseo o nang le tsona hantle jwang?

  15. 15 Keng e ka etsang hore o thabe?

  16. 16 O ka etsang ha o ena le mathata?

  17. 17 Bibele e ka thusa lelapa la hao jwang?

  18. 18 O ka atamela ho Modimo jwang?

  19. 19 Mangolo a Bibele a bua kang?

  20. 20 O ka etsang hore Bibele e o tswele molemo ha o e bala?

KA MOO O KA FUMANANG DITEMANA TSA BIBELE

Bibele ke pokello ya dibuka tse nyenyane tse 66. E arotswe ka dikarolo tse pedi: Mangolo a Seheberu le Searame (“Testamente ya Kgale”) le Mangolo a Segerike (“Testamente e Ntjha”). Buka ka nngwe e arotswe ka dikgaolo le ditemana. Ha ho bontshwa mangolo, nomoro ya pele e hlahang ka mora lebitso la buka ke kgaolo. Dinomoro tse latelang ke ditemana. Ka mohlala, ha ho thwe Genese 1:1, ho bolelwa Genese kgaolo ya 1, temana ya 1.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela