Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • bhs maq. 3-7
  • Keng Seo Modimo a se Batlelang Batho?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Keng Seo Modimo a se Batlelang Batho?
  • Bibele e re Rutang?
  • Dihloohwana
  • BIBELE E RE MODIMO O TLA RE ETSETSA DINTHO TSE NTLE MONA LEFATSHENG.
  • RUA MOLEMO HO SEO BIBELE E SE RUTANG
Bibele e re Rutang?
bhs maq. 3-7

Keng Seo Modimo a se Batlelang Batho?

HA O bala koranta, o shebella TV kapa o mamela ditaba radiong, o utlwa ho buuwa ka dintho tse mpe tse kang bonokwane, dintwa le bokgukguni. Mohlomong le wena o na le mathata a kang ho kula kapa ho shwelwa ke motho eo o mo ratang.

Lelapa le mametse ditaba radiong

O ka nna wa ipotsa:

  • Na ke seo Modimo a se batlelang nna le ba lelapa la ka?

  • Keng e ka nthusang ho rarolla mathata a ka?

  • Na ka le leng ho tla ba le kgotso lefatsheng?

Bibele e araba dipotso tseo ka tsela e kgotsofatsang.

BIBELE E RE MODIMO O TLA RE ETSETSA DINTHO TSE NTLE MONA LEFATSHENG.

  • Batho ha ba sa tla hlola ba utlwa bohloko, ba tsofala le ho shwa.—Tšenolo 21:4

  • ‘Ya holofetseng o tla tlola jwaloka kgama.’—Esaia 35:6

  • “Mahlo a difofu a tla tutuboloha.” —Esaia 35:5

  • Bafu ba tla tsoswa. —Johanne 5:28, 29

  • Ha ho na motho ya tla kula. —Esaia 33:24

  • Motho e mong le e mong o tla ba le dijo tse ngata. —Pesaleme ya 72:16

    Ba tsofetseng ba a ntjhafala, ba holofetseng ba a tlola, bafu ba a tsoswa, difofu le ba kulang ba a fodiswa

RUA MOLEMO HO SEO BIBELE E SE RUTANG

E mong wa Dipaki Tsa Jehova o ithuta Bibele le motho e mong

O ka nna wa nahana hore dintho tsena tseo o sa tswa di bala maqepheng a qalang a buka ena ke ditoro. Empa Modimo o tshepisitse hore haufinyane o tla etsa diphetoho mona lefatsheng, ebile Bibele e ya hlalosa hore na o tla di etsa jwang.

Bibele e re bolella seo re lokelang ho se tseba e le hore re thabele bophelo hona jwale. A ko nahane ka dintho tse o tshwenyang. Mohlomong o tshwenyehile ka tjhelete, mathata a lelapa, ho kula kapa ho shwelwa ke motho eo o mo ratang. Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata ana ebile e ka o thusa ho utlwisisa dikarabo tsa dipotso tse latelang:

  • Ke hobaneng ha re hlahelwa ke mathata?

  • Re ka sebetsana jwang le mathata a rona?

  • Na ho ka ba le thabo lelapeng la hao?

  • Ho etsahalang ka rona ha re shwa?

  • Na ka le leng re tla boela re bone batho bao re ba ratang ba seng ba hlokahetse?

  • Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Modimo o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae?

Taba ya hore o bala buka ena e bontsha hore o batla ho tseba hore na keng seo Bibele e se rutang. Buka ena e tla o thusa. Dirapa tsa buka ena di na le dipotso tse ka o thusang hore o utlwisise Bibele haholwanyane. Batho ba bangata ba ile ba thabela ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Re tshepa hore le wena o tla thabela ho etsa jwalo. E se e ka Modimo a ka o hlohonolofatsa ha o ntse o etsa boiteko ba ho tseba hore na Bibele e re rutang!

TSEBA BIBELE YA HAO

Bibele e na le dibuka tse 66. Buka e nngwe le e nngwe e arotswe ka dikgaolo le ditemana. Sena se etsa hore ho be bonolo ho fumana temana. Ha buka ena e hlahisa lengolo, nomoro ya pele e hlahang ka mora lebitso la buka ke kgaolo, athe nomo e latelang eo ke temana. Ka mohlala ha o bona “2 Timothea 3:16,” seo se bolela hore ke lengolo la bobedi la Timothea, kgaolo ya 3, temana ya 16.

Ha o ntse o sheba mangolo a hlahisitsweng, o tla tlwaela ka pele ho phetla Bibele. O ka boetse wa itlwaetsa ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. Haeba o bala dikgaolo tse tharo ho ya ho tse hlano ka letsatsi, o ka qeta Bibele ka selemo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela