Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 115-117
  • Sebe

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Sebe
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 115-117

Sebe

Sebe ke eng, hona ke hobaneng ha se re ama kaofela?

Ps 51:5; Bar 3:23; 5:12; 6:23; 1Jo 3:4; 5:17

Bibele e bontsha jwang hore re ka kgona ho hlola ditakatso tsa rona tse fosahetseng?

Bar 6:​12-14

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Sa 11:​2-5, 14, 15, 26, 27; 12:​1-13—Morena Davida o ile a etsa dibe tse tebileng, a fuwa kotlo empa qetellong o ile a baka

    • Bar 7:​15-24—Moapostola Pauluse o ne a inehetse ho Jehova a bile a beha mohlala o motle empa o ne a ntse a lokela ho lwana ka thata hore a laole dintho tseo a di nahanang le tsela eo a neng a ikutlwa ka yona

Ke hobaneng ha batho ba etsa sebe?

Dik 3:17; 17:​29, 30; 1Ti 1:13; 1Pe 1:14

Sheba le Nu 15:​27-29

Ke hobaneng ha re sa lokela ho tswela pele ho etsa ntho eo re tsebang hore e fosahetse?

Heb 10:​26, 27; 1Jo 3:​4, 8, 9

Sheba le Nu 15:30; Bar 1:​28-32; 1Ti 5:20

Satane a ka sebedisa eng ho etsa hore re qetelle re entse sebe?

Pr 1:​10, 11, 15; Mat 5:28; Jak 1:​14, 15

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 3:​1-6—Satane o ile a sebedisa noha ho etsa hore Eva a nahane ka dintho tseo a ipatlelang tsona ho ena le ho tshepa Jehova

    • Pr 7:​6-10, 21-23—Morena Solomone o ile a etsa mohlala ka mohlankana ya se nang kelello ya ileng a kgeloswa ke mosadi wa letekatse

Re ka thuswa keng hore re hlole diteko tsa Satane?

Ef 4:27; 6:​10-18; Jak 4:​7, 8

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Pr 5:​1-14—Jehova o ile a sebedisa Morena Solomone hore a fane ka keletso e re thusang ho bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho qoba boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano le hore na re ka bo qoba jwang

    • Mat 4:​1-11—Jesu o re behetse mohlala o motle ka hore a sebedise Lentswe la Modimo ha Satane a ne a mo leka

Bakreste ba lokela ho qoba ho etsa dintho dife tse fosahetseng?

Sheba “Diketso Tse Fosahetseng”

Re lokela ho bua ha re entse dibe

Ke hobaneng ha re sa lokela ho pata dibe tseo re di entseng?

Pr 28:13; Bar 14:12; 1Ti 5:24; Heb 4:13

Ke mang eo re lokelang ho mo bolella dibe tsohle tseo re di entseng?

Ps 32:5; Mat 6:​9-14

Ke mang eo e leng “mothusi” ya re buellang ho Jehova?

1Jo 2:1; Bar 5:​1, 2; 8:34; Ef 2:​13, 18; 5:​1, 2; Heb 7:25

Motho ya entseng sebe a ka bontsha jwang hore o swabetse phoso ya hae?

Dik 26:20; Jak 4:​8-10

Sheba le “Ho Baka”

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ex 22:​1-12—Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe, o ne o bontsha hore leshodu le ne le lokela ho patala ntho eo le e utswitseng

    • Lu 19:​8, 9—Zakiase eo e neng e le mmokelli e moholo wa lekgetho o ile a fetoha mme a kgutlisa dintho tsa batho tseo a neng a ba nketse tsona ka bolotsana

Ke hobaneng ha re na le tshepo ya hore Jehova o tla re tshwarela?

Sheba “Ho Tshwarela”

Ke bo mang bao Jehova a ba fileng boikarabelo ba ho thusa motho ya entseng sebe le hore ba sireletse phutheho?

Jak 5:​14, 15

Sheba le Dik 20:28; Gal 6:1

Sebe se tebileng seo motho a se etsang se ka ama ba lelapa labo le phutheho jwang?

Heb 12:​15, 16

Sheba le De 29:18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Jos 7:​1-13, 20-26—Akane o ile a tlisetsa Baiseraele tlokotsi e kgolo ka ho etsa sebe le ho leka ho se pata

    • Jon 1:​1-16—Jonase o ne a sa batle ho mamela Jehova mme ho etsa jwalo ho ile ha beha bophelo ba batho bao a neng a tsamaya le bona ka sekepe kotsing

    • 1Ko 5:​1-7—Moapostola Pauluse o ile a bua ka monna ya neng a etsa sebe se neng se silafatsa phutheho yohle ya Korinthe

Ke hobaneng ha re sa lokela ho qoba ho ya ho baholo hobane re tshaba ho kgalemelwa?

Pr 3:​11, 12; Heb 12:​5-7, 11; Jak 5:​14, 15

Ke hobaneng ha re lokela ho amohela hore Modimo o re tshwaretse ho ena le ho dula re ikutlwa re le molato ka diphoso tsa rona?

Sheba “Ho Tshwarela”

Haeba re tseba hore motho e mong o entse sebe, ke hobaneng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore o tsebisa baholo?

Le 5:1

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • De 13:​6-9; 21:​18-20—Molao oo Jehova a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe, o ne o bontsha hore motho o tlameha ho tlaleha sebe sa motho e mong le haeba motho eo e le e mong wa lelapa kapa motswalle

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela