Diketso Tse Fosahetseng
Ke dintho dife tse fosahetseng tseo Bakreste ba sa lokelang ho di etsa?
Dipuo tse hlabang
Mat 5:22; 1Ko 6:9, 10; Ef 4:31
Sheba le Ex 22:28; Moe 10:20; Ju 8
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
2Sa 16:5-8; 1Ma 2:8, 9, 44, 46—Shimei o ile a rohaka morena ya tlotsitsweng ke Jehova mme ka mora moo o ile a fuwa kotlo
Ho ntsha tjotjo le ho e amohela
Ex 23:8; Ps 26:9, 10; Pr 17:23
Sheba le De 10:17; 16:19; Ps 15:1, 5
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 8:1-5—Bara ba moprofeta Samuele ha ba a ka ba latela mohlala o motle wa ntate wa bona hobane ba ne ba amohela tjotjo ba bile ba sa ahlole ka toka
Ne 6:10-13—Dira tsa batho ba Jehova di ile tsa leka ho sitisa mosebetsi wa ho haha tempele ka hore di patale moprofeta wa bohata Shemaia hore a tshose Letona Nehemia
Ho ithorisa
Sheba “Ho Ithorisa”
Boitshwaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa swabe; ho se hlweke; boitshwaro bo bobe; bofebe
Ho hlodisana le ba bang
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mar 9:33-37; 10:35-45—Jesu o ile a kgalemela baapostola ba hae hobane ba ne ba hlodisana ka hore na ke mang wa bohlokwa hara bona
3Jo 9, 10—Diotrefe o ne a rata “ho iketelletsa pele” ka phuthehong
Ho etsa hore ho be le dikarohano le dihlotshwana
Bar 16:17; Gal 5:19, 20; Tit 3:10, 11; 2Pe 2:1
Sheba le Dik 20:29, 30; 1Ko 1:10-12; Tshe 2:6, 15
Botahwa; ho nwa jwala haholo
Pr 20:1; 23:20, 29-35; 1Ko 5:11; 6:9, 10
Sheba le Ef 5:18; 1Ti 3:8; Tit 2:3; 1Pe 4:3
Sheba le “Ho Nwa Jwala”
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 9:20-25—Noe o ile a nwa haholo hoo a ileng a tahwa mme seo se ile sa etsa hore Kama le mora wa hae Kanana ba etse sebe se tebileng
Dan 5:1-6, 30—Ha Morena Belshatsare a ne a tahilwe, o ile a rohaka Jehova mme ntho eo ya etsa hore a bolawe le hore puso ya hae e fediswe
Ho nkela batho dintho tsa bona
Ps 62:10; 1Ko 5:10, 11; 6:9, 10
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Jer 22:11-17—Jehova o ile a kgalemela Morena Shalume (Joakaze) hobane o ne a nkela batho dintho tsa bona a bile a etsa dibe tse tebileng
Lu 19:2, 8—Mmokelli e moholo wa lekgetho Zakiase o ile a fetoha mme a tshepisa ho kgutlisa tjhelete yohle eo a neng a e nketse batho ka bolotsana
Dik 24:26, 27—Letona Felixe o ne a tshepile hore moapostola Pauluse o tla mo fa tjotjo empa Pauluse o ile a hana
Ho qhekella
Job 32:21, 22; Ps 5:9; 12:2, 3; Pr 26:24-28; 29:5
Sheba le Pr 28:23; 1Th 2:3-6
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Lu 18:18, 19—Jesu o ile a hana ha monna e mong a ne a mo qekisa ka ho mo bitsa “Mosuwe ya molemo”
Dik 12:21-23—Morena Heroda Agripa o ile a dumella batho hore ba mo bitse modimo mme sebe seo se ile sa etsa hore a bolawe
Ho ja ho feta tekano
Sheba le Lu 21:34, 35
Ho seba; ho kenakenana le ditaba tsa batho
Ho rapela ditshwantsho
Sheba “Borapedi ba Ditshwantsho”
Leshano; ho thetsa batho
Sheba “Leshano”
Leshano; ho senya motho lebitso
Sheba “Leshano”
Ho sebedisa madi hampe
Ge 9:4; De 12:16, 23; Dik 15:28, 29
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
1Sa 14:32-34—Baiseraele ba ile ba sitelwa Jehova ka hore ba je nama e sa ntshwang madi hantle
Ho bolaya motho
Sheba le Mat 5:21, 22; Mar 7:21
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 4:4-16—Kaine o ile a bolaya ngwanabo Abele le hoja Jehova a ile a mo kgalemela
1Ma 21:1-26; 2Ma 9:26—Morena Akabe le Mofumahadi Jezebele ba ne ba le meharo mme seo se ile sa etsa hore ba bolaye Nabothe le bara ba hae
Ho korotla
Sheba le Nu 11:1
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Nu 14:1-11, 26-30—Ha Baiseraele ba ne ba korotlela Moshe le Arone, Jehova o ile a nka ba korotlela yena
Joh 6:41-69—Bajuda ba ile ba korotla ka lebaka la seo Jesu a ileng a se bua. Ha morao barutuwa ba hae ba ile ba tlohela ho mo latela
Ho bua mantswe a hlabang kapa meswaso e ditshila
Pornography
Sheba “Pornography”
Diqabang
Sheba “Diqabang”
Ho soma
Sheba le Pr 17:5; 22:10; 2Pe 3:3, 4
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Kr 36:15-21—Baiseraele ba ile ba fuwa kotlo hobane ba ile ba soma baromuwa le baprofeta ba Modimo
Job 12:4; 17:2; 21:3; 34:7—Nakong eo Jobo a neng a hlahelwa ke mathata a mangata, metswalle ya hae e ile ya mo soma
Ho utswa
Sheba “Ho Utswa”
Ho lwana
Sheba le 1Ti 3:2, 3; Tit 1:7
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Ex 21:22-27—Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe o ne o re haeba motho a ne a ka lwana ebe o lematsa motho e mong kapa a mo bolaya, o ne a tlameha ho fuwa kotlo
Ho tshosa ba bang ka mantswe
Sheba le Ps 10:4, 7; 73:3, 8
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Dik 4:15-21—Lekgotla le Phahameng la Bajuda le ile la tshosa barutuwa ba Jesu e le hore ba tlohele ho bolela ditaba tse monate
Diphathi tse sa laoleheng
Bar 13:13; Gal 5:19, 21; 1Pe 4:3
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Dan 5:1-4, 30—Morena Belshatsare o ile a tahwa ha a ne a entse “mokete o moholo” hoo a ileng a rohaka Jehova mme a fuwa kotlo