Batswadi
Mabaka a ileng a etsa hore Jehova a thehe lenyalo ke afe?
Batswadi ba lokela ho ikutlwa jwang ka bana ba bona?
Sheba le “Bana; Batjha”
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 33:4, 5—Jakobo o ne a nka bana ba hae e le dimpho tse tswang ho Jehova
Ex 1:15, 16, 22; 2:1-4; 6:20—Ka mora hore Moshe a tswalwe, batswadi ba hae e leng Amrame le Jokebede ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba mo sireletse
Batswadi ba lokela ho etsang ha ba ntse ba hodisa bana ba bona?
De 6:6, 7; 11:18, 19; Pr 22:6; 2Ko 12:14; 1Ti 5:8
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 1:1-4—Elkana o ne a tlwaetse ho isa lelapa la hae meketeng e neng e tshwarelwa Shilo mme o ne a etsa bonnete ba hore bana ba hae ba etsa dintho tsohle tse etswang meketeng eo
Lu 2:39, 41—Josefa le Maria ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le bana ba bona ha ba tloha Nazaretha ba ya Jerusalema moketeng wa Paseka
Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho kwetlisa bana ba hao hore ba mamele Jehova?
Sheba le 2Ti 3:14, 15
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 2:18-21, 26; 3:19—Batswadi ba Samuele ba ile ba fana ka yena hore a sebetse tabernakeleng. Ba ne ba dula ba mo tjhakela e le hore ba mo thuse ka dintho tseo a di hlokang mme o ile a hola a rata Jehova
Lu 2:51, 52—Jesu o ile a dula a mamela batswadi ba hae le hoja ka dinako tse ding ba ne ba etsa diphoso
Ke keletso efe ya Bibele e ka thusang batswadi hore ba hodise bana ba bona ka tsela e nepahetseng?
De 6:4-9; Ef 6:4; 2Ti 3:14-17
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Bhl 13:2-8—Ka mora hore lengeloi le bolelle Manowa hore mosadi wa hae o tla ba le mora, Manowa o ile a botsa lengeloi leo hore na ba hodise ngwana eo jwang
Ps 78:3-8—Jehova o batla hore batswadi ba rute bana ba bona dintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng
Ke hobaneng ha ngwana a ka kgaotsa ho sebeletsa Jehova le hoja a holetse lelapeng la batho ba ratang Modimo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 6:1-5; Ju 6—Mangeloi a mangata a ile a fetohela Jehova le hoja a qetile dilemo tse ngata a ena le yena lehodimong
1Sa 8:1-3—Samuele o ne a tshepahala ebile e le moprofeta ya lokileng empa bara ba hae ba ne ba sa tshepahale ba bile ba qhekella batho
Batswadi ba lokela ho qala neng ho ruta bana ba bona ka Jehova?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
De 29:10-12, 29; 31:12; Esd 10:1—Ha Baiseraele ba ne ba kopana ha mmoho e le hore ba ka ithuta ka Jehova, ba ne ba tsamaya le bana ba bona e le hore le bona ba ka ithuta ka yena
Lu 2:41-52—Selemo le selemo Josefa le Maria ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le bana ba bona ho akarelletsa le Jesu ha ba ya moketeng wa Paseka o neng o tshwarelwa tempeleng e Jerusalema
Ke mehlala efe eo batswadi ba ka e etsisang ho sireletsa bana ba bona?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ex 19:4; De 32:11, 12—Jehova o itshwantsha le ntsu e jarang, e sireletsang le ho hlokomela madinyane a yona
Esa 49:15—Jehova o tshepisa hore o tla hlokomela bahlanka ba hae ho feta ka moo mme a hlokomelang ngwana wa hae ya anyang
Mat 2:1-16—Satane o ile a leka ho bolaya Jesu ha e ntse e le lesea ka hore a etse hore balepi ba dinaledi ba bolelle Morena Heroda ya kgopo ka Jesu. Empa Jehova o ile a sireletsa mora wa hae ka hore a laele Josefa hore yena le lelapa la hae ba fallele Egepeta
Mat 23:37—Jesu o ile bontsha ka moo a batlang ho thusa batho ka teng ka hore a itshwantshe le kgoho e bokellang ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona
Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ka thobalano?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Le 15:2, 3, 16, 18, 19; De 31:10-13—Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe o ne o bontsha hore na o ikutlwa jwang ka thobalano. Jehova o ne a batla hore bana le bona ba tsebe Molao ona, ke ka hoo a ileng a laela hore le bona ba be teng ha o balwa
Ps 139:13-16—Mopesaleme Davida o ile a rorisa Jehova ka tsela e hlollang eo mmele wa motho o entsweng ka yona le bokgoni boo batho ba nang le bona ba ho ba le bana
Pr 2:10-15—Jehova o re fa tsebo le bohlale tse ka re sireletsang ho batho ba kgopo le ba etsang dintho tse mpe
Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho kgalemela bana ba bona ka tsela e bontshang hore ba a ba rata?
Pr 13:24; 29:17; Jer 30:11; Ef 6:4
Sheba le Ps 25:8; 145:9; Kol 3:21
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ps 32:1-5—Jehova o ile a fa Morena Davida kotlo ka lebaka la sebe sa hae le ha ho le jwalo Davida o ile a kgothatswa ke ho tseba hore Jehova o tshwarela batho ba bakelang dibe tsa bona
Jon 4:1-11—Moprofeta Jonase o ile a halefa mme a bua le Jehova ka tsela e se nang tlhompho empa Jehova o ile a bua le yena ka mosa e leng se ileng sa ruta Jonase hore Jehova o mohau