Bana; Batjha
Modimo o ikutlwa jwang ka bana?
Jehova o bontsha jwang hore o nka bana le batjha ba le bohlokwa ho yena?
De 6:6, 7; 14:28, 29; Ps 110:3; 127:3-5; 128:3, 4; Jak 1:27
Sheba le Job 29:12; Ps 27:10; Pr 17:6
Sheba le “Lelapa”
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 1:27, 28—Jehova o ne a batla hore batho ba be le bana mme ba tlale lefatshe
Ge 9:1—Ka mora Morwallo, Modimo o ile a bolella Noe le bara ba hae hore ba be le bana mme ba tlale lefatshe
Ge 33:5—Jakobo o ne a nka bana ba hae e le mpho e tswang ho Modimo
Mar 10:13-16—Jesu o ne a rata bana jwalo ka Ntate wa hae
Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba hlorisang bana?
Ke keletso efe ya Bibele e bontshang hore ha re a lokela ho lebella hore bana ba etse dintho jwalo ka batho ba baholo?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Ge 33:12-14—Jakobo o ile a tsamaya butle e le hore bana ba ka nolofallwa ke ho qeta leeto
Na re lokela ho beha Modimo molato ha bana ba hlahelwa ke mathata?
Jehova o re kgodisa jwang hore mathata ohle a tla fela?
Haeba batswadi ba rona ba sa re behela mohlala o motle kapa ba ile ba re tshwara hampe, na seo se bolela hore ha re na thuso kapa hore le rona re tla etsa diphoso tse tshwanang le tseo ba di entseng?
Sheba le De 30:15, 16
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Ma 18:1-7; 2Kr 28:1-4—Ezekiase o ile a mamela Jehova mme ya eba morena ya lokileng le hoja ntate wa hae a ne a le kgopo hoo a ileng a tjhesa bana ba hae mollong
2Ma 21:19-26; 22:1, 2—Josiase e ile ya eba morena ya lokileng le hoja ntate wa hae Amone e ne e le morena ya sa lokang
1Ko 10:11, 12—Moapostola Pauluse o ile a re re ka ithuta diphosong tseo batho ba bang ba ileng ba di etsa mme ra qoba ho etsa diphoso tse tshwanang
Baf 2:12, 13—Moapostola Pauluse o ile a re haeba re dula re tshepahala re tla pholoha
Boikarabelo ba bana le batjha
Jehova o ikutlwa jwang ka bana kapa batjha ba dulang le batswadi ba bona ba hlomphang Jehova?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Ge 19:12, 15—Mangeloi a ile a pholosa baradi ba Lota ka lebaka la ntate wa bona ya neng a lokile
Haeba batswadi ba ena le setswalle se matla le Modimo, na see se bolela hore le bana ba bona jwang kapa jwang ba tla ba le setswalle se jwalo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Le 10:1-3, 8, 9—Ho ka etsahala hore ebe bara ba Moprista ya Phahameng Arone ba ile ba bolawa ka lebaka la botahwa
1Sa 8:1-5—Le hoja moprofeta Samuele a ne a lokile, bara ba hae ha ba a ka ba tshepahala
Bana kapa batjha ba ka etsang haeba ba batla ho thabisa Modimo?
Ke hobaneng ha bana kapa batjha ba lokela ho ba teng dibokeng ka mehla?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Mat 15:32-38—Jesu o ne a ruta batho bohle ho akareletsa le bana
Re tseba jwang hore Jehova o batla hore bana kapa batjha ba mo sebeletse?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 17:4, 8-10, 41, 42, 45-51—Jehova o ile a sireletsa lebitso la hae ka ho sebedisa Davida ya neng a le monyenyane dilemong ho hlola senatla sa Mofilista
2Ma 5:1-15—Jehova o ile a sebedisa ngwanana e monyenyane wa Moiseraele ho thusa molaodi wa masole a Asiria ho tseba ka Modimo wa nnete
Mat 21:15, 16—Jesu o ne a nka bana ba neng ba mo rorisa e le ba bohlokwa
Modimo o ikutlwa jwang ka bana bao batswadi ba bona ba sa mo sebeletseng?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Nu 16:25, 26, 32, 33—Ha banna ba bang ba fetohela Moshe le Arone, Jehova o ile a ba fedisa ha mmoho le ba malapa a bona ba ileng ba ba tshehetsa
Nu 26:10, 11—Ha Kora a bolawa, bara ba hae ha ba a ka ba bolawa hobane ba ne ba tshepahalla Modimo
Ke hobaneng ha batjha kapa bana ba lokela ho kgetha metswalle ka bohlale mehleng ee?
Sheba le 2Ti 3:1-5