Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 102-103
  • Maruo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Maruo
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 102-103

Maruo

Na Bibele e re ke phoso ho ba le tjhelete kapa maruo?

Moe 7:12

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 3:​11-14—Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone ka ho mo fa maruo hobane a ikokobeditse

    • Job 1:​1-3, 8-10—Le hoja Jobo a ne a ruile, ho tshepahalla Jehova e ne e le yona ntho e tlang pele bophelong ba hae

Ke hobaneng ha ho ba le tjhelete ho sa etse hore motho a kgotsofale kapa a be le kgotso bophelong?

Pr 23:​4, 5; Moe 2:​18, 19; 5:​10, 12

Ke hobaneng ha re ka re maruo ha a na thuso?

Ps 49:​6, 7, 9, 10; Mat 16:26

Keng e etsang hore ho ba le maruo ho be kotsi?

De 6:​10-12; Mat 6:24; 1Ti 6:​9, 10

Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshepa maruo?

Pr 11:​4, 18, 28; 18:11; Mat 13:22

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 8:​18-24—Simone o ne a nahana hore a ka fumana boikarabelo ka phuthehong ya Bokreste ka hore a fe baapostola tjhelete

Ho rata tjhelete ho ka etsa hore re lahlehelwe ke eng?

Mat 6:​19-21; Lu 17:​31, 32

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mar 10:​17-23—Monna e mong ya neng a ruile o ile a lahlehelwa ke monyetla wa ho ba molatedi wa Jesu hobane o ne a rata tjhelete le dintho tsa hae tse ngata

    • 1Ti 6:​17-19—Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba ruileng hore ba se ke ba ikgohomosa hobane ho etsa jwalo ho ne ho tla senya kamano ya bona le Jehova

Ho rata maruo ho ka fokodisa tumelo ya rona jwang mme ha senya kamano ya rona le Modimo?

De 8:​10-14; Pr 28:20; 1Jo 2:​15-17

Sheba le Ps 52:​6, 7; Amo 3:​12, 15; 6:​4-8

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 31:​24, 25, 28—Jobo o ne a utlwisisa hore ho tshepa maruo ho ne ho le kotsi hobane ho ne ho tla bontsha hore ha a tshepe Modimo

    • Lu 12:​15-21—Jesu o ile a re lemosa ka dikotsi tsa ho rua ha a ne a etsa mohlala ka monna ya neng a tshepile maruo a hae ho ena le ho tshepa Modimo

Re ka etsang hore re kgotsofalle dintho tseo re nang le tsona?

Pr 30:​8, 9; 1Ti 6:​6-8; Heb 13:5

Ke dintho dife tsa bohlokwa bophelong ho feta maruo, hona hobaneng?

Pr 3:​11, 13-18; 10:22; Mat 6:​19-21

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Hag 1:​3-11—Jehova o ile a sebedisa moprofeta Hagai ho bolella Baiseraele hore a ke ke a hlola a ba hlohonolofatsa hobane ba ne ba amehile feela ka ho haha matlo a bona ho ena le ho tshehetsa borapedi ba nnete ka hore ba hahe tempele ya Jehova

    • Tshe 3:​14-19—Jesu o ile a kgalemela phutheho ya Laodisia hobane e ne e rata maruo ho feta ho sebeletsa Modimo

Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa hore Jehova o tla re fa dintho tsohle tseo re di hlokang?

Ps 37:25; Pr 3:​9, 10; Mat 6:​25-33

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela