Ho Kopanya Bodumedi ba Nnete le ba Bohata
Na madumedi ohle a rapela Modimo a le mong?
Na Jehova o amohela madumedi ohle le hoja a ruta dithuto tse fapaneng?
Mat 7:13, 14; Joh 17:3; Ef 4:4-6
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Jos 24:15—Joshua o ile a hlalosa ka ho hlakileng phapang e teng pakeng tsa ho sebeletsa Jehova le ho sebeletsa medimo e meng
1Ma 18:19-40—Jehova o ile a sebedisa moprofeta Elia ho bontsha hore barapedi ba hae ha ba a lokela ho rapela medimo e meng
Jehova o ikutlwa jwang ka medimo esele le batho ba e rapelang?
Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba reng ba a mo rapela empa ba etsa dintho tseo a di hloileng?
Esa 1:13-15; 1Ko 10:20-22; 2Ko 6:14, 15, 17
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ex 32:1-10—Jehova o ile a halefa haholo ka mora hore Baiseraele ba hatelle Arone hore a ba etsetse namane ya kgauta eo ba neng ba re e emela Jehova. Setjhaba se ne se re se tla sebedisa setshwantsho seo ho keteka “mokete wa Jehova”
1Ma 12:26-30—Morena Jeroboame o ile a etsa hore setjhaba se etse sebe ka hore ebe o ile a etsa medimo ya ditshwantsho e le ho se thibela hore se se ke sa ya Jerusalema ho ya rapela Jehova
Jehova o ile a reng ho Baiseraele ka ho sebedisana le batho ba rapelang medimo e meng?
Jehova o ile a etsang ha batho ba hae ba rapela medimo e meng?
Bhl 10:6, 7; Ps 106:35-40; Jer 44:2, 3
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Ma 11:1-9—Ka lebaka la tshusumetso ya basadi ba hae ba baditjhaba, Morena Solomone o ile a sitelwa Jehova ka ho rapela medimo e meng
Ps 78:40, 41, 55-62—Asafe o ile a hlalosa ka moo Jehova a ileng a halefa ka teng ha Baiseraele ba mo fetohela mme ba kgetha ho rapela medimo ya ditshwantsho. Taba ena e ile ya etsa hore Jehova a se ke a ba amohela.
Na Jesu o ne a tshehetsa madumedi ao dithuto tsa ona di sa dumellaneng le Lentswe la Modimo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mat 16:6, 12—Jesu o ile a bapisa dithuto tsa Bafarisi le Basaduse le tomoso hobane dithuto tsa bona tse fosahetseng di ne di ata kapele di bile di senya dithuto tse ka Lentsweng la Modimo
Mat 23:5-7, 23-33—Jesu o ile a kgalemela bangodi le Bafarisi ka matla ka lebaka la boikaketsi le dithuto tsa bona tse fosahetseng
Mar 7:5-9—Jesu o ile a pepesa bangodi le Bafarisi a re ba nka meetlo ya bona e le bohlokwa ho feta dithuto tsa Lentswe la Modimo
Na Jesu o ile a re balatedi ba hae ba ikarole hore e be madumedi a mangata a fapaneng?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Joh 15:4, 5—Jesu o ile a etsa papiso ka sefate sa morara ho bontsha hore balatedi ba hae ba lokela ho momahana le yena le Bakrestemmoho le bona
Joh 17:1, 6, 11, 20-23—Bosiung ba ho qetela pele Jesu a shwa, o ile a rapella hore balatedi ba hae ba momahane
Na diphutheho tsa Bakreste tsa mehleng ya baapostola di ne di dumela dinthong tse tshwanang di bile di rapela Jehova ka tsela e tshwanang?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dik 11:20-23, 25, 26—Diphutheho tsa Antioke le Jerusalema di ne di momahane ebile di sebedisana ha mmoho
Bar 15:25, 26; 2Ko 8:1-7—Bakreste ba neng ba le diphuthehong tse fapaneng mehleng ya baapostola ba ile ba thusana dinakong tse thata mme sena se bontsha hore ba ne ba ratana ba bile ba momahane
Na Jehova o amohela madumedi ohle a reng a dumela ho Jesu?
Na Modimo o amohela borapedi ba batho ba sa dumeleng dithutong tsa Jesu le baapostola?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mat 13:24-30, 36-43—Jesu o ile a tshwantsha Bakreste ba bohata le mofoka mme a re ho na le nako eo ka yona ba tla ata ka hare ho phutheho
1Jo 2:18, 19—Moapostola Johanne o ile a re bahanyetsi ba Kreste ba ne ba tla ba teng ho elella qetellong ya dilemo tse lekgolo Jesu a hlahile