Lelapa
Jehova ke yena ya thehileng lelapa
Batswadi
Sheba “Batswadi”
Bontate
Sheba “Bontate”
Bomme
Sheba “Bomme”
Banna, Basadi
Sheba “Lenyalo”
Bana
Jehova o lebelletse eng ho bana?
Ke hobaneng ha bana ba lokela ho mamela batswadi ba bona?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ps 78:1-8—Baiseraele ba ile ba bolella bana ba bona dintho tseo baholoholo ba bona ba di entseng ka mora hore Jehova a ba fe ditaelo. Sena se ile sa ba thusa hore ba behe tshepo ya bona ho Jehova mme e se ke ya eba marabele
Lu 2:51, 52—Le hoja Jesu e ne e le ngwana ya phethahetseng, o ile a dula a mamela batswadi ba hae ba sa phethahalang
Ke hobaneng ha bana ba ka thatafallwa ke ho hlompha batswadi ba bona?
Modimo o ikutlwa jwang ka bana ba sa hlompheng batswadi ba bona?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
De 21:18-21—Ho ya ka Molao wa Moshe haeba ngwana a ne a sa mamele batswadi ba hae mme e eba lerabele, o ne a lokela ho bolawa
2Ma 2:23, 24—Bashanyana ba bang ba ile ba bolawa ka lebaka la ho soma moprofeta Elisha eo e neng e le moemedi wa Modimo
Batswadi ba lokela ho ikutlwa jwang ka tokelo eo ba nang le yona ya ho hodisa bana?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Le 26:9—Baiseraele ba ne ba nka ho ba le bana e le tlhohonolofatso e tswang ho Jehova
Job 42:12, 13—Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka bana ba bang ba leshome ka lebaka la botshepehi ba hae bo hlollang
Jehova o batla hore bana ba motho ba tshwarane jwang?
Ke eng seo bana ba seng ba hodile ba lokelang ho se etsetsa batswadi ba bona?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 11:31, 32—Ha Abrahama a ne a tloha Ure, o ile a tsamaya le ntate wa hae Tera mme a mo hlokomela ho fihlela a hlokahala
Mat 15:3-6—Jesu o ile a sebedisa Molao wa Moshe ho bontsha hore bana ba hodileng ba lokela ho hlokomela batswadi ba bona
Ba bohweng le ba bohadi
Sheba “Ba Bohweng le ba Bohadi”
Bonkgono le bontatemoholo
Sheba “Bonkgono le Bontatemoholo”