Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w25 February maq. 30-31
  • Potso e Bonolo eo o ka e Botsang

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Potso e Bonolo eo o ka e Botsang
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Ke Bone Morena!”
    Etsisa Tumelo ya Bona
  • Gabariele o Etela Maria
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 February maq. 30-31
Moradi wa bo rona le monna wa hae ba kgannela mme e mong thuto ya Bibele ka marangrang.

Potso e Bonolo eo o ka e Botsang

Mary le monna wa hae John,a ba dula naheng eo ho yona ba kgonang ho bolela ditaba tse monate ho batho ba bangata ba tswang naheng ya Philippines. Ka nako ya sewa sa COVID-19, Mary o kgonne ho qala dithuto tsa Bibele naheng ya habo le dinaheng tse ding. O kgonne jwang?

Mary o ne a botsa batho bao a ithutang Bibele le bona a re, “Na ho na le motho e mong eo o mo tsebang ya ka thabelang ho ithuta Bibele?” Haeba motho a re e, Mary o ne a re, “Na o ka ntsebisa yena?” Ho botsa potso ena hangata ho ne ho beha ditholwana tse ntle. Hobaneng? Hangata batho ba ratang seo ba ntseng ba ithuta sona ka Lentsweng la Modimo, ba batla ho se arolelana le beng ka bona le metswalle. Melemo ya ho botsa potso ee e bile efe?

Jasmin ya neng a ithuta Bibele le Mary, o ile a tsebisa Mary batho ba bane ba neng ba batla ho ithuta Bibele. E mong wa bona e leng Kristine, o ile a thabela thuto ya Bibele hoo a ileng a kopa Mary hore ba ithute habedi ka beke. Ha Mary a mo botsa hore na ha a tsebe motho e mong ya batlang ho ithuta Bibele, Kristine o ile a re, “Ba teng, ke tla o tsebisa metswalle ya ka.” Le pele beke e fela, Kristine o ile a tsebisa Mary metswalle ya hae e mene e neng e batla ho ithuta Bibele. Ha morao, Kristine o ile a tsebisa Mary metswalle e meng ya hae eo le yona e ileng ya mo tsebisa metswalle e meng ya yona.

Kristine o ne a boetse a batla hore ba lelapa la hae ba Philippines ba ithute Bibele. Ka hoo, o ile a bua le moradi wa hae Andrea. Qalong, Andrea o ne a nahana hore ‘Dipaki ke bodumedi bo sa tlwaelehang, ha ba dumele ho Jesu ebile ba sebedisa Testamente ya Kgale feela.’ Empa ka mora hore a ithute ha nngwe o ile a hlokomela hore dintho tseo a neng a di nahana ka Dipaki Tsa Jehova e ne e se nnete. Nako le nako ha a ne a ithuta ntho e ntjha ka Bibeleng o ne a re, “Hobane e tswa ka Bibeleng, ke nnete.”

Ha nako e ntse e ya, Andrea o ile a tsebisa Mary metswalle ya hae e mmedi le mosebetsimmoho le yena ba ileng ba qala ho ithuta. Hape, Mary o ne a sa tsebe hore rakgadi wa Andrea ya sa boneng e leng Angela, o ne a mamela ha ba ntse ba ithuta Bibele. Ka le leng Angela o ile a re Andrea a kope Mary hore a ithute Bibele le yena. Angela o ne a rata seo a neng a ithuta sona. Le pele kgwedi e fela, o ne a se a tshwere mangolo a mangata ka hlooho mme o ne a batla ho ithuta Bibele ka makgetlo a mane bekeng. Andrea o ne a thusa Angela hore a kene diboka ka marangrang ka mehla.

Ha Mary a utlwa hore monna wa Kristine e leng Joshua o ne a dula a mametse ha ba ntse ba ithuta, Mary o ile a botsa Joshua hore na a ka se thabele ho ithuta le bona. Joshua o ile a re, “Ke tla mamela feela empa o se ke wa mpotsa dipotso. Haeba o ka mpotsa ke tla tsamaya.” Le pele ho fela metsotso e mehlano ba ntse ba ithuta, o ne a botsa dipotso tse ngata ho feta tseo Kristine a neng a di botsa mme o ile a batla ho tswela pele a ithuta Bibele.

Potso e bonolo ya Mary e ile ya etsa hore ho be le dithuto tsa Bibele tse ngata. O ile a kopa Dipaki tse ding hore di ithute le ba bang. Ka kakaretso, Mary o ile a qala dithuto tsa Bibele tse 28 dinaheng tse nne tse fapaneng.

Jasmin e leng seithuti sa pele seo re buileng ka sona phihlelong ena, o ile a kolobetswa ka April 2021. Kristine o kolobeditswe ka May 2022 mme o kgutletse Philippines hore a ilo ba le lelapa la hae. Batho ba bang ba babedi bao Kristine a ileng a tsebisa Mary hore ba batla ho ithuta Bibele, le bona ba kolobeditswe. Angela o ile a kolobetswa dikgwedi tse seng kae ha morao mme hona jwale ke pulamadiboho ya ka mehla. Monna wa Kristine e leng Joshua le moradi wa hae Andrea ha mmoho le batho ba bang ba mmalwa ba ileng ba ithuta Bibele le yena ba ntse ba hatela pele hantle.

Moradi wa bo rona ya hlahileng setshwantshong sa pele, o bua le seithuti sa hae le metswalle ya sona e mene ka marangrang.

Mehleng ya baapostola, batho ba bangata ba ile ba bolella metswalle ya bona le ba lelapa dintho tseo ba ithutileng tsona ka Jesu. (Joh. 1:​41, 42a; Dik. 10:​24, 27, 48; 16:​25-33) Mohlomong le wena o ka nna wa botsa batho bao o ithutang Bibele le bona le batho ba thahasellang wa re, “Na o tseba motho e mong ya ka thabelang ho ithuta Bibele?” Ha o ka botsa potso ena e bonolo mohlomong le wena o ka fumana batho ba bangata bao o ka ithutang Bibele le bona.

a Mabitso a fetotswe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela