SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21
PINA YA 21 Le Nne le Batle Mmuso Pele
Batlang Motse o Tla Tshwarella
“Re ntse re batlana le [motse] o tlang.”—BAHEB. 13:14.
NTLHAKGOLO
Ka moo lengolo la Baheberu kgaolo ya 13 le ka re tswelang molemo ka teng kajeno le nakong e tlang.
1. Jesu o ile a bolelang esale pele mabapi le se tla etsahala Jerusalema?
MATSATSI pele Jesu Kreste a shwa, o ile a fana ka boprofeta bo hlakileng bo neng bo tla phethahala ka lekgetlo la pele nakong ya matsatsi a ho qetela pele Jerusalema le tempele di fediswa. O ile a lemosa balatedi ba hae hore ka le leng motse wa Jerusalema o tla ‘potapotwa ke masole.’ (Luka 21:20) Jesu o ile a ba bolella hore hang feela ha ba bona masole ao, e leng masole a Roma, ba lokela ho tloha Judea hanghang.—Luka 21:21, 22.
2. Ke eng eo moapostola Pauluse a ileng a e hopotsa Bakreste ba Baheberu ba leng Judea le Jerusalema?
2 Dilemo tse mmalwa pele masole a Roma a potapota Jerusalema, moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo le matla leo hona jwale le tsejwang e le buka ya Baheberu. Lengolong leo, Pauluse o ile a fa Bakreste ba Judea le Jerusalema keletso ya bohlokwa e neng e tla ba thusa hore ba itokiselletse dintho tse neng di tla etsahala. Ho ne ho tlo etsahala eng? Jerusalema e ne e tlo fediswa. Haeba Bakreste bao ba ne ba batla ho pholoha, ba ne ba lokela ho itokiselletsa ho siya matlo le dikgwebo tsa bona. Ka hoo, ha a bua ka motse wa Jerusalema, Pauluse o ile a re: “Hona jwale ha re na motse o tshwarellang.” O ile a boela a re: “Empa re ntse re batlana le o tlang.”—Baheb. 13:14.
3. “Motse o nang le metheo ya nnete” ke eng, hona ke hobaneng ha re o batla?
3 Ho ka etsahala hore ebe batho ba ile ba tsheha le ho soma Bakreste ba ileng ba etsa qeto ya ho tloha Jerusalema le Judea, empa qeto eo e ile ya pholosa bophelo ba bona. Le rona kajeno re a songwa hobane ha re behe tshepo ya rona ho batho kapa tjhelete le ho batla bophelo bo mabothobotho lefatsheng lena. Jwale ke hobaneng ha re kgetha ho phela ka tsela ee? Re a tseba hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tlo fedisa lefatshe lena le kgopo. Re batlana le “motse o nang le metheo ya nnete,” motse “o tlang,” e leng Mmuso wa Modimo.a (Baheb. 11:10; Mat. 6:33) Sehloohwaneng ka seng re tlo bua ka: (1) ka moo keletso eo Pauluse a e ngotseng a susumetswa ke moya wa Modimo e thusitseng Bakreste ba mehleng ya Jesu ho tswela pele ba batla motse “o tlang,” (2) ka moo Pauluse a ba thusitseng ho itokiselletsa diketsahalo tse tlang le (3) ka moo keletso ena e ka re thusang ka teng kajeno.
TSHEPA JEHOVA YA KE KENG A O FURALLA
4. Ke hobaneng ha motse wa Jerusalema e ne e le wa bohlokwa ho Bakreste?
4 Jerusalema e ne e le motse wa bohlokwa ho Bakreste. Ka selemo sa 33, ho ile ha thehwa phutheho ya pele ya Bakreste motseng oo, mme sehlopha se busang sa mehleng eo se ne se le moo. Ho ekelletsa moo, Bakreste ba bangata ba motseng oo ba ne ba ena le matlo a bona mme ba se ba ruile haholo. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a lemosa balatedi ba hae hore ba ne ba tla lokela ho tswa Jerusalema le Judea.—Mat. 24:16.
5. Pauluse o ile a thusa Bakreste hore ba itokiselletse se neng se larile ka pele jwang?
5 Pauluse o ile a thusa Bakreste hore ba be le pono e tshwanang le ya Jehova ka motse wa Jerusalema, e le hore ba itokiselletse se neng se larile ka pele. Pauluse o ile a ba hopotsa hore tempele, boprista le mahlabelo a neng a etsetswa Jerusalema, ha di sa halalela ho latela tsela eo Jehova a shebang dintho ka yona. (Baheb. 8:13) Boholo ba batho ba dulang motseng oo ha ba a ka ba amohela Mesia. Tempele e Jerusalema e ne e se e se setsi sa borapedi ba nnete ba Jehova, mme e ne e tlo fediswa.—Luka 13:34, 35.
6. Ke hobaneng ha kgopotso ya Pauluse e hlahang lengolong la Baheberu 13:5, 6 e ne e le nakong ho Bakreste?
6 Ha Pauluse a ngolla Baheberu, Jerusalema e ne e le motse o atlehileng. Mongodi e mong wa Roma wa mehleng eo o ile a re Jerusalema “ke motse o tummeng haholo karolong e ka Botjhabela ya lefatshe.” Bajuda ba tswang dibakeng tse ngata ba ne ba ya moo ho ya keteka mekete e neng e tshwarwa selemo le selemo, e leng se neng se etsa hore moruo wa motse oo o atlehe. Ha ho potang hore Bakreste ba bang le bona ba ile ba etsa tjhelete e ngata. Mohlomong ke lona lebaka leo Pauluse a ileng a re ho bona: “Le se ke la rata tjhelete empa le kgotsofalle dintho tseo le nang le tsona.” O ile a boela a qotsa mantswe a matla a kgodisang a hlahang ka Mangolong, a bontshang ka moo Jehova ka boyena a re tiisetsang hore: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.” (Bala Baheberu 13:5, 6; Deut. 31:6; Pes. 118:6) Bakreste ba dulang Jerusalema le Judea ba ne ba tla hloka kgodiso ena. Hobaneng? Hobane nakwana ka mora hore ba fumane lengolo lena, ba ne ba tla lokela ho siya matlo a bona, dikgwebo tsa bona le boholo ba dintho tseo ba neng ba ena le tsona. Jwale ba ne ba tla lokela ho qala bophelo bo botjha, e leng ntho eo e neng e ke ke ya eba bonolo.
7. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa Jehova haholo hona jwale?
7 Seo re ithutang sona: Keng se larileng ka pele? Re lebelletse ho fediswa ha lefatshe lena nakong ya “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21) Jwalo ka Bakreste ba mehleng ya Jesu, re lokela ho dula re fadimehile ebile re itokisitse. (Luka 21:34-36) Nakong ya mahlomola a maholo, re ka nna ra lokela ho siya tse ding kapa dintho tsohle tsa rona, re tshepile ka ho felletseng hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae. Le hona jwale, pele mahlomola ao a qala, re na le monyetla wa ho bontsha hore na re tshepa mang. Ipotse, ‘Na dintho tseo ke di etsang le dipakane tseo ke ipehetseng tsona di bontsha hore ha ke a tshepa maruo empa ke tshepile Modimo ya tshepisang hore o tla ntlhokomela?’ (1 Tim. 6:17) Ke nnete hore re ka ithuta ho se ileng sa etsahalla Bakreste ba mehleng ya pele, empa “mahlomola a maholo” ona e tla be e le ntho eso bonwe. Jwale re tla tseba jwang seo re lokelang ho se etsa ha mahlomola a maholo a qala?
MAMELA BA ETELLANG PELE
8. Jesu o ile a fa barutuwa ba hae ditaelo dife?
8 Dilemo tse mmalwa ka mora hore Bakreste ba fumane lengolo la Baheberu le tswang ho Pauluse, ba ile ba bona masole a Roma a potapota motse wa Jerusalema. Seo e ne e le pontsho ya hore ke nako ya hore ba balehe. Motse wa Jerusalema o ne o tlo fediswa. (Mat. 24:3; Luka 21:20, 24) Empa ba ne ba tla balehela hokae? Jesu o ile a re: “Ba leng Judea ba balehele dithabeng.” (Luka 21:21) Ho ne ho ena le dithaba tse ngata sebakeng seo. Jwale ba ne ba tla balehela thabeng efe?
9. Ke hobaneng ha Bakreste ba ne ba ka nna ba ipotsa hore na ba lokela ho balehela dithabeng dife? (Sheba mmapa.)
9 Nahana ka tse ding tsa dithaba tseo Bakreste ba ka beng ba balehetse ho tsona. Ka mohlala, dithaba tsa Samaria, dithaba tsa Galilea, Thaba ya Hermone, dithaba tsa Lebanone le dithaba tse ka mose ho Noka ya Jordane. (Sheba mmapa.) Ho ne ho ka bonahala eka metse e meng dithabeng tseo e ne e sireletsehile. Ka mohlala, motse wa Gamla, o ne o le sebakeng se hodimo dithabeng hoo ho neng ho le thata haholo ho fihla ho wona. Bajuda ba bang ba ne ba bona motse oo e le sebaka se sireletsehileng seo ba ka balehelang ho sona. Le ha ho le jwalo, Baroma ba ile ba hlasela le ho fedisa motse oo, mme batho ba bangata ba dulang moo ba ile ba shwa.b
Ho na le dithaba tse ngata tseo Bakreste ba pele ba neng ba ka balehela ho tsona, empa ha se kaofela ha tsona di neng di sireletsehile (Sheba serapa sa 9)
10, 11. (a) E ka nna yaba Jehova o ile a fana ka tataiso jwang? (Baheberu 13:7, 17) (b) Bakreste ba ile ba rua molemo jwang ka hore ba mamele ba etellang pele? (Sheba setshwantsho.)
10 Ho bonahala eka Jehova o ile a tataisa Bakreste a sebedisa ba etellang pele ka phuthehong. Ha morao, rahistori Eusebius o ile a ngola a re: “Modimo o ile a senolela banna ba kgethilweng ba Jerusalema hore ba laele phutheho . . . hore e balehe motseng pele ho ntwa, mme ba ye motseng wa Perea o bitswang Pela.” Ho bonahala eka Pela e ne e le sebaka se loketseng. E ne e se hole le Jerusalema, mme seo se ne se etsa hore ho be bonolo ho fihla teng. Hape batho ba bangata ba motse wa Pela e ne e se Bajuda, ka hoo ba ne ba sa leke ho lwana le Baroma.—Sheba mmapa.
11 Bakreste ba ileng ba balehela dithabeng ba ile ba sebedisa keletso ya Pauluse ya ho ‘mamela ba etellang pele’ ka phuthehong. (Bala Baheberu 13:7, 17.) Ka lebaka la seo, batho ba Modimo ba ile ba pholoha. Histori e paka hore Modimo ha a ka a lahla batho ‘ba emetseng motse o nang le metheo ya nnete,’ e leng Mmuso wa Modimo.—Baheb. 11:10.
Pela yona e ne e sireletsehile (Sheba serapa sa 10 le 11)
12, 13. Ke jwang Jehova a ileng a tataisa batho ba hae dinakong tse thata?
12 Seo re ithutang sona: Jehova o sebedisa ba etellang pele ho fa batho ba hae tataiso e tobileng. Mangolo a na le mehlala e mengata e bontshang ka moo Jehova a ileng a fana ka badisa ho tataisa batho ba hae dinakong tse thata. (Deut. 31:23; Pes. 77:20) Le rona kajeno re bone bopaki bo bongata bo bontshang ka moo Jehova a tswelang pele ho sebedisa ba etellang pele ka teng.
13 Ka mohlala, ha sewa sa COVID-19 se ne se qala, “ba . . . etellang pele” ba ile ba fana ka tataiso e hlokahalang. Baholo ba ile ba fuwa tataiso ya hore na diphutheho di ka kopana jwang bakeng sa diboka le ho tswela pele di sebeletsa Jehova. Nakwana ka mora hore sewa se qale, re ile ra tshwara kopano ka dipuo tse fetang 500 re sebedisa Inthanete, TV le radio. Kopano e tshwanang le ena e ne e eso ka e ba teng pele ho moo. Ha re a ka ra kgaotsa ho fumana dijo tsa moya. Seo se ile sa etsa hore re dule re momahane. Re ka kgodiseha hore ho sa tsotellehe diteko tseo re tla tobana le tsona nakong e tlang, Jehova o tla tswela pele ho thusa ba etellang pele hore ba etse diqeto tse bohlale. Ntle le ho tshepa Jehova le ho mamela ditaelo tsa hae, ke makgabane afe a tla re thusa ho dula re itokiseditse mahlomola a maholo le ho etsa diqeto tse bohlale nakong eo e thata?
BONTSHA LERATO LA BANA BA MOTHO LE KAMOHELO YA BAETI
14. Ho ya ka Baheberu 13:1-3, ke makgabane afe ao Bakreste ba neng ba lokela ho a bontsha pele Jerusalema e fediswa?
14 Ha mahlomola a maholo a qala, re tlo hloka ho bontsha bara ba bo rona hore re a ba rata ho feta le ha e le neng pele. Nakong eo, re tla tlameha ho latela mohlala wa Bakreste ba neng ba dula Jerusalema le Judea. Ba ne ba dula ba bontsha hore ba rata bana ba bo bona. (Baheb. 10:32-34) Empa dilemo pele Jerusalema e fediswa, Bakreste ba ne ba lokela ho bontsha hore ba “ratana jwalo ka bana ba motho” le “ho amohela baeti” ho feta le ha e le neng pele.c (Bala Baheberu 13:1-3.) Le rona re lokela ho etsa se tshwanang ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela.
15. Ke hobaneng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho bontshana lerato la bana ba motho le ho amohela baeti ka mora hore ba balehe?
15 Ha masole a Roma a potapota Jerusalema mme ka tshohanyetso a tloha motseng, Bakreste ba ile ba baleha ba nkile dintho tse seng kae. (Mat. 24:17, 18) Ba ne ba lokela ho thusana ha ba le tseleng e yang dithabeng le ha ba se ba le matlong a bona a matjha. Ho hlakile hore ho ne ho ena le dintho tse ngata tseo ba neng ba tla ‘di hloka ka potlako.’ Sena se ne se tla fa Bakreste monyetla wa hore ba bontshe lerato la nnete la bana ba motho le ho amohela baeti ka ho re ba tshehetsane le ho arolelana seo ba nang le sona.—Tite 3:14.
16. Re ka bontsha Bakrestemmoho ba hlokang thuso ya rona hore re a ba rata jwang? (Sheba setshwantsho.)
16 Seo re ithutang sona: Lerato le re susumetsa hore re tshehetse Bakrestemmoho ha ba hloka thuso ya rona. Haesale batho ba Modimo ba bangata ba ikemiseditse ho hlokomela bara le baradi ba bo bona ba balehileng dinaheng tsa habo bona ka lebaka la dintwa le dikoduwa tsa tlhaho, ka ho ba fa dintho tseo ba di hlokang le ho ba kgothatsa. Moradi wa bo rona wa Ukraine ya ileng a tloha ha hae ka lebaka la ntwa, o ile a re: “Re ile ra bona letsoho la Jehova ha a re tataisa le ho re thusa a sebedisa bara ba bo rona. Ba ile ba re amohela ka mofuthu le ho re thusa haholo ha re ne re le Ukraine, Hungary le hona jwale mona Jeremane.” Batho ba bontshang kamohelo e mofuthu ya baeti ho bara le baradi ba bo rona le ho ba hlokomela ka dintho tseo ba di hlokang, ke dithulusi ka matsohong a Jehova.—Diprov. 19:17; 2 Bakor. 1:3, 4.
Bakreste ba baphaphathehi ba hloka thuso ya rona (Sheba serapa sa 16)
17. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho hlaolela lerato la bana ba motho le ho amohela baeti hona jwale?
17 Ho hlakile hore re tla hloka ho thusana haholo nakong e tlang ho feta hona jwale. (Hab. 3:16-18) Jehova o ntse a re kwetlisa hona jwale hore re hlaolele lerato la bana ba motho le ho amohela baeti, e leng makgabane a bohlokwa ka ho fetisisa a tla re thusa nakong eo.
HO TLO ETSAHALANG NAKONG E TLANG?
18. Re ka etsisa Bakreste ba Baheberu ba mehleng ya Jesu jwang?
18 Jwalo ka ha histori e paka, Bakreste ba ileng ba balehela dithabeng ba ile ba qoba tlokotsi e ileng ya wela Jerusalema. Ba ile ba siya motse, empa Jehova ha a ka a ba lahla le ka mohla. Jwale ho tla etsahalang mehleng ya rona? Ha re tsebe hantle hore na ho tla etsahalang nakong e tlang. Empa Jesu o re lemositse hore re dule re itokisitse. (Luka 12:40) Re boetse re na le keletso eo Pauluse a ileng a e ngolla Baheberu, e leng keletso e ntseng e sebetsa ho rona jwalo ka ha e ne e sebetsa mehleng ya pele. Jehova ka boyena o re kgodisitse hore a ke ke a re tlohela kapa hona ho re lahla. (Baheb. 13:5, 6) E se eka re ka tswela pele re batla ka tiyo motse o tshwarellang, e leng Mmuso wa Modimo, mme re thabele ditlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo o tla di tlisa.—Mat. 25:34.
PINA YA 157 Kgotso e Tla ba Teng Qetellong!
a Mehleng ya Bibele, hangata motse o ne o buswa ke morena. Motse o jwalo o ne o ka nkwa e le mmuso.—Gen. 14:2.
b Sena se etsahetse ka selemo sa 67, nakwana ka mora hore Bakreste ba balehe Judea le Jerusalema.
c Lentswe le fetoletsweng e le “lerato la bana ba motho” le ka bolela lerato le pakeng tsa batho ba amanang haufiufi, empa Pauluse o le sebedisa ho hlalosa lerato le teng ka phuthehong.