Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 6-10
  • Dintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ntlokgolo le Ofisi ya Lekala di ya Sebakeng se Setjha
  • Setho se Setjha sa Sehlopha Se Busang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Jehova o Sireletsa Batho ba Hae
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 6-10
Moo baeti ba fihlelang teng le tora e lebaleng, ntlokgolo e Warwick, NY

Warwick, NY: World Headquarters

Dintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

LE HOJA lefatshe lena la Satane le ena le mathata a mangata hakaana, barapedi ba Jehova ba tswela pele ba na le ho ‘hongata hoo ba ho etsang mosebetsing wa Morena.’ (1 Ko. 15:58) Ditlaleho tse latelang di bontsha kamoo Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di ikemiseditseng ho ‘tshepa Jehova . . . , ho etsa se molemo . . . , le ho sebetsa ka botshepehi’ kateng.—Pes. 37:3.

Ntlokgolo le Ofisi ya Lekala di ya Sebakeng se Setjha

Moaho o ekeditsweng wa Wallkill, o New York, o ile wa fela ka la 1 February 2016. Kahoo, Komiti ya Lekala ya United States, Lefapha la Tshebeletso, le mafapha a mang a lekaleng la United States a ile a fallela moo. Ha mosebetsi o se o ntse o tlo fela, lelapa la Bethele e Brooklyn le ile la qalella ho fallela sebakeng seo se setjha.

Mmapa o bontshang diofisi tsa Bethele e United States; meaho e Wallkill; tora e lebaleng le karolo e seng e phethetswe ya meaho e Warwick

Ho tloha ka Mantaha wa la 3 April 2017, batho ba se ba tla kgona ho bona sebaka seo se setjha se Warwick. Ba tla shebella divideo le ho bona dintho tse fapaneng dibakeng tse tharo, kamora moo ho tla ba le batho ba tla ba bontsha sebaka.

  1. “Lebitso la Modimo ka Bibeleng.” Mona ho tla bontshwa Dibibele tse fapaneng le hore na ke hobaneng ha lebitso la Modimo le ntse le le teng ka Bibeleng.

  2. “Batho Bakeng sa Lebitso la Jehova.” Mona teng ho tla bontshwa histori ya Dipaki Tsa Jehova le ho bontsha kamoo Jehova a ileng a tswela pele ho ruta, ho hlophisa batho ba hae le ho ba tataisa kateng.

  3. “Ntlokgolo le Seo mokgatlo o se Entseng.” Re tla bontshwa hore na dikomiti tsa Sehlopha se Busang, di etsang ho thusa bahlanka ba Jehova hore ba etse mesebetsi e fapaneng. Mesebetsi eo e akarelletsa wa boboledi, wa ho ruta diphutheho le wa ho thusa bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ha ba ena le maemo a tshohanyetso a kang dikoduwa.

Baeti ba tla bona sebaka ho tloha ka 8 hoseng ho fihlela ka 4, Mantaha ho isa ho Labohlano. Ho tla boela ho be le batho ba tla ba bontsha sebaka ka metsotso e 20. Ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano, ho tloha ka 8 hoseng ho ya ka 11 le ho tloha ka 1 ho ya ka 4 mantsiboya ho tla ba le batho ba tla tsamaisa baeti e le hore ba ba bontshe sebaka.

Pele o hlophisa ho ya Ntlokgolo, kena ho jw.org/jw-ssa mme o shebe tlasa MABAPI LE RONA > DIOFISI LE BATHO > United States.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela