DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Esaia 42:8—“Ke Nna Morena”
“Ke nna Jehova. Leo ke lona lebitso la ka. Nke ke ka fa e mong tlhompho ya ka kapa ka fa ditshwantsho tse betlilweng thoriso ya ka.”—Esaia 42:8, Bibele Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka. Nke ke be ka neha e mong tlotla ya ka kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka.”—Esaia 42:8, Bibele Phetolelo e Ntjha.
Tlhaloso ya Esaia 42:8
Modimo o re bolella lebitso la hae mme o boetse o re ha a arolelane thoriso le tlhompho le ditshwantsho.
Modimo o iphile lebitso leo hangata le fetolelwang e le “Jehova” ka Sesotho.a (Exoda 3:14, 15) Le hoja lebitso lena le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000 Testamenteng ya Kgale (Mangolong a Seheberu le Searame), le nketswe sebaka ke tlotla “Morena” (e qalwa ka tlhaku e kgolo). Mohlala ke Pesaleme ya 110:1, e leng boprofeta bo buang ka Jehova le Jesu. Bibele Phetolelo e Ntjha e re: “Morena [Jehova] o itse ho Morena [Jesu] wa ka.” (Diketso 2:34-36) Bibele Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e hlakisa phapang ya “Marena” ao a mabedi ka hore e kenye lebitso la Modimo sebakeng se loketseng. E re: “Jehova o itse ho Morena ka: ‘Dula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha dira tsa hao tlasa maoto a hao.’ ”
Ditsebi tse ngata di dumela hore lebitso la Modimo le bolela hore “O Etsa Hore ho be.” Ke Modimo wa nnete feela ya tshwanelwang ke lebitso lena, hobane o kgona ho etsa hore popo ya hae e tswele pele ho etsa hore thato ya hae le morero wa hae di phethahale.
Jwalo ka Mmopi wa rona le Modimo a le mong wa nnete, Jehova o tshwanelwa ke hore re inehele ho yena feela. Ha ho motho kapa ntho le ha e le efe e tshwanelwang ke boinehelo ba rona esita le ditshwantsho.—Exoda 20:2-6; 34:14; 1 Johanne 5:21.
Tlaleho ya Esaia 42:8
Ditemaneng tse qalang tsa Esaia kgaolo ya 42, Jehova o ile a bolela esale pele ka mesebetsi ya “mokgethwa” wa hae. Modimo o ile a bontsha hore mohlanka wa hae “o tla tlisetsa ditjhaba toka.” (Esaia 42:1) Malebana le tshepiso eo, Modimo o ile a re: “Jwale ke bolela dintho tse ntjha. Pele di hlaha, ke le bolella ka tsona.” (Esaia 42:9) Boprofeta bo buang ka “mokgethwa” bo ile ba phethahala dilemo ha morao ha Mesia, kapa Kreste, a fihla mme a phetha tshebeletso ya hae e lefatsheng.—Matheu 3:16, 17; 12:15-21.
Esaia 42:8 Diphetolelong Tse Ding
“Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka; mme nke ke ka fa e mong kganya ya ka, kapa ka fa ditshwantsho tse betlilweng thoriso ya ka.”—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang.
“Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka. Nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka neha ditshwantsho thoko e ntshwanelang.”—Bibele ya Sesotho.
a Lebitso la Modimo ka Seheberu le na le didumiswa tse nne, tseo ka Senyesemane e leng YHWH. Diphetolelo tse ding tsa Senyesemane di re lebitso la Modimo ke “Yahweh.” Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, sheba Karolo ya A4 e reng “Lebitso la Modimo Mangolong a Seheberu” Bibeleng ya Bibele Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.