Amose
2 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Moabe+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho chesa ha eona masapo a morena oa Edomo hore e be kalaka.+ 2 Ke tla romela mollo Moabe, ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Keriothe;+ ’me Moabe e tla shoa ka lerata, ka mokhosi, ka molumo oa lenaka.+ 3 Ke tla felisa moahloli ho eona, ’me likhosana tsohle tsa eona ke tla li bolaea le eona,”+ ho boletse Jehova.’
4 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Juda+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho lahla ha bona molao oa Jehova,+ le hobane ha baa ka ba boloka melao ea hae ea tsamaiso; empa mashano+ a bona, ao baholo-holo ba bona ba neng ba tsamaile ka mor’a ’ona, a ’nile a etsa hore ba hlahlathele.+ 5 Ke tla romela mollo Juda, ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema.’+
6 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Iseraele+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho rekisa ha bona ea lokileng bakeng sa silevera, le mofutsana bakeng sa theko ea para ea meqathatso.+ 7 Ba labalabela lerōle la lefatše le holim ’a lihlooho tsa batho ba tlaase;+ ’me ba khelosa tsela ea batho ba bonolo;+ ’me motho le ntat’ae ba ile ho ngoanana a le mong,+ ka morero oa ho hlompholla lebitso la ka le halalelang.+ 8 Ba ithapalatsa+ ka thōko ho aletare+ e ’ngoe le e ’ngoe holim ’a liaparo tse nkiloeng e le tebeletso; ’me ka tlung ea melimo ea bona ba noela veine ea ba lefisitsoeng.’+
9 “‘Empa ha e le ’na, ke ne ke felisitse Moamore+ ka lebaka la bona, eo bophahamo ba hae bo neng bo le joaloka bophahamo ba likedare, le ea neng a le matla joaloka lifate tsa litonanahali;+ ’me ke ile ka qala ho felisa litholoana tsa hae holimo le metso ea hae tlaase.+ 10 Ka le ntša naheng ea Egepeta,+ ’me ka ’na ka etsa hore le tsamaee lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane,+ e le hore le ka rua naha ea Moamore.+ 11 Ka ’na ka emisa ba bang ba bara ba lōna e le baprofeta+ le ba bang ba bahlankana ba lōna e le Banazari.+ Na ka sebele see ha sea lokela, Lōna bara ba Iseraele?’ ho bolela Jehova.
12 “‘Empa la ’na la fa Banazari veine hore ba noe,+ ’me la laela baprofeta, la re: “Le se ke la profeta.”+ 13 Bonang! ke etsa hore se ka tlas’a lōna se tsukutlehe, joalokaha ho tsukutleha koloi e tletseng lijo-thollo tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko. 14 Sebaka seo ho baleheloang ho sona se tla timela bakeng sa ea lebelo,+ ’me ha ho le ea mong ea matla ea tla eketsa matla a hae, ’me ha ho monna ea matla ea tla pholosa moea oa hae.+ 15 Ha ho le ea mong ea tšoarang seqha ea tla ema, ’me ha ho le ea mong ea maoto a lebelo ea tla baleha, ’me ha ho mopalami oa pere ea tla pholosa moea oa hae.+ 16 Ha e le ea matla pelong ea hae har’a banna ba matla, o tla baleha a hlobotse letsatsing leo,’+ ho bolela Jehova.”