Amose
3 “Utloang lentsoe lena leo Jehova a le buileng malebana le lōna,+ bara ba Iseraele, malebana le lelapa lohle leo ke le ntšitseng naheng ea Egepeta,+ le reng, 2 ‘Ke tsebile lōna feela+ har’a malapa ’ohle a lefatše.+ Ke ka lebaka leo ke tla ahlola litaba khahlanong le lōna bakeng sa liphoso+ tsohle tsa lōna.
3 “‘Na ba babeli ba tla tsamaea hammoho ntle le hore ebe ba behelane nako ea ho kopana?+ 4 Na tau e tla puruma morung ha e se na phofu?+ Na taoana e moetse e tla ntša lentsoe la eona sebakeng seo e ipatang ho sona haeba e sa tšoasa letho? 5 Na nonyana e tla oela sefing se mobung ha ho se na leraba bakeng sa eona?+ Na sefi se nyoloha fatše haeba ho hang se sa tšoasa letho? 6 Haeba ho letsoa lenaka motseng, na batho le bona ha ba thothomele?+ Haeba tlokotsi e etsahala motseng, na hape hase Jehova ea nkileng bohato? 7 Etsoe ’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.+ 8 Ho na le tau e purumileng!+ Ke mang ea ke keng a tšoha? ’Musi Morena Jehova o buile! Ke mang ea ke keng a profeta?’+
9 “‘Phatlalatsang litoreng tsa bolulo Ashdode le litoreng tsa bolulo naheng ea Egepeta,+ le re: “Bokanang khahlanong le lithaba tsa Samaria,+ ’me le bone ho hloka taolo ho hongata ho eona le boemo ba ho etsa bolotsana ka hare ho eona.+ 10 Ha baa tseba ho etsa se nepahetseng,”+ ho bolela Jehova, “ba bolokang pefo+ le ho tlatlapa litoreng tsa bona tsa bolulo.”’
11 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho na le mohanyetsi ho potoloha naha,+ ’me ka sebele o tla theola matla a lōna ho lōna, ’me litora tsa lōna tsa bolulo li tla tlatlapuoa.’+
12 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Feela joalokaha molisa a hloibila litlhakoana tse peli kapa karolo ea tsebe molomong oa tau,+ ka ho tšoanang bara ba Iseraele ba tla hloibiloa, ba lulang Samaria setulong se setle haholo se kang bethe+ le setulong se kang moalo sa Damaseka.’+
13 “‘Utloang ’me le pake+ ka tlung ea Jakobo,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, Molimo oa mabotho. 14 ‘Etsoe, ka letsatsi la ha ke ahlola litaba+ khahlanong le Iseraele bakeng sa bofetoheli ba eona, ke tla boela ke ahlole litaba khahlanong le lialetare tsa Bethele;+ ’me ka sebele manaka a aletare a tla khaoloa ’me a tla oela fatše.+ 15 Ke tla liha ntlo ea mariha+ ho phaella ntlong ea lehlabula.’+
“‘Matlo a manaka a tlou a tla lokela ho senngoa,+ ’me matlo a mangata a tla lokela ho fela,’+ ho bolela Jehova.”