18 Empa Balame a araba ’me a re ho bahlanka ba Balake: “Haeba Balake a ne a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, ke ne nke ke ka khona ho tlōla taelo ea Jehova Molimo oa ka, hoo nka etsang ntho e nyenyane kapa e khōlō.+
2 Joale morena a boela a re ho Esthere letsatsing la bobeli nakong ea mokete oa veine:+ “Kōpo ea hao e matla ke efe,+ Mofumahali Esthere? U ke u e fuoe.+ Ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena+—se ke se etsoe!”