Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Hape le keteke Mokete oa Kotulo* ea lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa mesebetsi ea lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete oa ho Bokella,* ha le bokella lintho tseo le li jetseng masimong.+

  • Levitike 23:34-36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 “Bolella Baiseraele ho re, ‘Ka letsatsi la bo15 khoeling ena ea bosupa ke Mokete oa Maphephe* oa Jehova ka matsatsi a supileng.+ 35 Ka letsatsi la pele ke kopano e halalelang kahoo le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima. 36 Le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la borobeli, le be le kopano e halalelang+ ’me le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova. Ke seboka se hlomphehang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.

  • Deuteronoma 16:13-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le keteke Mokete oa Maphephe*+ ka matsatsi a supileng ha le bokella lintho tse tsoang seotlong sa lona le sehatelong sa lona sa oli le sa veine. 14 Le thabe nakong ea mokete oa lona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali, Balevi, balichaba, likhutsana* le bahlolohali ba ka har’a metse ea lona. 15 Le keteke mokete oa Jehova Molimo oa lona ka matsatsi a supileng+ sebakeng seo Jehova a se khethang hobane Jehova Molimo oa lona o tla hlohonolofatsa lihlahisoa tsohle tsa lona le lintho tsohle tseo le li etsang+ ’me le tla thaba.+

  • Nehemia 8:14-18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Joale ba fumana ho ngotsoe Molaong oo Jehova a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe hore ka khoeli ea bosupa+ Baiseraele ba lokela ho lula maphepheng* nakong ea mokete 15 le hore ba phatlalatse+ ’me ba tsebise batho metseng eohle ea bona le Jerusalema eohle ba re: “E-eang sebakeng se lithaba ’me le tlise makala a nang le makhasi a tsoang lifateng tsa mohloaare, tsa phaena, tsa mirte le tsa palema le makala a nang le makhasi a tsoang lifateng tse ling e le hore le etse maphephe ho ea ka se ngotsoeng.”

      16 Batho ba tsoa ’me ba tla le makala ao hore ba iketsetse maphephe, e mong le e mong holim’a marulelo a hae hammoho le mabaleng a bona, mabaleng a ntlo ea Molimo oa ’nete,+ lebaleng la Keiti ea Metsi+ le la Keiti ea Efraime.+ 17 Kahoo, phutheho eohle ea ba neng ba khutlile botlamuoeng ea etsa maphephe ’me ea lula ho ’ona etsoe Baiseraele ba ne ba sa ka ba etsa seo ka tsela ena ho tloha mehleng ea Joshua+ mora oa Nune ho fihlela letsatsing leo ’me batho ba ile ba thaba haholo.+ 18 Letsatsi le letsatsi ho ne ho baloa buka ea Molao oa Molimo oa ’nete,+ ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka letsatsi la ho qetela. Ba ile ba etsa mokete ka matsatsi a supileng ’me ho ea ka Molao, ka letsatsi la borobeli ho ile ha e-ba le seboka se hlomphehang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela