6 Le e mamele ka hloko+ hobane le tla bontša hore le bohlale+ ebile le na le kutloisiso+ ka pel’a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ’me li tla re, ‘Ka sebele sechaba sena se seholo ke sechaba se bohlale le se nang le kutloisiso.’+
13 Ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, qetello ea taba ke ena: Hlompha* Molimo oa ’nete+ ’me u mamele litaelo tsa hae+ etsoe ke eona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.+
20 Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.+ Lintho tseo a li bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng+ le hore ke Molimo.+ Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela.