Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 2/8 leq. 20
  • Lipaki Tsa Jehova—Li Fapane le Malumeli a Mang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Jehova—Li Fapane le Malumeli a Mang
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litumelo Tsa Bona
  • Mesebetsi ea Bona
  • Ba Tsebe Haholoanyane
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?
    Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
  • Na Ehlile Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’Nete?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 2/8 leq. 20

Pono ea Bibele

Lipaki Tsa Jehova—Li Fapane le Malumeli a Mang

“BONA, ke tšoarehile, ho feta moo, ha ke buisane le Lipaki tsa Jehova.” Eo ebile karabo ea mong a ntlo ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a kokota monyakong oa hae.

Moeti a araba ka bonolo: “Ke utloile u re u tšoarehile, empa na mohlomong nka u botsa hore na ke hobane’ng ha u re ha u buisane le rōna?” Mabaka ebile feela ho se utloisise seo Lipaki li se lumelang le ho se etsa. Hoba mabaka ana a hlakisoe, ba tsoela pele le puisano e ntle.

Na u tseba seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang? Na u tseba se ba etsang ba fapaneng le malumeli a mang le bohlokoa ba sena ho uena?

Litumelo Tsa Bona

Litumelo tsa bona—tse sa tsoakoang le meetlo, likhopolo tsa bohetene, kapa likhopolo tsa bochaba—li theiloe ka ho feletseng Bibeleng, eo li lumelang hore ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le le sa foseng. Sena se etsa phapang ea bohlokoa litumelong tsa motheo.

Ho sebelisa lebitso la Molimo: Lebitso JEHOVA, kapa Yahweh, le ka utloahala le makatsa ho batho ba bangata, ’me tšebeliso ea lona e fetang makhetlo a 7 000 ka Bibeleng e khothalletsa hore barapeli ba Molimo ba tsebe le ho sebelisa lebitso la oona. (Pesaleme ea 83:18) Kaha Bakreste ke “sechaba se khethetsoeng lebitso la ’ona,” Jesu o le sebelisitse ho ruta barutuoa ba hae. (Liketso 15:14; Johanne 17:26) Ka baka la sena, ho ena le ho nahana hore Lipaki tsa Jehova lia makatsa ha li sebelisa lebitso leo, na e ne e ke ke ea eba ho loketseng ho botsa hore na ke hobane’ng ha malumeli a mang a sa le sebelise khafetsa?—Malakia 3:16.

’Muso oa Molimo: Oa leholimo—ke ’muso oa sebele—Jesu Kreste ke morena oa ’ona, ’me o busa lefatšeng lohle. Ha se feela ‘ntho e ’ngoe e ka pelong.’ “’Muso o tla beoa lehetleng la hae [Kreste].” (Esaia 9:6, 7, Revised Standard Version) O tla tlosa qoso tokelong ea borena ba Molimo. O “tla hloma ’muso o . . . tla feiisa mebuso [ea batho] kaofela,” ’me a tsosolose bonngoe le khotso ea lefatše ho isa ka ho sa feleng.—Daniele 2:44.

Moea oa motho: Hase karolo e sa bonahaleng le e sa shoeng e phonyohang lefu la ’mele, empa ke motho ka boeena kapa bophelo boo a bo thabelang. Ha motho a boptjoa, “ea eba moea o phelang.” (Genese 2:7; 1 Ba-Korinthe 15:45) “Taba ea ho se shoe ha moea ke khopolo ea Segerike e qapiloeng litumelong tsa mehla ea boholo-holo ’me e hōlisitsoe ke mohlalefi Plato.” (Presbyterian Life, la 1 Motšeanong, 1970) Kahoo ha ho moo bafu ba hlokofatsoang teng. Ba robetse. (Moeklesia 9:5, 10) Tšepo ea bophelo ba kamoso bakeng sa bafu e itšetlehile ho Jesu Kreste e le sehlabelo sa topollo ’me e itšetlehile hape ka ho fumana mohau oa Molimo bakeng sa tsoho.—Johanne 5:28, 29; Liketso 17:31; 24:15; 1 Ba-Korinthe 15:13, 14.

Bokamoso ba lefatše: Lefatše e ke ke ea ba sebaka se cheleng se hlokang bophelo, ebang ke ka letsoho la Molimo kapa ka mollo oa libomo tsa nuclear. Molimo “ha a le bōpela lefeela.” O le “bōpetse hore le ahuoe.” (Esaia 45:18; Moeklesia 1:4) ’Muso oa Molimo o tla tiisa hore thato ea oona “e etsoa lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Joale, “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba hlole ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Ba amohelang tumelo e joalo ba latsoa phetoho ea boikutlo mabapi le Molimo, bophelo, le bana ba bobona. Bophelo bo na le morero.—Ba-Roma 8:19-21.

Mesebetsi ea Bona

E theiloe Bibeleng. Le hoja mesebetsi e meng e talingoa e le e makatsang, ke letšoao le khethollang borapeli ba ’nete.

Boboleli ba phatlalatsa: Ba bangata ba supa sena e le phapang e khōlō ea mosebetsi le tlhopiso. Leha ho le joalo, mosebetsing ’ona Lipaki tsa Jehova li mamela taelo ea Jesu “e-eang . . . le etse barutuoa.” Ka ho etsisa mohlala oa baapostola, bohle ba tšoanelehang ho ba basebeletsi ba ka “ruta pontšeng le ka ntlo le ntlo.” (Mattheu 28:19, 20, NW; Liketso 20:20, NW) Theology Today e bolela hore: “Likereke tse ling li na le tloaelo ea ho khetholla pakeng tsa baruti le phutheho, empa ha ho letho le lokafatsang khethollo eo.” Ho ena le hoo, joaloka Encyclopedia Canadiana e hlokometse: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke tsosoloso le ho hlongoa hape ha Bokreste ba boholo-holo bo sebelisitsoeng ke Jesu le balateli ba hae ba lekholong la pele le la bobeli la lilemo. . . . Kaofela ha bona ke baena.”

Ho se nke lehlakore hoa Bokreste: Le hoja sena se utloisisoa ka tsela e fokolang, Lipaki tsa Jehova li lula li sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki le mefuteng eohle ea khohlano e batlang hore batho ba hloeane. (Johanne 18:36; Esaia 2:2-4) Rahistori Edward Cibbon ha a bua ka Bakreste ba pele o itse: “Ba ne ba hana ho kopanela karolong leha e le efe ea tsamaiso ea sechaba kapa tšireletsong ea sesole ea ’muso.” Kahoo, seo pele se neng se bonahala e le motheo se fetohile karolo e nang le khotso ea ba sa “lokelang ho ba karolo ea lefatše.”—Johanne 17:16.

Bochaba: “Khethollo ea ’mala—e sa ntse e le bothata ba likereke tse ling—ha se bothata ho Lipaki tsa Jehova,” kamoo ho boletseng koranta ea United States boroa. Lerato la sebele la baena ba bona le ba kopanya boeneng ba lefatše lohle. Le hoja ba sa phethahala joaloka motho e mong le e mong, ba leka ka matla ho sebelisa taelo ea Jesu har’a bona: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35.

Ba Tsebe Haholoanyane

Mona ha hoa thathamisoa lintho tsohle tse etsang hore Lipaki tsa Jehova e be tse fapaneng. Joale ke hobane’ng ha u sa rate ho tseba Bakreste baa haholoanyane? Litebello tsa hao bakeng sa thabo ea joale le bophelo ba nako e tlang li fumanoa ka ho khetholla ka nepo bolumeli bo tlamehileng ho fapana haeba bo tla finyella litekanyetso tsa Molimo.—Mattheu 7:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela