Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 8/8 maq. 29-30
  • Ke Bokamoso Bofe Bakeng sa Rōna le Bana ba Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bokamoso Bofe Bakeng sa Rōna le Bana ba Rōna?
  • Tsoha!—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Pholosa Lefatše Tšenyong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tumelo le Bokamoso ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe
    Tsoha!—1994
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 8/8 maq. 29-30

Ke Bokamoso Bofe Bakeng sa Rōna le Bana ba Rōna?

LELAPA le ke ke la nka liphahlo tse fetang moputso oa lona ntle ho ho kena melatong ea ho hlōleha ho li lefa. Sechaba se ke ke sa lefa chelete e ngata ho feta phaello ’me se ’ne se atlehe; ho joalo le ka rōna ha re tsoela pele ho senya tikoloho ea rōna. Re ke ke ra senya mobu o mongata ho feta kamoo o bōpehang kateng, ra etsa moea o mongata o litšila ho feta kamoo limela li ka o sebelisang, ra rema lifate tse ngata ho feta kamoo li ka hōlang, ra senya moea o mongata le metsi ho feta kamoo lefatše le ka li hlahisang kateng. Litšenyehelo tsa tikoloho joaloka litšenyehelo tsa sechaba, li hloka ho lefuoa. Li tla lefshoa, ebang ke ka chelete le maiteko a kopaneng a machaba kapa ka bophelo—ba rōna le ba bana ba rōna.

Tsoelopele ea kajeno boqaping ba mahlale e nolofalitse ho senngoa ha lefatše. E ne e ka sebelisetsoa ho thibela tšenyo ena. Empa hobane’ng ho se joalo? Lerato la chelete. Litšenyehelo li ka fihla ho limillione tse likete. Lefatše lena ha le tsebe ho bona—kapa ka ho ikhohomosa ha lona le ke ke la bona—ka nģane ho litakatso tsa lona tse bonelang haufinyana tsa lintho tse bonahalang. Erekaha le hana ho lefa chelete, le tla lefa ka ho lahleheloa ke mobu o ka holimo, ho lahleheloa ke meru, ho lahleheloa ke mafika a nang le metsi, le tla lahleheloa ke lefatše le chesang ka ho lekaneng bakeng sa meru, le tla ba le metsi a chefu, ho kula ho phahameng, le tla lahleheloa ke bophelo ba batho. ’Me ka ho tsoela pele le itšoareletse cheleteng ea lona, lefatše lena le rekisa bokamoso ba bana ba lona.

Na le tla phaphama ka nako? Karabo ea histori ha e re tiisetse, empa karabo ea Molimo ea re tiisetsa. Jehova Molimo ka boeena o bolela hore o tla nka bohato ’me a ‘senye ba senyang lefatše.’ (Tšenolo 11:18) O tla tlosa lefatšeng ba senyang tikoloho le ba felisang botle ba lona, hobane o le bōpetse hore le tšehetse bophelo le hore le be letle. O re: “Leholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke bonamelo ba maoto a ka,” ’me o’a eketsa: “Nģalo ea maoto a ka e etsoe e khanyang.”—Esaia 66:1; 60:13.

O le bōpetse hore batho ba ratang ho loka ba lule ho lona—’me e tla ba ba limillione ba kileng ba phela, ba limillione ba phelang hona joale, le bana ba limillione bao e leng hona ba tla belehoa. Sena o se tlalehile Lentsoeng la hae, Bibele, ’me u ka ipalla ho Esaia 45:18 le Johanne 5:28, 29.

Ha lefatše le se le hlokomeloa ke ba le ratang, le tla inchafaletsa botleng boo ’Mōpi oa rōna a neng a le file bona pele. ’Me batho ba sekametseng ho lokeng le bana ba bona ba tla ba le bokamoso bo khanyang: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme 37:10, 11, 29.

Na ba ke ke ba shoa le ka mohla? E! “’Me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Na ke toro feela? Che, lefatše la joale le khopo le lebe haholo hore le ka lula le ntse le le teng.—Daniele 2:44.

Empa uena le bana ba hao le ka lula le le teng. Jehova Molimo o nolofalitse sena ka sehlabelo sa Mora oa hae. Ho ithuta ka Jehova le Mora oa hae ho tla bolela bophelo bo sa feleng bakeng sa hao le bana ba hao—bophelo lefatšeng le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng. (Johanne 3:16; 17:3; 2 Petrose 3:13) Sena e ka ba bokamoso bo thabileng ho uena le bana ba hao. Ebang u tla le thabela kapa che ho itšetlehile ka uena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela