Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 8/8 maq. 15-17
  • Ke hobane’ng ha ke Ikutloa ke se Bohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke hobane’ng ha ke Ikutloa ke se Bohlokoa?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bapisa ho sa Lokang
  • Na ke Boikutlo ho Fetang ho Tepella ka Nakoana?
  • Ha Letsoalo la Hao le u Khathatsa
  • Ho ba le Boikutlo ba Hore U oa Bohlokoa
  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987
  • Ho Hlōla Ntoa Khahlanong le ho Tepella Maikutlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Maikutlo a Sithabetsang—U ka a Loantša Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Loantša Sera se Sehlōhō
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 8/8 maq. 15-17

Bacha Baa Botsa . . .

Ke hobane’ng ha ke Ikutloa ke se Bohlokoa?

KE NE ke e-na le lilemo tse robeli ha ’Me a hlala Ntate,” ho hopola ngoanana eo re tla mo bitsa Ann. “Ke hopola ke e-ea ho Ntate bakeng sa ho fumana matla. Joale, ha ke le lilemo li 15, Ntate a hlala ’mè oa ka oa bobeli. Ho ne ho utloisa bohloko. Ke ile ka ipotsa hore na ebe ho teng ho phoso ka ’na. Kapa mohlomong sesosa e ne e le ’na? Ke ile ka qala ho ikutloa ke se bohlokoa.”

Maikutlo a joalo a tšoenya bacha ba bangata. ’Me hase kamehla e leng boemo bo hlomolang pelo haholo, joaloka tlhalo ea batsoali, bo totisang maikutlo a bona a bohloko. Ho ikutloa ba se bohlokoa ho ka bakoa ke lintho tse nyenyane joaloka ho fumana matšoao a tlaase sekolong. Ke hobane’ng ha maikutlo a joalo a hōla? Na ho na le tsela leha e le efe ea ho a felisa?

Ho Bapisa ho sa Lokang

Lebaka le leng le leholo leo bacha ba bangata ba ikutloang ba se bohlokoa ka lona ke tšusumetso ea lefatše leo re phelang ho lona. Lichabeng tse ngata bacha ba qobelloa ho atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang—mosebetsing oa sekolo, lipapaling, le boikhathollong. Hangata katleho e lekanyetsoa ka ba etsang ho molemohali, le ba batlang se molemohali, ba nang le se molemohali. Tichere ea Afrika Boroa e itse: “Ho na le mantsoe a nyelisang a amahanngoang le ho se fumane matšoao a matle ho feta sehlopha sa leshome le ho se fumane mosebetsi oo ho nahanoang hore ke o phahameng.” Ngaka ea mafu a kelello Dr. David Elkind oa phaella: “Kajeno bacha ha ba babatsoe bakeng sa hlompho ea bona kapa botho ba bona, empa ba babatsoa bakeng sa molemo oa bona oa tlhōlisano kapa matšoao ao ba a fumanang.” Moea ’ona oa tlhōlisano o amoha bacha ba bangata boikutlo ba ho ba bohlokoa.

Bibele e re phehella ho etsa sohle se matleng a rōna le ‘sohle seo letsoho la rōna le se finyellang ho se etsa’ empa “e se ka tsa ba bang.” (Moeklesia 9:10, NW; Ba-Galata 6:4) Hobane’ng? Hobane bohle re na le matla a fapaneng ’me re ke ke ra hlōla nthong e ’ngoe le e ’ngoe. (Mattheu 25:14, 15) Ha e le hantle, kaofela ha rōna re holofetse ka tekanyetso e itseng ka lebaka la ho se phethahale. (Ba-Roma 3:23) Kahoo katleho bophelong e batla ho ithuta ho mamella ho hlōleha le masoabi.

Ho feta moo, takatso ea ho hlōla ba bang e senya litšoaneleho tse ka u tlisetsang maikutlo a sa feleng a ho ba ba bohlokoa, joaloka tšebelisano ’moho, ho nahanela, thabo, khotso, le mamello. Bibele ka bohlale ea eletsa: “Re se keng ra batla boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.”—Ba-Galata 5:22, 23, 26.

Kahoo ha feela u ntse u etsa sohle se matleng a hao sekolong kapa mosebetsing oa Bokreste, khotsofalla seo u se finyellang. Haeba u haelloa ka ho tebileng tšobotsing e itseng, batla thuso. Hoo e tla ba pontšo ea hore u hōlisa tšobotsi ea bohlokoa ka ’nete, e leng, boikokobetso. (Liproverbia 18:12) Haeba tsoelopele ea hao e lieha, se nyahame. Lekanya katleho ea hao ka liphello tsa nako e fetileng—e seng ho ea ka sa motho e mong.

Na ke Boikutlo ho Fetang ho Tepella ka Nakoana?

Ak’u nahane u tepelletse maikutlong libeke tse ngata ho se pheko—ho se lebaka la sebele. “Ke habohlokoa hore u se ke ua thola ka se u tšoenyang,” ho bolela makasine oa ‘Teen. Tšollela maikutlo a hao ho motho e mong ea u tsotellang, joaloka motsoali oa hao. Joaloka ha Bibele e ho hlalosa: “Ba babeli ba feta a le mong,... le ha ba e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae; athe ea ’notši o malimabe, le ha a oa, ha a na oa bobeli ea mo tsosang.” (Moeklesia 4:9, 10) Ka makhetlo a mangata, momameli ea bontšang kutloelo-bohloko a ka u thusa ho lokisa mohopolo oa hao.a

Nahana ka Ann, ea boletsoeng qalehong. Metsoalle ea hae e mo thusitse ho hlokomela hore ho ikutloa ha hae a se bohlokoa ho itšetlehile mabakeng a fosahetseng, e seng a sebele. Ke joang eena, e le ngoana feela, a ka bang le molato oa ho hlōleha ha lenyalo la batsoali ba hae? Hoba a hlokomele sena, ho ikutloa ha hae a se bohlokoa ha kokobela.

Empa ho thoe’ng haeba maikutlo a joalo a sa khaotse, ho sa tsotellehe boiteko ba ho fetola mohopolo oa hao? “E boetse ke monahano o motle ho bona ngaka bakeng sa tlhahlobo ho phekola mafu a ’mele ao e ka bang motso oa ho tepella ha hao maikutlong,” ho phaella makasine oa ’Teen. Hobane’ng? Hobane maikutlo a sa khaotseng a ho ba ea hlokang thuso a ka supa bothateng ba meriana: ho tepella maikutlong ho hoholo.

Makhetlong a mangata a ho tepella maikutlong ho hoholo, ho bonahala tšebetso ea lik’hemikale bokong e ameha. Ka mohlala, li-neuron tsa boko, kapa lisele tsa boko, li hlōleha ho amohela kapa ho fetisa melaetsa ka nepo. Ka lehlohonolo, ho na le lipheko tse fumanehang tse bonahalang li tseba ho laola mosebetsi oa li-neuron le ho thusa bahlaseluoa ba ho tepella maikutlong ho tsoela pele ba phela hantle. Kahoo ho bona ngaka e ka ’na ea eba ho loketseng ha ho ena le lebaka la ho belaella hore ntho e u tšoenyang e feta feela ho tepella maikutlong ka nakoana.

Ha Letsoalo la Hao le u Khathatsa

Lebaka le leng le ka bakang ho ikutloa re se bohlokoa ke kamoo letsoalo le sebetsang kateng. (Ba-Roma 2:14, 15) Arabela ho lona ka ho loketseng, ’me letsoalo la hao le ka u thusa ho kheloha tseleng e kotsi. Ha u le hlokomoloha, le tla ipaka e le mohloli oa tlhokofatso.

Ka nako e ’ngoe letsoalo la Morena Davida le kile la mo khathatsa ka ho tebileng hoo a ileng a ngola: “Khalefo ea hao ha ea ka ea siea letho le phelang nameng ea ka, sebe sa ka se tlositse pholoho eohle masapong a ka. . . . Ke kobane, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaea ka bofifi letsatsi lohle. . . . Ke feletsoe ke matla, ke robehile hampe ke lumaela ka baka la ho hlora ha pelo ea ka.” (Pesaleme ea 38:3-8) Mohlomong ho bonahala Davida a ngotse mantsoe ana kamor’a hore a nke mosali oa monna e mong. O ile a fumana pheko ha a ipolela sebe sa hae se tebileng, a bolella moprofeta oa Molimo Nathane. Phello ebile efe? “Ka ba ka u bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka pata bokhopo ba ka . . . ’Me oa hlakola bokhopo ba sebe sa ka.”—Pesaleme ea 32:5; bapisa Jakobo 5:16.

Ka ho tšoanang bacha ba bangata ba ikutloa ba imetsoe ka baka la molato oa ho etsa libe—tse nyenyane, le tse tebileng. Empa joaloka Davida, ba ka fumana pheko ka ho ipolela libe tsa bona le ho batla thuso ea Bakreste ba ’nete. Nahana ka Stephanus, eo ntat’ae a ileng a arohana le ’mè oa hae pele a belehoa. “Hobane a sa nthate ’me a latola hore ke ntate oa ka ho ile ha nkutloisa bohloko. Ha ke ntse ke hōla, ho ile ha nketsa hore ke ikutloe ke se bohlokoa.” Stephanus o ile a oela sebeng se tebileng sa bosodoma. (Genese 13:13; 1 Ba-Korinthe 6:9) Stephanus o re: “Ka ntle ho mathata a mang ao ke neng ke se ke e-na le ’ona, joale lethathamong ke ne ke se ke phaelletse ka ho lahleheloa ke boitlhompho le letsoalo le letle. Ke ile ka ikutloa ke se bohlokoa.”

Stephanus ea letsoalo le tšoenyehileng, o ile a batla thuso ho Bakreste ba ’nete. Ha bohlokoahali, o ile a bolella Molimo libe tsa hae ’me ka thuso ea Molimo o ile a tseba ho hlōla bofokoli ba hae. O re: “Ke ile ka ithuta hore ka ho amohela sehlabelo sa topollo sa Jesu le ho ba le tumelo ka bohlokoa ba sona, nka ba motho oa bohlokoa ho Jehova.” (Liproverbia 28:13; 1 Johanne 1:9-2:2) Lilemong tse ’ne tse fetileng, Stephanus e mocha e bile mosebeletsi oa nako e tletseng, a thusa ba bang ho utloisisa litokisetso tsa Molimo tse mosa.

Ho ba le Boikutlo ba Hore U oa Bohlokoa

Ntle ho pelaelo mosebetsi o khotsofatsang oa Stephanus e le ’moleli oa Mokreste o mo thusitse ho boloka boikutlo ba hore ke motho oa bohlokoa. Joaloka ha Ngaka Edna Irwin a lumela bukeng ea hae Growing Pains—A Study of Teenage Distress: “Mocha ea tsebang mosebetsi oo a tlang ho o etsa o na le pakane eo a sebeletsang ho eona . . . Haeba a ka e finyella, e tlatsetsa haholo tšireletsong ea mocha le ho ikutloa e le oa bohlokoa.” Bacha ba likete, joaloka ka Stephanus, ba fumane hore mosebetsi oa ho abelana le ba bang molaetsa oa Bibele ke oona feela ‘mosebetsi o ka finyelloang,’ mosebetsi o ba putsang ka boikutlo ba ‘tšireletso le ho ba ba bohlokoa.’

Leha ho le joalo, mosebetsi o joalo o ka ba hōle ho bacha ba bang ka baka la lilemo tsa bona tse tlase. Kahoo ha nako e ntse e tsamaea, se ke ua lumella maikutlo a ho ba ea se nang thuso a u nyahamise. Hopola: Ha ho hlokahale hore u rarolle bothata u le mong. Ikutloe u lokolohile ho bua le ba bang, haholo-holo batsoali ba hao. Hape u na le tšehetso ea Bakreste ’moho le uena, ba phehelloang ho ‘tšelisa ba pelo li tepeletseng, le ho tiisa ba fokolang.’ (1 Ba-Thessalonika 5:14) Ha bohlokoahali, u na le matšeliso a ho tseba hore u ratoa le ho tšehetsoa ke Jehova Molimo. Joalokaha Jesu a boletse, ‘esita le qoba tsa moriri oa hloho tsa lōna li baliloe kaofela’ ke Molimo! (Luka 12:7) Ha ho hlokahale hore u ikutloe u se bohlokoa, hobane u tseba hore Molimo o talima ba o ratang ba le bohlokoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Tsoha! November 8, 1987, maqephe 26 le 27, tlas’a lihlooho “Ho Loantša ho Felloa ke ho Itšepa” le “Mokhoa oa ho Nahana o Mobe.”

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Na u lumella moea oa lefatše lee oa tlhōlisano ho tlatsetsa maikutlong a hore ha u bohlokoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela