Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 8/8 maq. 12-14
  • Na re Lokela ho Tlohelana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lokela ho Tlohelana?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Re Tsekisana Kamehla’
  • Tšireletso e Senyehileng
  • Ho Hlokomoloha
  • ‘Mahlo a Hao a be Hloohong
  • Ho Lokisa Lipelaelo
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1989
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Nka Ntšetsa Pele Joang Lefereho le Atlehileng?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 8/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa. . .

Na re Lokela ho Tlohelana?

‘Re ile ra laetsana ho tloha ka Phupu ’me re ntse re buisana ka lenyalo. Empa ke na

le lipelaelo tse ngata ka mohlankana enoa . . . ’

HA LERATO le ntse le atamela nako ea ho etsa qeto e khōlō, ho tloaelehile hore ho hlahe lipelaelo tse itseng. Lenyalo ke le hlomphehang har’a Bakreste—hase ntho e ka nkuoang habobebe. (Ba-Heberu 13:4) Le hoja lenyalo le ka etsa hore balekane “ba thabe,” hape le ka ba tlisetsa “bohloko le ho hlonama.” (Liproverbia 5:18; 1 Ba-Korinthe 7:28, The New English Bible) Kahona ho na le lebaka le letle la hore lenyalo le atameloe ka tsela e seli.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling se amehang hase feela ho tšaba lenyalo; lipelaelo li ka hlahisoa ke mefokolo e tebileng eo u e bonang ho motho eo u laetsanang le eena kapa ho tsoa kamanong ka boeona. Haeba u se u loketse ho nka boikarabelo ba lenyalo, u lokela ho etsa’ng ha u ikutloa u hlaseloa ke lipelaelo tse joalo?

‘Re Tsekisana Kamehla’

Balekane ba bangata ba laetsanang ba amehile haholo ka sena. Leha ho le joalo, ba bangata ba ikutloa hore ho tsekisana ha baratani hase ntho eo ho ka amehoang haholo ka eona. Ke ’nete hore esita le batho ba ratanang ka linako tse ling ha ba lumellane—mohlomong ka maikutlo a bohale. (Bapisa Genese 30:2; Liketso 15:39.) Empa haeba le sa lumellane hoo e ka batlang e le nthong tsohle, haeba puisano e ’ngoe le e ’ngoe ea lōna e qetella ka lerata le litsekisano, kapa haeba kamano ea lōna kamehla e qhaloa ’me e hahuoa hape, ho ka hlokahala hore le hlokomele! Eo e ka ba pontšo ea khaello e tebileng ea khōlo ea moea kapa ea maikutlo ho e mong oa lōna kapa bobeli ba lōna. Bakreste ba bolelloa hore ba lahle “bohale, le ho itšena... le polelo e lihlong.”—Ba-Kolosse 3:8.

Phuputso ea lingaka tse 400 e senotse hore likomang tse sa khaotseng ke letšoao le matla la “maikutlo a e-song ho hōle ka ho lekaneng bakeng sa lenyalo,” mohlomong li senola “khohlano e ke keng ea tlisa poelano pakeng tsa ba babeli.” Ho tsoela pele, Ngaka Judson T. Landis, e lemosa hore “likomang... ke pontšo e tobileng ea se tla latela lenyalong.”a

Tšireletso e Senyehileng

Lebaka le leng le ka u etsang hore u amehe ke ha u sibolla hore motho enoa u na le botho le mekhoa e u khathatsang. Nakong ea lefereho ke ha tlhaho hore motho a pate mefokolo ea hae le ho hlahisa feela botho bo mosa le bo nahanelang. Leha ho le joalo, hamorao “motho ea ka sephiring oa pelo” oa bonahala. (1 Petrose 3:4) U ka ’na ua qala ho bona lipontšo tse khathatsang tsa boithati, ho se hōle, maikutlo a feto-fetohang, manganga—esita le pefo.

Botho bona bo senohileng e ka ba bo tebileng haholo hoo u ipotsang haeba u ka rata ho phela le eena nako eohle ea bophelo ba hao. “Ke na le lipelaelo tse ngata ka mohlankana enoa ka baka la [boitšoaro ba hae bo sa lokang] ba nakong e fetileng le lintho tse ’nileng tsa etsahala ha esale hoba re laetsane,” ho boletse moroetsana e mong ka mohlankana oa hae. “Nakong eohle eo re ntseng re laetsana ka eona, ha a s’o ka a bontša boitšoaro.” Ho nyalana le monna ‘ea se nang boitšoaro’ e ka ba ho sireletsehileng hakae?

Empa leha ho le joalo, ba bangata baa iphapanya kapa ba lokafatsa mefokolo e meholo joalo hobane ba batla hore kamano ea bona e atlehe leha ho ka ba joang.

Ho Hlokomoloha

Ke ka baka la’ng ha ba bangata ba hlokomoloha liphoso tsa baratuoa ba bona? Erekaha lefereho le nkuoa ka botebo ke Bakreste ba ’nete—e leng kamoo le tlamehang ho nkuoa kateng—ba bang ba ikutloa ba qobellehile ho nyalana le motho eo ba laetsanang le eena. Ba ka ikutloa ba tšaba ho tobana lifahleho le motho eo ba laetsanang le eena mohlomong ba tšaba ho mo utloisa bohloko. Ba bang ba tšaba hore mohlomong ba ke ke ba fumana e mong eo ba tla kena lenyalong le eena.

Leha ho le joalo, ha ho lebaka leha le le leng ho ana leo e ka bang setšehetso sa ho lelefatsa lefereho le tletseng ka mathata. Ke ’nete, le hoja lipono le maikutlo a ba bang li lokela ho hlomphuoa, u tlameha ho phela ka liphello tsa khetho ea hao ea molekane oa lenyalo. Sepheo sa lefereho ke ho hlahlobisisa hore na ho tla khoneha ho kena lenyalong le motho eo—hase lenyalo ka bolona. Haeba Mokreste a qalisa kamano e joalo ka maikutlo a nang le tšepo, ha a tlas’a tlamo ea ho tsoela pele le kamano haeba e ipaka e fosahetse. Kapa leha e le hore e ka ba bohlale kapa ntho e lerato ho pata lipelaelo tsa hao hore li se tsejoe ke motho ea nahanelang ho kena lenyalong le uena.

Hape, hopola ho na le ba bangata bao e ka bang balekane ba lenyalo phuthehong ea Bokreste—ha a mong feela. Erekaha Bibele e re khothaletsa hore ‘re se ke ra hlokomela litaba tsee e leng tsa rōna feela, empa re hlokomele le tseo e leng tsa ba bang,’ na ho tla be ho sa fosahala ’me hape e le pontšo ea boithati ho lelefatsa kamano e senyehang kahobane feela ‘mohlomong nke ke ka fumana e mong’? (Ba-Filippi 2:4) Kahona ho bohlokoa hore le talimane lifahleho le mathata a lona le le babeli—e seng ho iphoufaletsa ’ona.

‘Mahlo a Hao a be Hloohong

Salomone o itse: “Ea bohlale o na le mahlo a hae hlohong, athe leoatla le tsamaea lefifing.” (Moeklesia 2:14) Ho hlokomoloha mefokolo e totobetseng ea kamano ea lōna ho tšoana le ho tsamaea “lefifing.” Leha ho le joalo, motho ea bohlale ‘mahlo a hae a hlohong’ ’me o bona lintho ka ho hlaka le ka boikemisetso. O nahanela kamoo molekane oa hae oa kamoso a khahlanyetsang litekanyetso tsa Bibele kateng.

Ka mohlala, na ho na le bopaki ba hore mosali eo o tla ikokobetsa, le ho ipaka a tšoaneleha? (Liproverbia 31:10-31) Na ho na le bopaki ba hore monna enoa o tla bontša lerato la ho iketsa sehlabelo le ho ba mofepi ea tšoanelehang? (Ba-Efese 5:28, 29; 1 Timothea 5:8) Motho a ka ’na a ipolella hore ke mohlanka ea chesehang oa Molimo, empa na mesebetsi e pakela tumelo e joalo? (Jakobo 2:17, 18) “Lilemo tse fetileng tse leshome ebile . . . masisapelo feela,” ho boletse mosali e mong e mocha ea ileng a nyalana le monna eo tumelo ea hae e neng e hloka mesebetsi e joalo. “Ke ikutloisitse bohloko ka ho nyalana le motho . . . ea neng a sa rate Jehova joaloka ha ke mo rata.”

Ho etsa lipatlisiso lingoliloeng tsa Bibele sehloohong sa lenyalo ho ka u thusa ho fumana pono ea Molimo litabeng tse tjena. Hape, batsoali ba hao ba ka u thusa ho sheba ka mahlo a mang eo e ka bang molekane oa hao. Mohlankana e mong o hopola sena: “Ke ile ka tlisa ngoanana eo ke ratanang le eena hae ’me ’mè are, ‘Ua tseba ke’ng, nke ke ka bolela ka ho toba hore ha ke rate ngoanana enoa, empa ha ke hlile ha ke fumane hantle hore na ke ngoanana ea joang. Ho bonahala eka ngoanana o na le ntho e itseng eo a e patang.’” Mohlankana a hlokomoloha temoho ena ea ’mè oa hae. Empa hamorao a fumana hore ho ne ho hlile ho na le ntho eo ngoanana enoa a neng a e patile—boitšoaro bo litšila.” ’Mè o na le temoho e tebileng,” o ile a lumela hamorao.

Ho Lokisa Lipelaelo

Ho thula ka hlooho mathata a lona le le babeli ke qalo feela ea litaba. Haeba le se ntse le sebelisitse nako e ngata le maikutlo a mangata kamanong ena ea lōna, le se ke la potlakela ho qhala kamano eo hobane joale le hlokomela hore bobeli ba lōna ha lea phethahala. Bibele e re hopotsa hore “re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Kahona ha ho na molekane ea phethahetseng. (Ba-Roma 3:23) Ka ho sheba litaba ka leihlo la sebele, u ka ’na ua fihla qetong ea hore mefokolo ea motho eo ke eo u tla phela le eona.

Ka lehlakoreng le leng, ho thoe’ng haeba u ke ke ua tseba ho phela le eona? Mohlomong ho qhala kamano e ka ba bohato bo potlakileng. Pele ‘buisanang ka lekunutu’ ka taba ena ’me le leke ho lokisa lipelaelo tsa lōna. (Liproverbia 15:22, NW) Ho buisana ka litaba tsena ho ka senola kamoo lintho li ka le tsamaelang kateng nakong e tlang, ho feta feela hore ho ka senya kamano ea lōna! Lenyalo le atlehileng le hahuoa holim’a ho tšepana. Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e bohlale ho bona haeba le ke ke la thea puisano e tšepahalang pele le kena tlamong ea lenyalo? Letšoao le leng le bontšang kamano ea batho ba hōlileng ke ho tseba ho lokisa mathata.

Haeba bothata ba lōna e le ho omana kamehla, le ka leka ho fumana lebaka le etsang hore le se lumellane. Na ho na liphapang tse khōlō pakeng tsa lōna mabapi le lipheo kapa kamoo le bonang lintho kateng? Kapa, e mpa feela e le ho fosana ka mehopolo? Kapa na e mpa feela e le taba ea ho ithuta ‘ho busa pelo ea lōna’ ho lokisa litaba le khutsitse? (Liproverbia 25:28) Haeba u halefisoa ke botho ba hae bo sa tloaelehang, na o amohela mefokolo ea hae le ho bontša takatso ea ho ntlafatsa? Na ho hlokahala hore u se khopisehe habonolo le ho utloa bohloko habonolo? (Moeklesia 7:9) ‘Ho mamellana ka lerato’ ke mali a bophelo a lenyalo le letle.—Ba-Efese 4:2.

Haeba puisano e hlahisa liphello tsa ho se tsotelle, u se hlokomolohe matšoao a hlakileng a kotsi e ka pele. (Liproverbia 22:3) Ho ka etsahala hore lintho li se ntlafale kamor’a lenyalo. Ho khaotsa lefereho e ka ’na ea e-ba ntho e molemohali bakeng sa lōna ka bobeli. Ka lehlakoreng le leng, ho tobana le mathata a lona ho ka ’na ha fella ka ho rala motheo oa kamano e hōlileng, le e mamellang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe la 12]

a Boemo ke bo tšoanang le tabeng ea qhoebeshano pakeng tsa batho ba leferehong. Phuputso e ’ngoe e senotse hore basali ba 82 ba otloang ke banna ba bona, “ba etsang karolo ea 30 lekholong ba nyetsoe ke motho ea neng a ba otla nakong ea lefereho.”

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 14]

Ho omana kamehla ke pontšo e ’ngoe e matla ea kamano e fosahetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ba bang ba leka ho iphapanya kapa ho lokafatsa mefokolo ea botho e totobetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela