Na Sebaka Seo U Tsoaletsoeng ho Sona se Lokela ho Rera Bolumeli ba Hao?
TSELA eo u buang ka eona le tsela eo u jang ka eona; tsela eo u aparang ka eona le tsela eo u robalang ka eona—e ka itšetleha ka hore na u tsoaletsoe kae. Le hoja mohlomong re sa hlokomele sena, sebaka seo re tsoaletsoeng ho sona se ama bophelo ba rōna bohle, se bōpa litloaelo tsa rōna, monahano oa rōna, le litumelo tsa rōna.
Maria, moahi oa Spain, ke Mok’hatholike ka hobane o tsoaletsoe Spain ea Bok’hatholike. Martin ke Molutere oa Moprotestanta ka hobane o tsoaletsoe Lubeck karolong e ka leboea ea Jeremane. Abdullam o tsoaletsoe Beirut Bophirimela, kahona ke Momoseleme.
Kajeno, batho bana, hammoho le ba bang ba limillione ba tšoanang le bona, ba khomaretse bolumeli ba bona bo sa tšoaneng. ’Nete ke hore hangata bolumeli ba batho bo itšetlehile liketsahalong tsa histori le boemong ba lefatše. Mohlomong ha ba tsebe hore bolumeli ba bona bo ile ba reroa ke ’musi oa lepolotiki lilemong tse makholo tse fetileng.
Ho bile joalo ka Lisette, ea tsoaletsoeng motseng oa Black Forest oa Riphabliki e Kopaneng ea Jeremane. O ile a kolobetsoa e le Molutere ka hobane melokong e mengata e fetileng e mong le e mong karolong eo ea motse oa habo e ne e le mofo ea tšepahalang oa khosana ea Wurttemberg, Moprotestanta. Haeba mohlomong a ne a tsoaletsoe sebakeng se leng ka mose ho tsela, e ka be e le Mok’hatholike ea thata hobane motse oo o ne o busoa ke Mok’hatholike.
Mekoallo ena e iketselitsoeng ea bolumeli e qalile lekholong la bo16 la lilemo nakong ea Nchafatso. Kamor’a moferefere o nkileng nako e telele le pefo ea bolumeli, ho ile ha fihlelloa qetong ea hore khosana ka ’ngoe e tla ahlola hore na ke bolumeli bofe bo tla sebelisoa sebakeng se busoang ke eona. Kahlolo e bile ena, Erekaha batho ba ke ke ba lumellana, morena e moholo o tlameha ho etsa qeto.
Ka bomalimabe baahi ba metse e meng ba ile ba iphumana ba fetola bolumeli ka baka la babusi ba neng ba hlahlamana setulong. Metse e meng ea aroloa ka bolumeli ka baka la moeli oa lebatooa o neng o arola motse.
Hase babusi bohle ba ileng ba kopanela moeeng oo oa Boprotestanta ka mabaka a bolumeli. Henry VIII oa Engelane, eo e kileng ea e-ba mosireletsi ea ka sehloohong oa tumelo ea Bok’hatholike, o ile a halefa ha mopapa a hana ho mo nea lengolo la tlhalo ea mosali oa hae oa pele. Tharollo ea hae ea e-ba bonolo. A khaola selekane le Roma ’me a iketsa hlooho ea Kereke ea Chache, a lebella hore bafo bohle ba pusong ea hae ba etse se tšoanang, ’me ka sebele ha qetella ho le joalo ka ba bangata.
Ka ho tloaelehileng, linaha tsohle li ne li “sokolleloa tumelong e itseng” ke baromuoa ba neng ba hata mehlaleng ea bafalli ba hapileng naha eo. Mexico lilemo tse ’maloa kamor’a hore Spain e hape naha eo, baromuoa ba pele ba mokhatlo oa Franciscan ba fihla naheng. Ba bolela hore ba kolobelitse baahi ba naha ba fetang limillione tse hlano lilemong tse 30 feela, esita le hoja qalehong ba ne ba sa tsebe ho bua lipuo tsa moo. Tšokollo ena ea sechaba e ile ea hlalosoa ke rahistori e mong e le “motsoako o sa tloaelehang oa matla, sehlōhō, bothoto le meharo, e neng e sireletsoa ka limpho le liketso tse mosa.” Ka baka leo mebuso e matla ea Europa ea mehleng eo ea etsa lefatše la eona la bolumeli le la lipolotiki.
Makholong a lilemo pele, ho hlōla ha Mamoseleme Leboea la Afrika, Bochabela bo Hare, le libaka tse khōlō tsa Asia ho entse hore bongata ba batho linaheng tsena ba fetohe Mamoseleme.
Kajeno, mabaka a histori a hlahisitseng likarohano tsa bolumeli har’a batho a batla a lebetsoe; leha ho le joalo batho ba bangata ba khomaretse bolumeli ba sebaka seo ba tsoaletsoeng ho sona. Empa na re lokela ho tlohella feela re sa rere taba ea bolumeli boo re bo “khethang”? Na bolumeli e tlameha ho ba feela taba ea lefa le fetisetsoang ho rōna? Kapa na e tlameha ho ba phello ea qeto e nahannoeng? Ho talima Bokreste lekholong la pele la lilemo ho tla re thusa ho arabela lipotso tsena.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Henry VIII o ile a rera bolumeli ba batho ba limillione