Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 8/8 maq. 5-7
  • Bokreste ba Pele bo ne bo sa Tlohelloa Feela bo sa Reroa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste ba Pele bo ne bo sa Tlohelloa Feela bo sa Reroa
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Pakela “Bafumanehi Moeeng”
  • Tumelo ea Bokreste ha ea Tlohelloa Feela e sa Reroa
  • Bakreste ba Pele le Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bokreste Na Jesu e ne e le Tsela e Isang ho Molimo?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Ha Baa ka ba Nahana ho Sekisetsa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 8/8 maq. 5-7

Bokreste ba Pele bo ne bo sa Tlohelloa Feela bo sa Reroa

LEKHOLONG la pele la lilemo, melimo e ne e le mengata ho ea ka litakatso tsa batho. Ho tloha boseeng ho isa lebitleng, baahi ba Roma ba ne ba itšetlehile ka melimo le melimotsana ho ba thusa le ho ba sireletsa.

Cuba o ne a hlokomela masea a sa tsoa belehoa, ’me Ossipago o ne a tiisa masapo a ngoana e monyenyane. Adeona o ne a tataisa mehato ea hae ea pele, ’me Fabulinus a mo ruta ho bua. Nakong ea ntoa o ne a sireletsoa ke Mars. Ha a kula, Aesculapius o ne a tla mo hlokomela. Ha a shoa, o ne a tla hlokomeloa ke Orcus, molimo oa lefatše le ka tlase.

Motse o mong le o mong o moholo le moloko o mong le o mong o ne o ka itlotlisa ka molimo oa oona, ’me letsatsi le leng le le leng libano li ne li nyeheloa ho moempera oa Roma, ea neng a talingoa e le molimo ea nang le ’mele. Melimo ea Bochabela e ne e atile, ’me litempele tsa eona li ne li hahuoe ka morero oa ho tlotlisa Mithras, Isis, le Osiris. Esita le Bajode, ba neng ba ipolela hore ba rapela Molimo o matla ’ohle o sa bonahaleng, ba ne ba arohane ka mekha e mengata ea bolumeli. Nakong eo ea histori, har’a moferefere oo oa bolumeli, Jesu Kreste a hlaha. A ruta ntho e ’ngoe e ncha: bolumeli bo neng bo tla kopetsa lefatše lohle, bo neng bo ke ke ba thijoa ke likhethollo tsa moloko le bochaba; bolumeli bo theiloeng ’neteng ka Molimo o matla ’ohle, ’nete e neng e ka lokolla batho botlamuoeng ba tumela-khoela le leshano. (Johanne 8:32) Joaloka ha a ile a hlalosetsa Pilato: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Johanne 18:37) O ile a phethahatsa joang mosebetsi ona o moholo?

Ho Pakela “Bafumanehi Moeeng”

Ho hlokomelehile hore ho na le mekhoa e ’meli e meholo ea ho sokollela batho ba bangata tumelong e itseng. Mokhoa o mong ke ho fana ka evangeli ho batho le ho phahamisa mosebetsi har’a batho feela ba tloaelehileng. O mong ke ho toba batho ba hlomphehang, esita le baokameli, ’me ho tsoa ho bona evangeli e theoleloe tlase ho batho ka taelo le ka matla a bona. Mokhoa ona oa bobeli, o ratoang haholo ke likereke tsa K’hatholike, Boprotestanta, le Boorthodox, ha oa ka oa nahanoa ke Jesu le balateli ba hae.

Ho tloha tšimolohong ea tšebeletso ea hae ea phatlalatsa, Jesu o hlalositse hore o ne a tla tobisa tlhokomelo ea hae ho “bafumanehi moeeng” kapa ka puo e tobileng “mekopakopa ea moea.” Bana e ne e le batho ba Ikokobelitseng le ba lapetseng ho loka, ba neng “ba le seli ka litlhoko tsa bona tsa moea.”—Mattheu 5:3, King James Version; New World Translation Reference Bible, mongolo o botlaseng ba leqephe.

Ka baka leo, kamor’a hore baapostola ba Jesu ba khutle phutuhong ea bona ea boboleli, Kreste a re: “Kea u rorisa, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, hobane taba tsena u li patetse ba bohlale le ba masene, ’me u li koaholletse ba banyenyane.” (Mattheu 11:25) Mosebetsi o moholo oa boboleli ba hae o ile oa etsoa Galilea, naha ea batšoasi ba lihlapi le balemi ba masimo ba ikokobelitseng, ho e-na le Judea, moo e neng e le qhobosheane ea Bafarisi le Bajode ba maemo a phahameng.

Jesu ka boeena e ne e le Monazaretha, motse o patehileng oo ho seng mohla o kileng oa hlahisa motho oa bohlokoa ea phahameng. “Na ntho e molemo e ka tsoa Nazaretha na?” ha botsa Nathaniele. (Johanne 1:47) Empa seo a ileng a se utloa le ho se bona sa mo nolofaletsa ho hlōla leeme lena la tulo ea bona kahobane o ne a e-na le kelello e bulehileng. Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba baikhohomosi ka boikakaso ba re: “Ke mang ho baholo le bafarisi ea lumetseng ho eena?”—Johanne 7:48.

Tumelo ea Bokreste ha ea Tlohelloa Feela e sa Reroa

Sepheo sa Jesu e ne e le ho finyella pelo le ho kholisa kelello. O ile a ruta barutuoa ba hae ho batla batho ba tšoanelehang le ho lula matlung a bao ka nako e telele ka ho lekaneng hore ba fetohe balumeli ba tšepahalang—haeba ba ne ba lakatsa joalo. Basamaria ba bang ba ileng ba mamela thuto ea Kreste ba re: “Hobane re ikutloetse, ’me rea tseba hobane enoa ke Kreste ruri, ’Moloki oa lefatše.”—Johanne 4:42.

Motho ka mong ea neng a sokolohela Bokresteng o ne a lokela ho iketsetsa qeto e nahannoeng hantle kamor’a hore a mamele le ho nahanisisa ka seo a se utloileng. O ne a tlameha ho kholiseha ka ho tiileng hobane o ne a tla tobana le khanyetso. Barutuoa bohle ba pele ba ile ba lelekoa synagogeng, ho bolelang hore ba ne ba qheloa ke batho ba motse oa bona.

Ho feta moo, morutuoa ka mong o ne a ikutloa a tlameha ho sireletsa tumelo ea hae e ncha le ho e abelana le ba bang. Celsus, moahloli oa Bokreste oa lekholong la bobeli la lilemo, o ile a soma haholo taba ea hore “basebeletsi, baetsi ba lieta, balemi, le batho ba nyatsehang haholo ka ho hloka tsebo, ebe baboleli ba mafolofolo ba Evangeli.”—Bapisa Johanne 9:24-34.

Mokhoa ’ona oa ho sokollela batho tumelong, hammoho le mafolofolo a ba sokolotsoeng, o ile oa potlakisa ho nama ha Bokreste. Kapelepele Bokreste ba fetoha bolumeli ba machaba e seng feela ba lebatooa le itseng. Ka ho toba Jesu o ne a ile a bolella balateli ba hae ho bolela “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.

Ke ’nete, barutuoa ba pele e ne e le Bajode, le basokolohi ba pele ba ne ba le har’a Bajode, ho ea ka morero oa Molimo. Jerusalema ea fetoha setsi seo baapostola ba kopanelang ho sona ho tataisa kereke e ncha. Ka baka la sena, Bakreste hangata ba ne ba buuoa hampe, ba nkoa e le Bajode ke batho ba lekholo la pele la lilemo, esita le hoja Bajode e ne e le bona bahlorisi ba baholo ba Bakreste. ’Me rahistori e mong oa Moroma o hlalositse Bokreste e le tumelakhoela e mpe.

Pele Petrose a kolobetsa motho oa pele eo e neng e se Mojode, o itse: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Ka baka leo, cheseho ea Bakreste, e neng e hlohleletsoa ke tumelo e sa sisinyeheng, ea etsa hore ba ise molaetsa oa Kreste libakeng tsohle tse tlas’a ’Muso oa Roma. Tlhoriso ha ea ka ea felisa Bakreste bana, ’me ba bangata ba ile ba shoa ka hobane ba ne ba hana ho latela tumelo ena eo ba ikhethetseng eona. Cheseho ea bona le boinehelo ba bona li ahlola boiphapanyo ba Bokreste-’mōtoana ba lekholong la bo20 la lilemo.

Na ho ka etsahala hore cheseho eo e-ea haella ka hobane e le batho ba ’maloa haholo ba ikhethetseng tumelo ea bona? Haeba u hlile u tsotella ka bolumeli, ke ka baka la’ng ha u sa nahanisise ka botebo sehlooho se latelang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Roma oa boholo-holo e ne e rapela melimo e mengata, joaloka Mars, molimo oa ntoa; Jupiter, molimo e moholo oa Roma; le Aesculapius, molimo oa meriana

Mars

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Setšoantšo Polokelong ea Mansell

Jupiter

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Setšoantšo se leng Ntlong ea Polokelo ea Brithani

Aesculapius

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Setšoantšo se leng Ntlong ea Polokelo ea Liepolloa, Athene

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela