Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 3/8 maq. 21-23
  • Ke Eng se Bakang Mathata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Bakang Mathata?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea Etsang Liqeto?
  • Taba ea Boinotši
  • Ho Sebelisana le Bana
  • Ho Batla Lerato
  • Phetoho ea Tšohanyetso
  • Ho Thabela Kamano e Mofuthu le Bo-matsale
    Tsoha!—1990
  • Ho Hlokomela ba Hōlileng—Liphephetso le Meputso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla
    Tsoha!—1991
  • Karolo ea Mosali ka Mangolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 3/8 maq. 21-23

Ke Eng se Bakang Mathata?

‘‘LETSOAI le lengata haholo ha le ea lokela lelapa!” ho bolela ’mè. “Empa lijo tsena li bosula ebile ha li na tatso!” ho rialo ngoetsi ka ho phehella. O tšela letsoai hape ha matsale a furalla.

Ka hore e mong le e mong a leke tsela ea hae, ka bobeli ba qetella ba ja lijo tseo le ea mong oa bona a sa li thabeleng. Empa liphello e ka ba tse tebileng ho feta moo. Khohlano le bo-matsale e ka lebisa bothateng ba kelello le maikutlo bo ka tšoarellang lilemo tse ngata.

Ho ba bangata, bothata bona bo bonahala bo ke ke ba qojoa. “Ho sa tsotellehe hore na lelapa le bonahala le tsoela pele hakae ka kutloano, khohlano e tla ’ne e be teng mahareng a ’mè le ngoetsi ea hae,” ho ngola Ngaka Shigeta Saito, molula-setulo oa Mokhatlo oa Sepetlele sa Mafu a Hlooho Japane. Empa bothata bona hase ba linaheng tsa Bochabela feela.

Mongolli oa Tsoha! Italy o tlaleha hore “moetlo oa ho nyala le ho lula le batsoali ba mosali kapa monna o bakile mathata malapeng a mangata, ’me basali ba bacha ba utloa bohloko ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha matsale le boikutlo ba hae ba bolaoli.”

Linaheng tsa Bochabela le tsa Bophirima, likoranta le limakasine li tletse keletso ea botho ka bothata ba bo-matsale. Joale, ke eng se bakang mathata aa?

Ke Mang ea Etsang Liqeto?

Ha basali ba babeli ba arolelana kichine, hangata qaka ke hore: Ke mang ea etsang liqeto? “Tatso ea rōna le mekhoa lia fapana, ’me ke ne ke halefa ha ho hlaha bothata,” ho boletse mosali e mong ea lutseng le matsal’ae ho feta lilemo tse 12.

“Ka lilemo tsa pele tse leshome, re ile ra loanela lintho tse sa reng letho,” ho lumetse ngoetsi e ’ngoe. Ho se lumellane ho ka bakoa ke lintho tseo e seng tsa bohlokoa joaloka ho aneha lihempe terateng. Esita le haeba basali ba sa lule ka tlung e le ’ngoe, boemo e ka bo khathatsang. Lipuo tsa matsale ea etileng tse kang, “Mora oa ka ha a rate nama e phehiloeng joalo,” li ka fella ka maikutlo a bohloko ka nako e telele. Ho itšetlehile ka hore na ke mang ea etsang liqeto le hore na o li etsetsa mang.

Ha Takako Sodei, motlatsi oa moprofesa oa thuto ea lelapa Univesithing ea Basali ea Ochanomizu a qolla ntlha ena, o re: “Ebang motho o lula le mora le ngoetsi kapa morali le mokhoenyana, ho thata hore lelapa le tšehetse basali ba babeli ba phehisanang bakeng sa bolaoli. Ho hlokahala hore ho be le matlo a arohaneng kapa ho fetola boemo hore e mong e be mong’a lelapa la pele le hore e mong e be mong’a lelapa la bobeli.” Meloko ena e ’meli e lokela ho fihlela tumellano e utloahalang e theiloeng boemong ba kelello le ’mele ba motho e moholoanyane ea nang le phihlelo, kapa ea se nang phihlelo, e monyenyane.

Taba ea Boinotši

Ha meloko e ’meli kapa ho feta e lula tlung e le ’ngoe, litho tsa lelapa li lokela ho tela lintho ka tekanyo e itseng. Leha ho le joalo, ho ka etsahala tabeng ena setho ka seng se na le litekanyetso tse fapaneng. Banyalani ba bacha ba ka ’na ba batla nako ea boinotši, ha motsoali ea hōlileng a laba-labela botsoalle bo eketsehileng.

Ka mohlala, ngoetsi e lulang haufi le Tokyo e ile ea ikutloa hore matsal’a eona o itšunya boinotšing ba bona. Joang? Ka ho nka liphahlo tsa hae le tsa monna, ho li mena, le ho li beha. O ne a ikutloa hore ha hoa loka hore matsal’ae a mo etsetse lintho tsena tsa botho. Ka lehlakoreng le leng, matsal’ae, Tokiko, o ile a nyahama ha ngoetsi ea hae e ne e hloekisa ntlo ’me e lahla lintho tseo Tokiko a neng a li rata ka lilemo.

Ho itšunya-tšunya boinotšing ba ba bang ho ka fetella haholo. Tom le mosali oa hae, ba neng ba hlokomela ’mè oa Tom ea tsofetseng, ba ile ba tšoenngoa ke ho kena ha hae ka kamoreng ea bona har’a bosiu. Lebaka la hoo e ne e le lefe? “Ke ne ke batla ho bona haeba Tom o ntse a phela hantle,” ho boletse ’mè eo. Bothata ha boa ka ba rarolloa ho fihlela ba fallela ntlong e mekato e ’meli ’me ’mè a thibeloa hore a se nyolohele ntlong e ka holimo.

Leha ho le joalo, malapeng a mangata, ke nakong eo ho fihlang moloko oa boraro moo mathata a eketsehang.

Ho Sebelisana le Bana

Mehleng ea joale, ke ntho e tloaelehileng ho basali ba bacha ho batla keletso libukeng tse fapaneng bakeng sa tlhokomelo ea bana. Ka lehlakoreng le leng, nkhono ea nang le phihlelo ea ho hōlisa bana, ka tlhaho o ikutloa hore ke eena ea tšoanelehang bakeng sa ho fana ka keletso. Leha ho le joalo, hangata keletso e talingoa e le ho nyatsa, ’me phello e ba ntoa.

Takako o ile a tlameha ho sebetsana le bothata bona ha a shapa mora oa hae e monyenyane. Matsal’ae le nkhon’oae ba ile ba ikakhela ka kamoreng ho mo thiba, ba hoeletsa ho feta ngoana ea llang. Takako a ikutloa a tšohile, o ile tlohela ho shapa mora oa hae. Hamorao, ha a elelloa bohlokoa ba taeo, o ile a etsa qeto ea ho qalisa taeo e joalo hape.—Liproverbia 23:13; Ba-Heberu 12:11.

Mosali e mong ea lulang Yokohama o ile a qabana le matsal’ae ka mor’a ho fumana bana. ’Mè o ne a tenehile ha nkhono a neha bana likuku le lipompong pele ho lijo hoo ba neng ba khotše ha ba lokela ho ja.

Ha Ngaka Saito a bua ka bothata bona o re: “[Batsoali ba hōlileng] ba neha litloholo tsa bona lipompong le chelete. Ba kenya boikutlo ba bona ba boithati ho bana. Ka bokhutšoane, ba tetesa litloholo tsa bona ka ho sa feleng.” O eletsa hore basali ba bacha ba hlakise hore ba ke ke ba sekisetsa tabeng ea ho koetlisa ngoana.

Ho Batla Lerato

Khohlanong ena ea bo-matsale le lingoetsi, ho na le ntho e ’ngoe e sa utloahaleng. Ngaka Saito oa hlalosa: “Ha re bua ka kelello, ’mè o ikutloa hore ngoetsi e mo nketse mora oa hae. Ha e le hantle, ha a bue taba ena ka molomo, kaha seo e le bongoana. Empa khopolo ea ho amohuoa lerato la mora oa hae e tebile ho eena.” Phello e ba kamano e senyehileng, haeba e se bora mahareng a bona ba le babeli.

Ho bonahala tloaelo ena e ba matla ha lelapa le fokotseha. Haeba ho na le bana ba ’maloa ba lokelang ho hlokomeloa, ’mè o ikutloa a le haufi haholoanyane le mora oa hae. Ka mor’a nako e telele a lula le mora oa hae, o tseba hantle seo a se ratang le seo a sa se rateng. Le hoja mosali e mocha a laba-labela ho thabisa monna oa hae, o haelloa ke tsebo ena, empa bonyane ka lekhetlo la pele. Kahoo moea oa bora o ka hōla habonolo ha ’mè le ngoetsi ba batla lerato la monna a le mong.

Phetoho ea Tšohanyetso

Mehleng ea boholo-holo Japane tlas’a filosofi ea Confucius, ha khohlano e joalo ea lelapa e ne e hlaha, ngoetsi e ne e tlama thoto—e ne e hlaloa. E ne e le ho fela ha taba. Leha ho le joalo, kajeno boemo bo fapane.

Ho tloha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, moloko o mocha ke ona o laolang litaba tsa lehae, ’me moloko oa khale o lahleheloa ke tšusumetso ea ona le matla. Butle-butle boemo bo fetohile. Hona joale batsoali ba hōlileng ba lahloa lipetlele le mekhatlong ea tlhokomelo ea maqheku. Ke ho utloisang bohloko hakaakang ho bona seoa sena se hlasela moo tlhompho ho batho ba hōlileng e kileng ea e-ba ntho e tloaelehileng!

Tloaelo ea ho lahla batsoali ba hōlileng e ka lokisoa joang? Na ho na le tsela leha e le efe ea hore basali ba babeli ba lule ka khotso ka tlung e le ’ngoe?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho lokela ho fihleloa tumellano e loketseng hore na ke mang ea tlamehang ho etsa liqeto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela